Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gm khao. 4 maq. 37-54
  • “Testamente ea Khale” e ka Lumeloa Hakae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Testamente ea Khale” e ka Lumeloa Hakae?
  • Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlhahlobisiso e Phahameng—E ka Tšeptjoa Hakae?
  • Na ho Epolloa ha Lintho Tsa Khale ho Tšehetsa Bibele?
  • Bopaki bo Bong bo Tšehetsang
  • Ho oa ha Jeriko
  • Mefokolo ea ho Epolloa ha Lintho Tsa Khale
  • Bibele ke Histori ea Sebele
  • Ntoa ea Jeriko—Tšōmo kapa ’Nete?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Thuto ea 9—Thuto ea ho Epolloa ha Lintho Tsa Khale le Tlaleho e Bululetsoeng
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • “Testamente e Ncha”—Histori Kapa Tšōmo?
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
Bala Tse Ling
Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
gm khao. 4 maq. 37-54

Khaolo 4

“Testamente ea Khale” e ka Lumeloa Hakae?

Likhaolong tse seng kae tse latelang, re tla tšohla likhang tse ling tse entsoeng ke bahlahlobisisi ba kajeno khahlanong le Bibele. Ba bang ba pheha khang ea hore Bibele e-ea ikhanyetsa le hore “ha e lumellane le mahlale,” ’me liqoso tsena li tla hlahlojoa hamorao. Empa pele, nahana ka khang e atisang ho etsoa ea hore Bibele hase letho haese pokello ea litšōmo le likhopolo-taba. Na bahanyetsi ba Bibele ba na le mabaka a tiileng a ho nyatsa joalo? Taba ea pele, a re talimeng Mangolo a Seheberu, ao ho thoeng ke Testamente ea Khale.

1, 2. Ho thibelloa ha Jeriko ho ne ho le joang, ’me ho phahamisoa lipotso life mabapi le hona?

MOTSE o mong oa boholo-holo o thibelletsoe. Batho ba o hlaselang ba tšetse Nōka ea Jordane e le letšoele ’me joale ba hlomme litente pel’a marako a motse a phahameng. Empa maqiti a bona a ntoa ke a makatsang hakaakang! Ka nako ea matsatsi a tšeletseng, lebotho le hlaselang le ile la pota motse letsatsi le leng le le leng, le khutsitse haese sehlopha sa baprista ba tsamaeang le lona ba letsang literompeta. Joale, letsatsing la bosupa, lebotho leo le pota motse le ntse le khutsitse ka makhetlo a supileng. Hang-hang, baprista ba letsa literompeta tsa bona ka matla ’ohle a bona. Khutso ea lebotho e felisoa ke mohoo oa lona oa ntoa o matla, ’me marako a motse a phahameng aa heleha ’me ho qōba lerōle le leholo, a siea motse o se na tšireletseho.—Joshua 6:1-21.

2 Ke kamoo buka ea Joshua, buka ea botšelela Mangolong a Seheberu, e hlalosang ho oa ha Jeriko ho etsahetseng hoo e ka bang lilemong tse 3 500 tse fetileng. Empa na kannete hoo ho ile ha etsahala? Ka kholiseho bahlahlobisisi ba bangata ba phahameng ba ne ba tla arabela ka che.a Ba bolela hore buka ea Joshua, hammoho le libuka tse hlano tsa Bibele tse tlang pele ho eona, li entsoe ka likhopolo-taba tse ngotsoeng makholo a mangata a lilemo ka mor’a liketsahalo tseo ho thoeng li ile tsa etsahala. Baepolli ba bangata ba lintho tsa khale le bona ba ne ba tla arabela ka che. Ho ea ka bona, ha Baiseraele ba e-tla naheng ea Kanana, e ka ’na eaba Jeriko e ne e se e bile e le sieo.

3. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho buisana ka hore na e be Bibele e tšoere histori ea ’nete kapa che?

3 Tsena ke liqoso tse tebileng. Ha u ntse u bala Bibele, u tla hlokomela hore lithuto tsa eona li amana le histori ka ho tiileng. Molimo o sebetsana le banna, basali, malapa, le lichaba tsa sebele, ’me litaelo tsa oona li nehiloe batho ba kileng ba e-ba teng historing. Litsebi tsa kajeno tse belaellang hore Bibele e na le histori ea ’nete li boetse li belaella bohlokoa ba molaetsa oa eona le botšepehi ba oona. Haeba kannete Bibele ke Lentsoe la Molimo, joale e tlameha e be histori ea eona e-ea tšepahala le hore ha e-ea tšoara likhopolo-taba le litšōmo feela. Na bahlahlobisisi baa ba na le mabaka a ho belaella bonnete ba eona historing?

Tlhahlobisiso e Phahameng—E ka Tšeptjoa Hakae?

4-6. Lithuto tse ling tse inahanetsoeng tsa tlhahlobisiso e phahameng ea Wellhausen ke life?

4 Tlhahlobisiso e phahameng ea Bibele e qalile ho etsoa ka matla lekholong la bo18 le la bo19 la lilemo. Halofong e qetellang ea lekholo la bo19 la lilemo, mohlahlobisisi oa Bibele oa Lejeremane Julius Wellhausen o ile a jala thuto ea hore libuka tsa pele tse tšeletseng tsa Bibele, ho akarelletsa Joshua, li ngotsoe lekholong la bohlano la lilemo B.C.E.—hoo e ka bang lilemo tse sekete ka mor’a liketsahalo tse hlalosoang moo. Empa, o ile a bolela hore li tšoere boitsebiso bo ileng ba ngoloa pejana.⁠1 Thuto ena e ile ea hatisoa khatisong ea bo11 ea Encyclopædia Britannica, e hatisitsoeng ka 1911, e ileng ea hlalosa: “Genese ke e ’ngoe ea lingoliloeng tsa ka mor’a nako ea botlamuoa tseo mohloli oa tsona e leng baprista ba nakong ea ka mor’a botlamuoa (P) le mehloli ea pejana eo e seng ea baprista e fapaneng haholo le P ka puo, mokhoa oa ho ngola le pono ea litaba tsa bolumeli.”

5 Wellhausen le balateli ba hae ba ne ba talima histori eohle e tlalehiloeng karolong ea pelenyana ea Mangolo a Seheberu “e se histori ea sebele, empa e le lineano tse tloaelehileng tsa nakong e fetileng.”⁠2 Ho ne ho nahanoa hore litlaleho tsa pejana li mpa li senola histori e tlang ea Iseraele. Ka mohlala, ho ne ho boleloa hore bora bo neng bo le pakeng tsa Jakobo le Esau ha boa ka ba hla ba e-ba teng, empa bo ne bo senola bora bo neng bo tla ba pakeng tsa sechaba sa Iseraele le sa Edomo hamorao.

6 Tumellanong le sena, bahlahlobisisi bana ba ne ba ikutloa hore ha ho mohla Moshe a kileng a amohela taelo ea ho etsa areka ea selekane le hore ha ho mohla tabernakele, setsi sa borapeli ba Baiseraele feelleng, e kileng ea e-ba teng. Hape ba ne ba lumela hore matla a boprista ba Aarone a pakiloe ka botlalo lilemong tse seng kae feela pele Jerusalema e timetsoa ke Bababylona, e leng seo bahlahlobisisi ba neng ba lumela hore se etsahetse qalong ea lekholo la botšelela la lilemo B.C.E.⁠3

7, 8. Wellhausen o ne a e-na le “bopaki” bofe bakeng sa lithuto tsa hae tse inahanetsoeng, hona na bo ne bo utloahala?

7 Ba ne ba e-na le “bopaki” bofe bakeng sa likhopolo tsee? Bahlahlobisisi ba phahameng ba bolela hore ba khona ho arola taba e ngotsoeng libukeng tsa pele tsa Bibele ho e etsa litokomane tse ’maloa tse fapaneng. Molao-motheo oa mantlha oo ba o sebelisang ke ho hakanya hore, ha ho akaretsoa taba, temana leha e le efe ea Bibele e ikemetseng e sebelisang lentsoe la Seheberu bakeng sa Molimo (’Elo·himʹ) e ngotsoe ke sengoli se le seng, empa temana leha e le efe e bitsang Molimo ka lebitso la oona, Jehova, e tlameha e be e ngotsoe ke sengoli se seng—joalokaha eka sengoli se le seng se ne se ke ke sa sebelisa mantsoe ao ka bobeli.⁠4

8 Ka ho tšoanang, haeba ketsahalo e itseng e tlalehiloe bukeng ka makhetlo a fetang le le leng, hoo ho nkoa e le bopaki ba hore ho ngotse lingoli tse fetang se le seng, esita le hoja libuka tsa boholo-holo tsa Bashema li e-na le mehlala e meng e tšoanang ea ho pheta-pheta. Ho phaella moo, ho hakanngoa hore phetoho leha e le efe ea mokhoa oa ho ngola e bolela sengoli se fapaneng. Empa, esita le lingoli tsa lipuo tsa kajeno li atisa ho ngola ka mekhoa e fapaneng ha li le maemong a fapaneng mesebetsing ea tsona, kapa ha li sebetsana le taba e fapaneng.b

9-11. Mefokolo e meng e totobetseng ea tlhahlobisiso e phahameng ea kajeno ke efe?

9 Na ho na le bopaki leha e le bofe ba sebele bakeng sa lithuto tsee tse inahaneloang? Che. Mohlalosi e mong o boletse: “Tlhahlobisiso, esita le ha e etsoa hamolemo ka ho fetisisa, ha e na bopaki bo lekaneng e bile ha e-ea tsitsa, ke ntho eo ka mehla e ka ’nang ea fetoloa kapa ha pakoa hore e fosahetse ’me ea lokela ho nkeloa sebaka ka ntho e ’ngoe e itseng. Ke lenaneo la bohlalefi, le pepeselitsoeng lipelaelo le likhakanyo tsohle tse atisang ho ba teng mananeong a joalo.”⁠5 Tlhahlobisiso e phahameng ea Bibele, haholo-holo, ke “e se nang bopaki bo lekaneng le e sa tsitsang” haholo.

10 Gleason L. Archer, E monyenyane, o bontša bofokoli bo bong ba monahano oa tlhahlobisiso e phahameng. O bolela hore, bothata ke hore “sekolo sa Wellhausen se qalile ka khakanyo feela (eo ba sa kang ba itšoenya le ho e paka) ea hore bolumeli ba Iseraele bo simolohile ho batho feela joaloka a mang kaofela, le hore bo ne bo lokela ho hlalosoa feela e le tholoana ea ho iphetola hoa lintho.”⁠6 Ka mantsoe a mang, Wellhausen le balateli ba hae ba qalile ba e-na le khakanyo ea hore Bibele e mpa feela e le lentsoe la motho, eaba ba beha mabaka a bona motheong oo.

11 Morao koana ka 1909, The Jewish Encyclopedia e ile ea hlokomela mefokolo e meng e ’meli ea thuto e inahaneloang ea Wellhausen: “Likhang tseo Wellhausen a seng a batla a hapile sehlopha sohle sa bahlahlobisisi ba Bibele ba mehleng ea hae ka tsona li theiloe likhakanyong tse peli: ea pele ke hore moetlo o fetoha o khahlehang haholoanyane ha bolumeli bo ntse bo tsoela pele; ea bobeli, ke hore mehloli ea pejana e hlile e sebetsana le mehato eo tsoelo-pele ea moetlo e fetileng ho eona pejana. Khakanyo ea pele e loantšana le bopaki ba mekhoa ea lichaba tsa khale, ’me ea bobeli ha e tšehetsoe ke melao ea meetlo e kang ea India.”

12. Tlhahlobisiso e phahameng ea kajeno e hlaha joang ponong ea litaba ea ho epolloa ha lintho tsa khale?

12 Na ho na le tsela leha e le efe ea ho hlahloba tlhahlobisiso e phahameng ho bona hore na lithuto tsa eona tse inahaneloang li nepahetse kapa che? The Jewish Encyclopedia e ile ea tsoela pele ho re: “Maikutlo a Wellhausen a batla a theiloe ka ho felletseng holim’a ho qanolla taba kamoo e leng kateng, ’me a tla hloka ho tšehetsoa ke tlhahlobo ea pono e ’ngoe ea litaba ea mokhatlo oa ho epolloa ha lintho tsa khale.” Ha lilemo li ntse li e-ea, na ho epolloa ha lintho tsa khale ho ile ha tiisa lithuto tse inahaneloang tsa Wellhausen? The New Encyclopædia Britannica e-ea arabela: “Tlhahlobisiso ea baepolli ba lintho tsa khale e ile ea sekamela ho tiisa hore lintlha tseo e hlileng e leng tsa histori ea mehleng ea khale ka ho fetisisa [tsa histori ea Bibele] li ka tšeptjoa le ho qhela thuto e inahaneloang ea hore litlaleho tsa Pentateuch [litlaleho tsa histori tse libukeng tsa khale ka ho fetisisa tsa Bibele] e mpa e le tšenolo ea nako e neng e tla tla hamorao.”

13, 14. Ho sa tsotellehe metheo ea eona e sa tsitsang, ke hobane’ng ha tlhahlobisiso e phahameng ea Wellhausen e ntse e amoheloa ka ho pharalletseng?

13 Ha re talima bofokoli ba eona, ke hobane’ng ha tlhahlobisiso e phahameng e ratoa ke bahlalefi hakaale kajeno? Hobane e ba bolella lintho tseo ba batlang ho li utloa. Setsebi se seng sa lekholong la bo19 la lilemo se hlalositse: “’Na ka bonna, ke ile ka thabela buka ena ea Wellhausen ho feta hoo e batlang e le tse ling kaofela; hobane ho ’na ho ne ho bonahala hore bothata bo boima ba histori ea Testamente ea Khale bo qetella bo rarollotsoe ka mokhoa o lumellanang le molao-motheo oa thuto ea batho ea ho iphetola ha lintho eo ke tlamehang ho e sebelisa historing eohle ea bolumeli.”⁠7 Ka ho totobetseng, tlhahlobisiso e phahameng e ne e lumellana le maikutlo a hae a leeme joaloka motho ea lumelang ho iphetola ha lintho. ’Me, ka sebele, lithuto tseo tse peli tse inahaneloang li na le sepheo se tšoanang. Feela joalokaha thuto ea ho iphetola ha lintho e ne e tla etsa hore ho se be le tlhokahalo ea ho lumela ho ’Mōpi, kahoo tlhahlobisiso e phahameng ea Wellhausen e ne e tla bolela hore ha ho hlokahale hore motho a lumele hore Bibele e bululetsoe ke Molimo.

14 Lekholong lena la bo20 la lilemo la batho ba itšetlehileng feela ka matla a kelello a ho inahanela lintho, khakanyo ea hore Bibele hase Lentsoe la Molimo empa ke la motho e bonahala e le e khahlang bahlalefi.c Ho bobebe haholo ho bona ho lumela hore boprofeta bo ngotsoe ka mor’a hore bo phethahatsoe ho feta ho bo amohela e le ba ’nete. Ba khetha ho hlalosa litlaleho tsa Bibele tsa mehlolo e le litšōmo, likhopolo-taba, kapa lipale tsa ba-re-e-ne-re, ho e-na le ho nahana ka monyetla oa hore kannete li etsahetse. Empa pono ea litaba e joalo ke e leeme ’me ha e fane ka lebaka le tiileng la ho hana hore Bibele ke ’nete. Tlhahlobisiso e phahameng e na le bofokoli bo tebileng, ’me ho hlasela ha eona Bibele ho hlōlehile ho paka hore Bibele hase Lentsoe la Molimo.

Na ho Epolloa ha Lintho Tsa Khale ho Tšehetsa Bibele?

15, 16. Ke boteng ba ’musi ofe oa boholo-holo ea boletsoeng ka Bibeleng bo tiisitsoeng ke ho epolloa ha lintho tsa khale?

15 Ho epolloa ha lintho tsa khale ke karolo ea thuto e nang le motheo o tiileng haholoanyane ho feta tlhahlobisiso e phahameng. Baepolli ba lintho tsa khale, ka ho cheka har’a mesaletsa ea tsoelo-pele ea nako e fetileng, ka litsela tse ngata ba ekelitse kutloisiso ea rōna ea tsela eo lintho li neng li le ka eona mehleng ea boholo-holo. Kahoo, ha ho makatse hore e be ka makhetlo-khetlo tlaleho ea baepolli ba lintho tsa khale e lumellana le seo re se balang ka Bibeleng. Ka linako tse ling, ho epolloa ha lintho tsa khale ho bile ho tšehelitse Bibele khahlanong le bahlahlobisisi ba eona ba batlang liphoso.

16 Ka mohlala, ho latela buka ea Daniele, ’musi oa ho qetela oa Babylona pele e oela ho Bapersia o ne a bitsoa Belshatsare. (Daniele 5:1-30) Kaha ho ne ho bonahala ho se moo ho buuoang ka Belshatsare ka ntle ho Bibele, ho ile ha phehoa khang ea hore Bibele e ne e fositse le hore ha ho mohla monna enoa a kileng a ba teng. Empa lekholong la bo19 la lilemo, ho ile ha sibolloa meqomo e menyenyane ea letsopa e ’maloa e ngotsoeng ka mongolo o kang lichesele lithakong tsa Iraq boroa. Ho ile ha fumanoa hore e akarelletsa thapelo bakeng sa bophelo ba mora e moholo oa Nabonidus, morena oa Babylona. Lebitso la mora eo e ne e le mang? Belshatsare.

17. Re ka hlalosa joang ’nete ea hore Bibele e bitsa Belshatsare morena, empa mengolo e mengata e ’mitsa khosana?

17 Kahoo Belshatsare o kile a ba teng! Empa, na e ne e le morena ha Babylona e e-oa? Litokomane tse ngata tse ileng tsa fumanoa hamorao li ne li bua ka eena e le mora oa morena, khosana e khōlō. Empa tokomane e nang le mongolo o kang lichesele e hlalosoang e le “Temana ea Tlaleho ea Nabonidus” e ile ea chabisa leseli le eketsehileng boemong ba ’nete ba Belshatsare. E ile ea tlaleha: “[Nabonidus] o ile a fana ka ‘Kampo’ ho (mora) oa hae e moholo, letsibolo, o ile a laela hore mabotho a neng a le hohle ka har’a naha a be tlas’a (taolo) ea hae. O ile a fana ka (ntho e ’ngoe le e ’ngoe), a mo fa borena.”⁠8 Kahoo Belshatsare o ile a fuoa borena. Ruri seo se ile sa mo etsa morena!d Kamano ena e pakeng tsa Belshatsare le ntat’ae, Nabonidus, e hlalosa hore na ke hobane’ng ha Belshatsare, nakong ea mokete oane oa ho qetela Babylona, a ile a tšepisa ho etsa Daniele ’musi oa boraro ’musong. (Daniele 5:16) Kaha Nabonidus e ne e le ’musi oa pele, Belshatsare ka boeena e ne e le ’musi oa bobeli oa Babylona.

Bopaki bo Bong bo Tšehetsang

18. Ho epolloa ha lintho tsa khale ho fana ka boitsebiso bofe ho tiisa hore ho ne ho e-na le khotso le nala tse tlisitsoeng ke puso ea Davida?

18 Ka sebele, litšibollo tse ngata tsa baepolli ba lintho tsa khale li pakile ho nepahala ha histori ea Bibele. Ka mohlala, Bibele e tlaleha hore ka mor’a hore Morena Salomone a hlahlame ntat’ae Davida boreneng, Iseraele e ile ea thabela nala e khōlō. Rea bala: “Ba-Juda le ba-Iseraele ba ne ba le bangata, joale ka lehlabathe le lebopong la leoatle, ba e-ja, ba e-noa, ba nyakalla.” (1 Marena 4:20) Ho tšehetsa polelo ena, rea bala: “Bopaki ba baepolli ba lintho tsa khale bo senola hore ho ile ha e-ba le keketseho e khōlō ea baahi Juda lekholong la leshome la lilemo B.C. le ka morao ho lona ha khotso le nala tse tlisitsoeng ke Davida li etsa hore ho be bonolo ho haha metse e mengata e mecha.”⁠10

19. Ho epolloa ha lintho tsa khale ho fana ka boitsebiso bofe bo eketsehileng mabapi le ntoa pakeng tsa Iseraele le Moabe?

19 Hamorao, Iseraele le Juda e ile ea e-ba lichaba tse peli, ’me Iseraele e ile ea hapa naha ea boahisani ea Moabe. Ka nako e ’ngoe Moabe, tlas’a Morena Mesha, e ile ea e fetohela, ’me Iseraele le Juda le ’muso oa boahisani oa Edomo li ile tsa etsa selekane sa ho loantša Moabe. (2 Marena 3:4-27) Ka ho tsotehang, ka 1868 Jordane, ho ile ha sibolloa stela (letlapa le nang le mongolo) se neng se ngotsoe ka puo ea Moabe se e-na le tlaleho ea Mesha ka boeena ea ntoa ena.

20. Ho epolloa ha lintho tsa khale ho re bolella eng ka ho timetsoa ha Iseraele ke Baassyria?

20 Joale, ka selemo sa 740 B.C.E., Molimo o ile oa lumella ’muso oa Iseraele o ka leboea o neng o o fetohetse hore o timetsoe ke Baassyria. (2 Marena 17:6-18) Ha a bua ka tlaleho ea Bibele ea ketsahalo ena, moepolli oa lintho tsa khale Kathleen Kenyon oa hlalosa: “Motho o ne a ka ’na a ba le pelaelo ea hore karolo e ’ngoe ea sena e fetellelitse litaba.” Empa na ho joalo? Oa phaella: “Bopaki ba baepolli ba lintho tsa khale ba ho oa ha ’muso oa Iseraele bo batla bo hlakile ho feta ba tlaleho ea Bibele. . . . Ho felisoa ho felletseng ha metse ea Iseraele ea Samaria le Hatsore le timetso e tsamaeang le hoo ea Megiddo ke bopaki bo theiloeng ’neteng ba baepolli ba lintho tsa khale ba hore sengoli [sa Bibele] se ne se sa fetelletse litaba.”⁠11

21. Ho epolloa ha lintho tsa khale ho fana ka lintlha life mabapi le ho hatelloa ha Juda ke Bababylona?

21 Hamorao hape, Bibele e re bolella hore tlas’a Morena Jojakine Jerusalema e ile ea thibelloa ke Bababylona ’me ea hlōloa. Ketsahalo ena e tlalehiloe Tlalehong ea Babylona, lejoe le nang le mongolo o kang lichesele le sibollotsoeng ke baepolli ba lintho tsa khale. Lejoeng lena, rea bala: “Morena oa Akkad [Babylona] . . . o ile a thibella motse oa Juda (iahudu) ’me morena a hapa motse ka letsatsi la bobeli la khoeli ea Addaru.”⁠12 Jojakine o ile a isoa Babylona ’me a kenngoa chankaneng. Empa hamorao, ho latela Bibele, o ile a lokolloa chankaneng ’me a fuoa thuso ea lijo. (2 Marena 24:8-15; 25:27-30) Sena se tšehetsoa ke litokomane tsa molao tse fumanoeng Babylona, tse thathamisang litekanyo tsa lijo tse neng li fuoa “Yaukîn, morena oa Juda.”⁠13

22, 23. Ka kakaretso, ho na le kamano efe pakeng tsa ho epolloa ha lintho tsa khale le litlaleho tsa histori tsa Bibele?

22 Mabapi le kamano e pakeng tsa ho epolloa ha lintho tsa khale le litlaleho tsa histori tsa Bibele, Moprofesa David Noel Freedman o hlalositse: “Leha ho le joalo, ka kakaretso ho epolloa ha lintho tsa khale ho bile le tšekamelo ea ho tšehetsa bonnete ba histori ea pale ea Bibele. Kemiso e pharalletseng ea ho bala nako ho tloha ho bapatriareka ho ea mehleng ea T[estamente] e N[cha] e nyalana le boitsebiso ba baepolli ba lintho tsa khale. . . . Litšibollo tse tlang li ka ’na tsa tiisa boemo bo itekanetseng bo teng hona joale ba hore neano ea Bibele e theiloe historing, ’me e fetisitsoe ka botšepehi, le hoja e se histori ka kutloisiso ea tlhahlobisiso ea libuka kapa ea mahlale.”

23 Joale, mabapi le boiteko ba bahlahlobisisi ba phahameng ba ho nyatsa Bibele, o re: “Boiteko bo entsoeng ke litsebi tsa kajeno ba ho hlophisa histori ea Bibele bocha—ka mohlala, boikutlo ba Wellhausen ba hore mehla ea bapatriareka e ne e le pontšo ea borena bo arohaneng; kapa ho hana ha Noth le balateli ba hae hore Moshe o kile a ba teng historing le leeto le leholo la ho falla le ho hlophisoa bocha ha histori ea Baiseraele ho ileng ha latela—ha lia atleha khahlanong le boitsebiso ba baepolli ba lintho tsa khale hammoho le pale ea Bibele.”⁠14

Ho oa ha Jeriko

24. Bibele e re fa boitsebiso bofe ka ho oa ha Jeriko?

24 Na see se bolela hore ho epolloa ha lintho tsa khale ho lumellana le Bibele ntlheng e ’ngoe le e ’ngoe? Che, ho na le lintlha tse ’maloa tseo ho sa lumellaneng le eona ho tsona. E ’ngoe ke ho haptjoa ha Jeriko ka tšohanyetso ho hlalositsoeng qalong ea khaolo ena. Ho latela Bibele, Jeriko ke motse oa pele o ileng oa haptjoa ke Joshua ha a etelletse Baiseraele pele ho kena lefatšeng la Kanana. Tsela ea Bibele ea ho bala nako e bontša hore motse oo o oele halofong e qalang ea lekholo la bo15 la lilemo B.C.E. Ka mor’a khapo, Jeriko e ile ea chesoa ka ho felletseng ka mollo eaba e siuoa e le lesupi ka makholo a lilemo.—Joshua 6:1-26; 1 Marena 16:34.

25, 26. Baepolli ba lintho tsa khale ba fihletse liqeto life tse peli tse fapaneng ka mor’a ho epolla Jeriko?

25 Pele ho ntoa ea bobeli ea lefatše, sebaka seo ho lumeloang hore e ne e le Jeriko se ile sa epolloa ke Moprofesa John Garstang. O ile a sibolla hore motse oo e ne e le oa khale haholo le hore o ne o ile oa timetsoa ’me oa tsosolosoa ka makhetlo a mangata. Garstang o ile a fumana hore nakong ea e ’ngoe ea litimetso tsena, marako a ile a oa joalokaha eka a lihuoa ke tšisinyeho ea lefatše, ’me motse o ile oa chesoa ka ho felletseng ka mollo. Garstang o ne a lumela hore sena se etsahetse hoo e ka bang ka 1400 B.C.E., nako e batlang e le haufi le e bontšoang ke Bibele e le eona eo Joshua a timelitseng Jeriko ka eona.⁠15

26 Ka mor’a ntoa, moepolli e mong oa lintho tsa khale, Kathleen Kenyon, o ile a tsoela pele ho epolla Jeriko. O ile a fihlela qeto ea hore marako a ileng a heleha ao Garstang a neng a buile ka ’ona e ne e le a makholong a mangata a lilemo pele ho nako eo Garstang a neng a e nahanne. O ile a bua ka timetso e khōlō ea Jeriko e le e etsahetseng lekholong la bo16 la lilemo B.C.E. empa a re ho ne ho se motse sebakeng seo e neng e le Jeriko lekholong la bo15 la lilemo—nako eo Bibele e reng Joshua o ile a futuhela lefatše leo ka eona. O tsoela pele ho tlaleha hoo e ka ’nang eaba ke lipontšo tsa timetso e ’ngoe eo mohlomong e etsahetseng sebakeng seo ka 1325 B.C.E. ’me o hlahisa hore: “Haeba timetso ea Jeriko e amahanngoa le phutuho e entsoeng tlas’a Joshua, ena [ea morao] ke eona nako eo ho epolloa ha lintho tsa khale ho e hlahisang.”⁠16

27. Ke hobane’ng ha phapang e pakeng tsa ho epolloa ha lintho tsa khale le Bibele e sa lokela ho re tšoenya ka ho sa hlokahaleng?

27 Na see se bolela hore Bibele e fositse? Le hanyenyane. Re lokela ho hopola hore le hoja ho epolloa ha lintho tsa khale ho re fa fensetere ea ho bona nako e fetileng, hase ka mehla e leng fensetere e hlakileng. Ka linako tse ling e hlile e lerootho haholo. Ho joalokaha mohlalosi e mong a itse: “Ka bomalimabe, bopaki ba baepolli ba lintho tsa khale ha boa fella, ’me ka hona bo lekanyelitsoe.”⁠17 Sena ke ’nete haholo-holo ka linako tsa pejana tsa histori ea Baiseraele, e leng nako eo ka eona bopaki ba baepolli ba lintho tsa khale bo sa hlakang. Ka sebele, bopaki ha boa hlaka le ho feta Jeriko, kaha sebaka seo se se se senyehile hampe.

Mefokolo ea ho Epolloa ha Lintho Tsa Khale

28, 29. Mefokolo e meng ea ho epolloa ha lintho tsa khale eo litsebi li e lumetseng ke efe?

28 Baepolli ba lintho tsa khale ka bobona ba lumela mefokolo ea mahlale a bona. Ka mohlala, Yohanan Aharoni oa hlalosa: “Ha ho tluoa tlhalosong ea histori kapa ea histori le lefatše, moepolli oa lintho tsa khale o emella ka thōko ho sebaka sa mahlale a tobileng, ’me o tlameha ho itšetleha ka likahlolo tse molemo le liqeto tse utloahalang hore a fihle setšoantšong sa histori se pharalletseng.”⁠18 Mabapi le linako tseo ho thoeng ke tsa litšibollo tse fapa-fapaneng, oa phaella: “Ka hona, ka mehla re tlameha ho hopola hore hase linako tsohle tse phethahetseng le tseo ka tekanyo e sa tšoaneng e leng tse belaetsang,” le hoja a ikutloa hore baepolli ba lintho tsa khale ba kajeno ba ka itšepa haholoanyane tseleng ea bona ea ho beha nako ho feta kamoo ho neng ho le kateng nakong e fetileng.⁠19

29 The World of the Old Testament e botsa potso: “Mokhoa oa baepolli ba lintho tsa khale o hloka leeme hakae kapa o theiloe mahlaleng hakae?” E-ea arabela: “Baepolli ba lintho tsa khale ba hloka leeme haholoanyane ha ba fata linnete ho feta ha ba li hlalosa. Empa hape maikutlo a botho ao ba seng ba ntse ba e-na le ’ona a tla ama mekhoa eo ba e sebelisang ha ba ‘cheka.’ Ba ke ke ba qoba ho felisa bopaki ba bona ha ba ntse ba cheka ho ea tlaase mefuteng ea mobu e sa tšoaneng ea lefatše, kahoo le ka mohla ba ke ke ba etsa ‘teko ea mosebetsi’ oa bona ka ho o pheta. Sena se etsa hore ho epolloa ha lintho tsa khale e be ho ikhethang har’a mahlale. Ho feta moo, ho etsa hore tlaleho ea baepolli ba lintho tsa khale e be mosebetsi o boima haholo le o ka bang le liphoso tse ngata.”⁠20

30. Liithuti tsa Bibele li talima ho epolloa ha lintho tsa khale joang?

30 Kahoo ho epolloa ha lintho tsa khale ho ka ba molemo haholo, empa joaloka boiteko bo bong le bo bong ba batho, ho na le liphoso. Le hoja re hlahloba lithuto tsa baepolli ba lintho tsa khale ka thahasello, le ka mohla ha rea lokela ho li talima e le ’nete eo ho ke keng ha phehoa khang ka eona. Haeba baepolli ba lintho tsa khale ba hlalosa litšibollo tsa bona ka tsela e hanyetsang Bibele, ha rea lokela ho hakanya feela hore Bibele e fositse ’me baepolli ba lintho tsa khale ba nepile. Hoa tsebahala hore litlhaloso tsa bona li ’nile tsa fetoha.

31. Ho sa tsoa etsoa tlhahiso efe e ncha mabapi le ho oa ha Jeriko?

31 Hoa thahasellisa ho hlokomela hore ka 1981 Moprofesa John J. Bimson o ile a hlahloba hape timetso ea Jeriko. O ile a ithuta ka hloko timetso ea mollo ea Jeriko—eo ho latela Kathleen Kenyon—e etsahetseng bohareng ba lekholo la bo16 la lilemo B.C.E. Ho ea ka eena, hase feela hore timetso eo e lumellana le tlaleho ea Bibele ea ho timetsoa ha motse ke Joshua empa setšoantšo sa Kanana sa baepolli ba lintho tsa khale ka kakaretso se lumellana ka ho phethahetseng le tlhaloso ea Bibele ea Kanana ha Baiseraele ba e futuhela. Kahoo, o hlahisa hore nako e behoang ke baepolli ba lintho tsa khale e fosahetse ’me o buella hore ha e le hantle timetso ena e etsahetse bohareng ba lekholo la bo15 la lilemo B.C.E., bophelong ba Joshua.⁠21

Bibele ke Histori ea Sebele

32. Ho hlokometsoe tšekamelo efe har’a litsebi tse ling?

32 Sena se bontša ’nete ea hore hangata baepolli ba lintho tsa khale ba fapana e ntse e le bona. Ka hona, ha ho makatse hore ba bang ha ba lumellane le Bibele empa ba bang ba lumellana le eona. Ho sa tsotellehe hoo, litsebi tse ling li qala ho hlompha bonnete ba histori ea Bibele ka kakaretso, kapa li hlompha hoo e ka bang ntlha e ’ngoe le e ’ngoe ea eona. William Foxwell Albright o ile a emela sekolo se seng sa monahano ha a ngola: “Ka kakaretso ho boetse ho ananeloa ho nepahala ha histori ea bolumeli ba Iseraele, tabeng e akaretsang le linneteng tse qaqileng. . . . Ho akaretsa taba, joale re ka boela ra tšoara Bibele ho tloha qalong ho ea qetellong e le tokomane ea ’nete ea histori ea bolumeli.”⁠22

33, 34. Ke joang Mangolo a Seheberu ka booona a fanang ka bopaki ba hore a nepahetse historing?

33 Ha e le hantle, Bibele ka boeona e na le tiiso ea histori e nepahetseng. Liketsahalo li amahanngoa le linako le liketsahalo tse tobileng, ho fapana le tsa litšōmo le likhopolo-taba tse ngata tsa boholo-holo. Liketsahalo tse ngata tse tlalehiloeng ka Bibeleng li tšehetsoa ke mengolo e ngotsoeng mehleng eo. Moo ho nang le phapang pakeng tsa Bibele le mongolo o itseng oa boholo-holo, hangata ho ka boleloa hore phapang e bakiloe ke hore babusi ba boholo-holo ba ne ba hlabehisoa ke ho hlōloa ha bona ’me ba e-na le takatso ea ho hōlisa ho atleha ha bona.

34 Ka sebele, mengolo eo e mengata ea boholo-holo hase histori empa e le melaetsa e hasoang ka molao. Ka lehlakoreng le leng, lingoli tsa Bibele li bontša ho toba ’nete ho sa tloaelehang. Batho ba boholo-holo ba hlahelletseng haholo ba kang Moshe le Aarone ba senoloa hammoho le mefokolo ea bona le matla a bona. Esita le liphoso tsa morena e moholo Davida li senoloa ka botšepehi. Mefokolo ea sechaba ka kakaretso e pepesoa ka makhetlo-khetlo. Ho hloka leeme hona ho phahamisa Mangolo a Seheberu e le a ’nete le a ka tšeptjoang ’me ho tiisa mantsoe a Jesu, eo, ha a rapela Molimo, a ileng a re: “Lentsoe la hao ke ’nete.”—Johanne 17:17.

35. Batho ba itšetlehileng feela ka matla a kelello a ho inahanela lintho ba sitiloe ho etsa joang, ’me liithuti tsa Bibele li talima ho eng ho paka hore Bibele e bululetsoe?

35 Albright o ile a tsoela pele ho re: “Ntlheng e ’ngoe le e ’ngoe Bibele e hlahella ka holim’a libuka tsohle tsa pejana tsa bolumeli ka litaba; ’me e hlahella ka mokhoa o khahlang hape holim’a libuka tsohle tse tlileng ka morao ka molaetsa oa eona o bonolo o tobileng le ho pharalla ha eona ho ipiletsang ho batho ba linaha tsohle ’me e le ka linako tsohle.”⁠23 Ho fapana le bopaki ba litsebi, ke ‘molaetsa ona o hlahelletseng’ o pakang ho bululeloa ha Bibele, joalokaha re tla bona likhaolong tse tlang. Empa a re hlokomeleng mona hore batho ba kajeno ba itšetlehileng feela ka matla a kelello a ho inahanela lintho ba sitiloe ho paka hore Mangolo a Seheberu hase histori ea ’nete, empa mengolo ena ka boeona e fana ka bopaki bohle ba hore e nepahetse. Na ho ka boleloa ho tšoanang ka Mangolo a Segerike a Bokreste, “Testamente e Ncha”? Re tla hlahloba sena khaolong e latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a “Tlhahlobisiso e phahameng” (kapa “mokhoa oa ho hlahlobisisa histori”) ke lebitso le sebelisoang ho hlalosa ho ithuta Bibele ka sepheo sa ho fumana lintlha tse kang bongoli, mohloli oa boitsebiso, le nako ea ho ngoloa ha buka ka ’ngoe.

b Ka mohlala, seroki sa Lenyesemane John Milton se ile sa ngola thoko ea pale ea sona ea boleng bo phahameng “Paradise Lost” ka mokhoa o fapaneng haholo le thoko ea sona ea “L’Allegro.” Hape lipampitšana tsa sona tsa bopolotiki le tsona li ne li ngotsoe ka mokhoa o fapaneng.

c Bahlalefi ba bangata ba kajeno ba na le tšekamelo ea ho itšetleha feela ka matla a kelello a ho inahanela lintho (rationalistic). Ho latela buka e hlalosang mantsoe, lentsoe la Senyesemane rationalism le bolela “ho itšetleha ka matla a kelello a ho inahanela lintho e le motheo oa ho tiisoa ha ’nete ea bolumeli.” Batho ba itšetlehileng feela ka matla a kelello a ho inahanela lintho ba leka ho hlalosa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka kutloisiso ea botho ho e-na le ho nahana ka monyetla oa ho nka bohato ha Molimo.

d Ho thahasellisang, seemahale sa ’musi e mong oa boholo-holo se fumanoeng Syria leboea ka bo-1970 se ile sa bontša hore ho ne ho tsebahala hore ’musi o ne a ka bitsoa morena empa, ha e le hantle, a e-na le tlotla e ka tlaasana. Seemahale seo e ne e le sa ’musi oa Gozan ’me se ne se ngotsoe ka Seassyria le ka Searame. Mongolo oa Seassyria o ne o bitsa monna eo ’musisi oa Gozan, empa mongolo oa Searame o tšoanang o ne o ’mitsa morena.⁠9 Kahoo e ne e ke ke ea e-ba taba e ncha hore Belshatsare a bitsoe khosana e khōlō mengolong ea molao ea Babylona empa a bitsoa morena mongolong oa Searame oa Daniele.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 53]

Ho fapana le histori ea lefatše ea boholo-holo, ka ho toba Bibele e tlaleha liphoso tsa batho ba hlomphehang ba kang Moshe le Davida

[Lebokose le leqepheng la 44]

Bohlokoa ba ho Epolloa ha Lintho Tsa Khale

“Ho epolloa ha lintho tsa khale ho fana ka mehlala ea lintho tseo ho neng ho sebetsoa ka tsona mehleng ea boholo-holo le lijana, marako le mehaho, libetsa le mekhabo. Boholo ba lintho tsena li ka hlophisoa ho latela nako ’me ka botšepehi tsa tsebahatsoa ka mabitso a loketseng le litaba tse amanang le tsona tse ka Bibeleng. Ka kutloisiso ena Bibele e bolokile ka ho nepahetseng maemo a bophelo ba lichaba tsa boholo-holo ka tlaleho e ngotsoeng. Lintlha tsa lipale tsa Bibele hase litoro tse inahanetsoeng ke mongoli empa ho fapana le hoo ke litšenolo tsa ’nete tsa lefatše leo liketsahalo tse tlalehiloeng, ho tloha ho tse tloaelehileng ho ea ho tsa mohlolo, li etsahetseng ho lona.”—The Archaeological Encyclopedia of the Holy Land.

[Lebokose le leqepheng la 50]

Seo ho Epolloa ha Lintho Tsa Khale ho ka se Etsang le Seo ho ke Keng ha se Etsa

“Ho epolloa ha lintho tsa khale ha ho pake Bibele e le ’nete kapa hona ho e paka e se ’nete ka liqeto tse felletseng, empa ho na le melemo e meng, eo e leng ea bohlokoa haholo. Ho tsosolosa ka tekanyo e itseng lefatše le bonahalang leo Bibele e bolelang hore le ne le le teng. Ka mohlala, ho tseba thepa eo ntlo e neng e hahoa ka eona, kapa hore na ‘’nģalo e liphahameng’ e ne e shebahala joang, ho eketsa kutloisiso ea rōna haholo tabeng e ngotsoeng. Ntlha ea bobeli, ho tlatseletsa tlaleho ea histori. Ka mohlala, Lejoe la Moabe, le fana ka lehlakore le leng la pale e boletsoeng ho 2 Marena 3:4 le temana e latelang. . . . Ntlha ea boraro, ho senola bophelo le mohopolo oa baahisani ba Iseraele ea boholo-holo—tseo ka botsona e leng lintho tse thahasellisang, le tse chabisang leseli lefatšeng la likhopolo tse inahaneloang leo mohopolo oa Iseraele ea boholo-holo o ileng oa hōla ka har’a lona.”—Ebla—A Revelation in Archaeology.

[Setšoantšo se leqepheng la 41]

Milton o ngotse ka mekhoa e fapaneng, eseng ka o le mong feela. Na bahlahlobisisi ba phahameng ba lumela hore lingoliloeng tsa hae li ngotsoe ke lingoli tse ’maloa tse fapaneng?

[Setšoantšo se leqepheng la 45]

“Tlaleho ea Temana ea Nabonidus” e tlaleha hore Nabonidus o ile a fa letsibolo la hae borena

[Setšoantšo se leqepheng la 46]

Lejoe la Moabe le fana ka tlaleho ea Morena Mesha ea ntoa e neng e le pakeng tsa Moabe le Iseraele

[Setšoantšo se leqepheng la 47]

Litlaleho tsa molao tsa Babylona li tšehetsa tlaleho ea Bibele ea ho oa ha Jerusalema

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela