-
“Mosali ea Khabane ka ho Fetisisa”Molula-Qhooa—2012 | October 1
-
-
Ba ile ba qala ho qoqa ’me Ruthe a bolella Naomi kamoo Boaze a bileng mosa kateng. Naomi o ile a thaba eaba o re: “E se eka a ka hlohonolofatsoa ke Jehova, ea sa tlohelang mosa oa hae o lerato ho ba phelang le ho bafu.” (Ruthe 2:19, 20) O ile a nka hore mosa oo Boaze a o bontšitseng o ne o tsoa ho Jehova, ea susumelletsang bahlanka ba hae hore ba fane ka seatla se bulehileng le ea tšepisang hore o tla putsa batho ba hae ha ba bontša mosa.b—Liproverbia 19:17.
-
-
“Mosali ea Khabane ka ho Fetisisa”Molula-Qhooa—2012 | October 1
-
-
Ha Ruthe a bua ka Boaze ka lekhetlo la pele, Naomi o ile a re: “Monna eo o amana le rōna. Ke e mong oa barekolli ba rōna.” (Ruthe 2:20) Seo se ne se bolela’ng? Molao oo Molimo a neng a o file Baiseraele o ne o akarelletsa litokisetso tse lerato bakeng sa malapa ao ka lebaka la bofutsana le ho shoeloa a neng a tobana le linako tse thata. Haeba mosali e ne e e-ba mohlolohali pele a e-ba le ngoana, o ne a utloa bohloko haholo hobane lebitso la monna oa hae, e leng leloko la hae, le ne le sa kenyelletsoe melokong e latelang. Leha ho le joalo, Molao oa Molimo o ne o lumella mor’abo monna ea shoeleng hore a nyale mohlolohali eo e le hore a ka beleha mojalefa ea ka tsosang lebitso la monna oa hae ea shoeleng le ho hlokomela thepa ea lelapa.c—Deuteronoma 25:5-7.
-
-
“Mosali ea Khabane ka ho Fetisisa”Molula-Qhooa—2012 | October 1
-
-
b Joalokaha Naomi a ile a hlokomela, mosa oa Jehova ha o felle ho ba phelang feela, empa o fetela le ho bafu. Naomi o ne a shoetsoe ke monna oa hae le bara ba babeli. Ruthe o ne a shoetsoe ke monna. Ha ho pelaelo hore banna bao ba bararo ba ne ba rateha haholo ho basali bana ba babeli. Kaha banna bao ba shoeleng ba ne ba ka rata ho bona basali bana ba ratehang ba hlokomeloa, haeba basali bana ba ne ba bontšoa mosa ho ne ho tšoana leha eka mosa oo o bontšoa banna bao.
c Joalokaha ho ne ho etsoa ka lefa, ho bonahala tokelo ea ho nyala mohlolohali ea joalo e ne e qala ka barab’abo mofu ebe ka mor’a moo e fetela ho monna e mong ea amanang le lelapa leo haufi.—Numere 27:5-11.
-