Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 5/1 maq. 16-17
  • Ho Tloha Thabore ho ea Tlhōlong!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tloha Thabore ho ea Tlhōlong!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ka Tumelo, Barake o Ile a Qhalakanya Lebotho le Matla
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • “Ke Ema Joaloka ’Mè Iseraele”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Moeta-pele e Mocha le Basali ba Babeli ba Sebete
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Basali ba Babeli ba Sebete
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 5/1 maq. 16-17

Lintho Tse ka Bonoang Lefatšeng la Pallo

Ho Tloha Thabore ho ea Tlhōlong!

NAHANA u se u le ka har’a tora u talimile tlaase sebakeng se mateanong a litsela tsa histori! U ne u ka bona ka ho toba ha histori e etsoa.

Mohlomong sebaka sa Bibele sa Megiddo se tšoaneloa ke tlhaloso eo hamolemohali, hobane se ne se le holim’a sebaka sa khoebo e khōlō le litsela tsa masole. Leha ho le joalo, ka mose ho Phula ea Jizreele ke Thaba ea Thabore, eo hape e neng e okametse Via Maris, tsela e tsebahalang e eang metseng ea Sebaka se Nonneng se bōpehileng joaloka khoeli.a

Haeba u talima Thabore u hlahile kae kapa kae tikolohong eo, ha ho kamoo e ke keng ea u khahla. (Bapisa le Jeremia 46:18.) Thabore e phahame ka mokhoa o khahlehang le o ikhethileng har’a lithaba tse e pota-potileng, sebōpeho sa eona se chitja se hlokomeleha ho tloha mahlakoreng ’ohle. E phahametse lehoatata le mathang ka pel’a eona ka boroa, Phula ea Jizreele e nonneng, e kopanyang moeli oa naha le Phula ea Jordane.

Ho tloha tlhorong ea Thabore e chitja, u ka talima boroa ho leba motseng oa Jizreele, e leng ho ka ’nang ha u hopotsa ho kalla ha Jehu ka khalefo ho ea ntlong ea borena ea Akabe hammoho le qetello ea Jezebele e nyelisehang. (1 Marena 21:1; 2 Marena 9:16-33) Haufi le moo ke Megiddo. Ka bophirimela u ka bona Thaba ea Karmele, moo Elia a neng a etsetse teko ea mollo teng. (1 Marena, khaolo 18) Ha u le Thabore u ka boela ua bona moo nōka ea Kishone e phallang teng ho kena leoatleng, ’me Nazaretha e ka ba lik’hilomithara tse robeli ka leboea-bophirimela maralleng a Galilea e ka tlaase.

Empa ke tlaleho efe ea Bibele eo u e hopolang ha ho buuoa ka Thabore? Mohlomong ke ea Debora le Barake. Mehleng ea bona, tlas’a Morena Jabine le Hatsore Bakanana ba ile ba hatella Iseraele ka lilemo tse 20. Joale moprofeta oa mosali Debora o ile a susumelletsa Barake ho nka khato. Ka lehlakoreng le leng, eena o ile a tsosa Baiseraele ba likete tse leshome molota, haholo-holo ba meloko ea Nefthali le Zabulone e neng e le Galilea, eaba o ba bokellela Thabore. Ba ne ba hlometse ka lihlomo tse fokolang, hobane ho ne ho se thebe kapa lerumo Iseraeleng.—Baahloli 5:7-17.

Lebotho le tšabehang la ntoa le ile la ba futuhela. Molaoli oa Jabine Sisera o ile a tlisa bahlabani ba Bakanana ba neng ba hlometse ka lihlomo tse khōlō Phuleng ea Jizreele. E tlameha e be ba ne ba shebahala joaloka banna ba hlometseng ba bontšitsoeng leboteng le fatiloeng litšoantšo la Egepeta leo setšoantšo sa lona se leng leqepheng le latelang, ka holimo ka letsohong le letona. Lihlomo tsa ntoa tsa Egepeta li ile tsa susumetsa tse neng li sebelisoa Kanana, ho akarelletsa karolo e tšosang ka ho fetisisa ea libetsa tsa Sisera—makoloi a ntoa a 900!

Makoloi ao a ntoa a Bakanana e ne e hlile e le mabala a ntoa a tsamaeang. E ka ’na eaba mokhanni o ne a itlama thekeng ka marapo e le hore matsoho a hae a lokolohe bakeng sa ho tšoara libetsa. Kapa o ne a ka ’na a shebana le lipere tsa hae tse mathelang ntoeng ha motsoalle oa hae a sebelisa libetsa. Makoloi a ne a e-na le libetsa tse kang lisekele tse kentsoeng liriming tsa mabili a ’ona. Ho banna ba Barake ba shebileng tlaase ba le Thabore, e tlameha ebe makoloi a bokaneng ka bongata a ne a shebahala ka mokhoa o tšosang e le a ke keng a thijoa, a ke keng a hlōloa.

Leha ho le joalo, Jehova o ne a tšepisitse Barake: “Ke tla hulela ho uena, molapong oa Kishone, Sisera, . . . le makoloi a hae, le sechaba sa hae.” Ka motsotso o nepahetseng, Baiseraele ba sebete ba ile ba theoha ka bongata letsoapong la Thabore.—Baahloli 4:1-14.

Habohlokoa ho feta feela molemo oa ho tsometsa e bile thuso eo Iseraele e ileng ea e fumana ho Molimo oa eona o matla o leholimong. Hamorao Debora o ile a bina: “Naleli tse maholimong tsa loana, tsa loantša Sisera, ha li tsamaea ka litsela tsa tsona. Molapo oa Kishone, . . . o ba nkile! Oho, moea oa ka, hatakela linatla ka maoto!” (Baahloli 5:20, 21) E, le hoja Baiseraele ba hlometseng ka lihlomo tse fokolang empa ba le sebete ba ile ba etsa hore Bakanana ka hlometseng ba balehe, Molimo o ile oa rera phello. O ile oa hlahisa metsi a mangata ka sekhahla sebakeng se ommeng seo nōka e phallang ho sona, e leng ho ileng ha etsa hore makoloi ao a tšosang a sitoe ho tsamaea.

Tlaase mane u bona karolo ea nōka ea Kishone. Nakong ea selemo ea ha lipula li e-na haholo, e ka ja litlhokoa ’me ea fetola sebaka seo mokhoabo. Nahana ka makoloi a ntoa a Bakanana ha a leka ho baleha ka har’a seretse se joalo. Metsi a loebehlanang a ile a nka masole a mang a balehang kapa makoloi, kapa bobeli masole le makoloi. Tlhōlo ea Iseraele e bile ea oela Molaoli Sisera, ea neng a lahlile koloi ea hae, a baleha ka maoto ho tloha sebakeng seo sa ntoa. Ka mor’a hore a tšabele tenteng ea Jaele, mosali eo o ile a khetha nako e tšoanelehang eaba o bolaea sera sena.—Baahloli 4:17-22.

Ka hona, nako ea bohlokoahali le ea tlhōlo historing ea Iseraele e ile ea senoleha ka pel’a Debora le batho leha e le bafe ba bang bao e ka ’nang eaba ba ne ba shebelletse ba le qhooeng ea Thaba ea Thabore.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona ’mapa le setšoantšo se seholo, se hlakileng sa Thabore ho 1990 Almanaka ea Lipaki tsa Jehova.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 16]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 17]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela