Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • O Ile a Sebetsa Taba ka Masene
    Etsisa Tumelo ea Bona
    • 9, 10. (a) Davida le banna ba hae ba ne ba ikhoantlella tlas’a maemo afe? (b) Ke hobane’ng ha Nabale a ne a lokela hore ebe o ile a ananela seo Davida le banna ba hae ba neng ba se etsa? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe oa serapa sa 10.)

      9 Nabale o ne a lula Maone empa o ne a sebetsa haufi le Karmele ’me ho bonahala a ne a e-na le tšimo moo.a Metse eo e ne e le lihlabeng tse makhulo a matala a neng a le matle bakeng sa mehlape ea linku ’me Nabale o ne a e-na le tse 3 000. Leha ho le joalo, libaka tse ling e ne e le lefeella. Ka boroa ho ne ho e-na le lehoatata le sabaletseng la Parane. Ka bochabela, e ne e le tsela e eang Leoatleng la Letsoai e fetang har’a naha e itjang feela e tletseng likhohlo le mahaha. Davida le banna ba hae ba ne ba ikhoantlella libakeng tseo ’me ha ho potang hore ba ne ba tsoma e le hore ba fumane lijo ebile ba ne ba mamella mathata a mangata. Ba ne ba atisa ho kopana le balisana ba neng ba sebeletsa Nabale oa morui.

  • O Ile a Sebetsa Taba ka Masene
    Etsisa Tumelo ea Bona
    • a Ena hase Thaba ea Karmele e tummeng e hōle haholo ka leboea moo hamorao moprofeta Elia a ileng a tobana le baprofeta ba Baale. (Sheba Khaolo ea 10.) Motse ona oa Karmele o ne o le qetellong ea lefeella le ka boroa.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela