Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w18 January leq. 32
  • Re U Lome Tsebe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re U Lome Tsebe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bonang! Mohlanka eo Jehova a mo Amohetseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • “Molao oa Jehova o Phethahetse”
    Atamela ho Jehova
  • “Mokhethoa oa ka, eo Moea oa ka o mo Amohetseng!”
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
w18 January leq. 32

Re U Lome Tsebe?

Na melao-motheo e hlahang Molaong oa Moshe e ne e sebelisoa ho rarolla liqabang tse neng li hlaha pakeng tsa Baiseraele?

KA LINAKO tse ling. Mohlala, Deuteronoma 24:14, 15 e re: “U se ke ua etsa bolotsana ho mosebetsi ea hiriloeng ea khathatsong le ea futsanehileng, ebang ke oa barab’eno kapa oa bajaki ba leng naheng ea heno . . . e le hore a se ke a hoeletsa ho Jehova khahlanong le uena, ’me ea e-ba sebe ho uena.”

Nkho ea letsopa

Nkho ea letsopa eo ho eona ho neng ho ngotsoe kopo ea motho ea sebetsang masimong

Tlaleho ea boipiletso nyeoeng e ’ngoe e fumanoe pel’a Ashdode ’me eona e ngotsoe lilemong tsa bo-601 ho ea ho 700 pele ho mehla ea Jesu. Ho ne ho e-na le tokomane e ngoletsoeng holim’a nkho ea letsopa eo mohlomong e neng e ngotsoe ke mosebetsi ea hlolehileng ho phetha mosebetsi oa hae. E ne e re: “Ka mor’a hore mohlanka oa hao a qete ho beha lijo-thollo tse kotutsoeng, Hoshayahu mor’a Shobay o ile a tla a nka seaparo sa mohlanka oa hao. . . Basebetsi-’moho le ’na bao ke neng ke kotula le bona har’a lebatama la letsatsi ba ka mpakela hore . . . taba eo ke e buileng ke ’nete. Ha ke na molato . . . Haeba morena a sa bone ho hlokahala hore seaparo sa ka se khutlisoe, ke kopa a nkhauhele. Ha oa lokela ho thola ha mohlanka oa hao a nketsoe seaparo.”

Rahistori Simon Schama o re boipiletso bona “bo bua le rona ka taba e fetang feela ea mosebetsi ea batlang seaparo sa hae. Bo fana ka maikutlo a hore mosebetsi enoa o ne a tseba molao oa Bibele haholo-holo o hlahang ho Levitike le Deuteronoma o khahlanong le tšoaro e mpe ea basebetsi ba futsanehileng.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela