-
O Ile a Sebetsa Taba ka MaseneMolula-Qhooa—2009 | July 1
-
-
Masole ao a neng a sebetsa ka thata a ile a tšoara balisa bao joang? Ho ne ho ka ba bonolo hore a lule a utsoa linku tsa Nabale, empa ha aa ka a etsa joalo. Ho e-na le hoo, a ile a e-ba joaloka lerako le neng le sirelelitse mehlape ea Nabale le bahlanka ba hae. (1 Samuele 25:15, 16) Balisa bao hammoho le linku ba ne ba ka hlaheloa ke likotsi tse ngata. Mehleng eo ho ne ho e-na le libata tse ngata. Hape ba ne ba le haufi le moeli o ka boroa oa Iseraele, kahoo lihlopha tsa masholu a tsoang linaheng tse ling li ne li atisa ho hlasela.b
-
-
O Ile a Sebetsa Taba ka MaseneMolula-Qhooa—2009 | July 1
-
-
b Ho ka etsahala hore Davida o ne a nka hore ho sireletsa beng ba masimo le mehlape ea bona sebakeng seo e ne e le tšebeletso eo a e etsetsang Jehova Molimo. Mehleng eo, e ne e le morero oa Jehova hore bana ba Abrahama, Isaka le Jakobo ba lule naheng eo. Kahoo, ho ba sireletsa ho lira tse ba hlaselang haesita le ho lihlopha tsa masholu a tsoang linaheng tse ling e ne e le mofuta o itseng oa tšebeletso e halalelang.
-