Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 6/1 maq. 20-25
  • Tsoela Pele U Lemosa ka Mosebetsi oa Jehova o sa Tloaelehang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsoela Pele U Lemosa ka Mosebetsi oa Jehova o sa Tloaelehang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Moalo o Mokhutšoanyane”
  • Khato ea Jehova e Makatsang
  • Ho Lemosa ka Khato ea Jehova
  • “Tlohang ho Eena”
  • “Moea oa Jehova o Tla Lula Holim’a Hae”
  • Esaia o Bolela ‘Ketso e Makatsang’ ea Jehova Esale Pele
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
  • Setšabelo sa Bona—Leshano!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Na Bolumeli ba Bohata bo Tšoantšetsa Jerusalema?
    Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
  • Letsoho la Jehova ha Lea Khutsufala
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 6/1 maq. 20-25

Tsoela Pele U Lemosa ka Mosebetsi oa Jehova o sa Tloaelehang

“Jehova o tla ema joalokaha a ile a ema Thabeng ea Peratsime, o tla halefa joalokaha a ile a halefa khohlong e haufi le Gibeone.”—ESAIA 28:21, NW.

1, 2. Jehova o ile a etsa mosebetsi ofe o sa tloaelehang molemong oa batho ba Hae mehleng ea Davida?

KHATO e makatsang! Mosebetsi o sa tloaelehang ho hang! Ke sona seo Jehova a ileng a se etsa molemong oa batho ba hae mehleng ea boholo-holo morao koo lekholong la bo11 la lilemo B.C.E. ’Me khato ena e makatsang e ne e le mohlala oa khato e sa tloaelehang le ho feta eo a tla e nka haufinyane. Khato eo ea mehleng ea boholo-holo ke efe? Kapele ka mor’a hore Davida a hlomamisoe e le morena Jerusalema, Bafilista ba boahisani ba ile ba e futuhela, ’me sena se ile sa etsa hore Jehova a nke khato e makatsang. Ntlha ea pele, Bafilista ba ile ba qala ho futuha ka tšohanyetso khohlong ea Barefaime. Davida o ile a botsa Jehova seo a lokelang ho se etsa ’me a laeloa hore a hlasele. Davida o ile a latela lentsoe la Jehova, ’me a hlōla lebotho le matla la Bafilista ka ho felletseng Baale-Peratsime. Empa Bafilista ha baa ka ba lumela hore ba hlōtsoe. Kapele ba ile ba khutla ho tla ripitla le ho hapa ho eketsehileng khohlong ea Barefaime, ’me Davida o ile a boela a batla tataiso ea Jehova.

2 Lekhetlong lena o ile a bolelloa hore a pote Bafilista ka morao ka mabotho a hae. Jehova o ile a re: “Etlere ha u utloa molumo oa liqi lintlheng tsa lifate tsa monokotsoai, u ke u ba nehelle; hobane etlaba Jehova o se a u eteletse pele, ho ea qhala makhotla a ba-Filista.” ’Me ke sona se ileng sa etsahala. Davida o ile a leta ho fihlela Jehova a hlahisa molumo oa liqi lintlheng tsa lifate tsa monokotšoai—mohlomong e le tse bakoang ke moea o matla. Hang-hang, Davida le mabotho a hae ba ile ba tsoa moo ba ipatileng teng ’me ba hlasela Bafilista ba ferekaneng, ba ba hlōla ka polao e khōlō. Litšoantšo tsa bolumeli tseo Bafilista ba neng ba li siile li rapaletse lebaleng la ntoa li ile tsa bokelloa ’me tsa senngoa.—2 Samuele 5:17-25; 1 Likronike 14:8-17.

3. Ke hobane’ng ha khato e makatsang ea Jehova e ne e hapa thahasello ea Bajode ba mehleng ea Esaia, ’me ke hobane’ng ha e lokela ho hapa thahasello ea Bokreste-’mōtoana kajeno?

3 Ona e ne e le mosebetsi o sa tloaelehang, khato e makatsang, o ileng oa finyelloa ke Jehova ha a loantša Bafilista le molemong oa morena ea tlotsitsoeng ea behiloeng ke eena. Khato ena e tsotehang e hapa thahasello e khethehileng hobane moprofeta Esaia o ile a lemosa hore Jehova o ne a tla etsa ntho e ’ngoe e makatsang ka ho tšoanang le e matla khahlanong le matahoa a moea a Juda. Ka hona, ho ne ho hlokahala hore baeta-pele ba sa tšepahaleng ba bolumeli ba mehleng ea Esaia ba hlokomele. Kajeno Bokreste-’mōtoana le bona bo lokela ho hlokomela hobane se ileng sa etsahala Juda e ne e le mohlala oa qetello ea Bokreste-’mōtoana.

“Moalo o Mokhutšoanyane”

4, 5. (a) Ke joang Esaia a bontšang ka ho hlaka boemo bo kukunelang ba baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae? (b) Sesosa sa ho kukuneloa ha Bokreste-’mōtoana kajeno ke eng?

4 Ntlha ea pele, Esaia o ile a pepesa ’nete ea hore lilekane tseo matahoa ao a moea a boholo-holo a neng a li tšepile ke thetso, ke leshano. Joale o ile a bontša ka ho hlaka boemo bo kukunelang ba batho ba tšepang leshano leo. O itse: “Moalo o mokhutšoanyane hoo u ke keng ua nama, kobo e nyenyane hoo u ke keng ua ikatela.” (Esaia 28:20, BPN) Mang le mang ea namang moalong o mokhutšoanyane o fumana hore maoto a hae a hlahella ka ntle serameng. Ka lehlakoreng le leng, haeba a fina mangole hore a felle moalong o mokhutšoanyane, liphate li khutšoanyane haholo ’me karolo e khōlō ea ’mele oa hae e ntse e hlahelletse. Ho sa tsotellehe hore na o etsa eng, karolo e ’ngoe ea ’mele oa hae e ntse e hlahelletse ka ntle serameng.

5 Ka puo ea tšoantšetso, boemo ba ba neng ba beha tšepo ea bona setšabelong sa leshano mehleng ea Esaia bo ne bo le joalo. Hape bona ke boemo bo kukunelang ba ba behang tšepo ea bona setšabelong sa leshano sa Bokreste-’mōtoana kajeno. Kamoo ho ka boleloang ka teng, le bona ba ka ntle serameng. Ena hase nako ea ho batla mabotho-botho litokisetsong tsa lefatše tsa ho tlisa khotso le tšireletseho. Ho etsa lilekane le babusi ba lipolotiki ho ke ke ha etsa hore Bokreste-’mōtoana bo phutholohe ke mofuthu tlas’a moriti oa liketso tsa kahlolo tsa Molimo tse tlang.

Khato ea Jehova e Makatsang

6. Jehova o ne a tla nka khato ea ho loantša Juda joang, hona o tla nka khato ea ho loantša Bokreste-’mōtoana joang?

6 Ka mor’a ho hlalosa ka ho hlaka boemo bo kukunelang ba Jerusalema e sa tšepahaleng ea mehleng ea hae—le ba Bokreste-’mōtoana ba mehleng ea kajeno bo sa tšepahaleng—Esaia o ile a tsoela pele ho re: “Jehova o tla ema joalokaha a ile a ema Thabeng ea Peratsime, o tla halefa joalokaha a ile a halefa khohlong e haufi le Gibeone, e le hore a tle a nke khato—khato ea hae ke e makatsang—le hore a tle a phethe mosebetsi oa hae—mosebetsi oa hae ke o sa tloaelehang.” (Esaia 28:21, NW) E, Esaia o lemositse hore haufinyane Jehova o tla ema joalokaha a entse Baale-Peratsime. Empa lekhetlong lena o ne a tla nka khato ea ho loantša batho ba hae ba haelloang ke tumelo, ’me o ne a tla etsa joalo joalokaha eka ke moroallo o ke keng oa thijoa oa metsi a phallang a tsoa lesobeng le leng letamong le pshang. Selekane seo Jerusalema e se entseng le lefu se ne se tla bonahatsoa e le lefeela se bile se se na thuso. Ka tsela e tšoanang, haufinyane Jehova o tla nka khato ho loantša Bokreste-’mōtoana, ’me bo tla fumana hore litumellano tsohle tsa bona tse tahang tseo bo li entseng le lefatše lena ha li na thuso. Mokhatlo ’ohle oa bona o tla robakanngoa ’me batšehetsi ba bona ba qhalanngoe. Melimo ea bona ea bohata e tla chesoa ka ho felletseng.

7. Ke hobane’ng ha ho ne ho thoe merero ea Jehova mabapi le Juda ke “e makatsang” le e “sa tloaelehang”?

7 Ke hobane’ng ha Esaia a re khato eo Jehova a e nkang ea ho loantša Jerusalema ke mosebetsi o makatsang le o sa tloaelehang? Jerusalema e ne e le setsi sa borapeli ba Jehova le motse oa morena ea tlotsitsoeng ea behiloeng ke Jehova. (Pesaleme ea 132:11-18) Ka baka leo, ho ne ho se mohla e kileng ea timetsoa. Ho ne ho se mohla tempele ea eona e kileng ea chesoa. Ntlo ea borena ea Davida, e kileng ea ahoa Jerusalema, ho ne ho se mohla e kileng ea lihuoa. E ne e le ho sa utloahaleng ho nahana lintho tse joalo. E ne e le ntho e sa tloaelehang ho hang hore Jehova o ne a ka rera ho lumella lintho tse joalo hore li etsahale.

8. Jehova o ile a fana ka temoso efe ea ho tla ha khato ea hae e sa tloaelehang?

8 Empa Jehova o ile a fana ka temoso e loketseng ka baprofeta ba hae ea hore joang kapa joang ho ne ho tla etsahala liketsahalo tse tšosang. (Mikea 3:9-12) Ka mohlala, moprofeta Habakuke, ea phetseng lekholong la bosupa la lilemo B.C.E., o itse: “Bonang lichabeng, le talime, le be le makale, le re tsi! hobane mehleng ea lōna, ke tla etsa mosebetsi! Le ke ke la o lumela, leha le ka o bolelloa. Hobane ke se ke ea tsosa ba-Kalde, sechaba seo se bohale, se mafolo-folo, se haholang bophara bohle ba lefatše, ho hapa linaha tseo eseng tsa sona. Sea tšabeha, sea tšoheha.”—Habakuke 1:5-7.

9. Jehova o ile a phethahatsa temoso ea hae ea ho loantša Jerusalema ka tsela efe?

9 Ka 607 B.C.E., Jehova o ile a phethahatsa temoso ea hae. Ka mor’a ho lumella mabotho a Babylona hore a loantše Jerusalema, o ile a a lumella hore a timetse motse oo le tempele. (Lillo 2:7-9) Ho feta moo, o ile a lumella Jerusalema hore e timetsoe ka lekhetlo la bobeli. Hobane’ng? Ka mor’a lilemo tse 70 tsa botlamuoa, Bajode ba bakileng ba ile ba khutlela naheng ea habo bona, ’me qetellong tempele e ’ngoe e ile ea ahoa Jerusalema. Leha ho le joalo, Bajode ba ile ba boela ba suthela hōle le Jehova. Lekholong la pele la lilemo C.E., Pauluse o ile a qotsa mantsoe a Habakuke a neng a ea ho Bajode ba mehleng ea hae, a lemosa hore boprofeta bona bo ne bo tla sebetsa hape. (Liketso 13:40, 41) Jesu ka boeena o ne a lemositse ka ho nepahetseng hore Jerusalema le tempele ea eona li ne li tla timetsoa ka baka la ho haelloa ke tumelo ha Bajode. (Mattheu 23:37–24:2) Na Bajode bao ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba utloa? Che. Joaloka bo-ntat’a bona moholo, ba ile ba hana temoso ea Jehova ka ho felletseng. Ka hona, Jehova o ile a pheta mosebetsi oa hae o makatsang. Jerusalema le tempele ea eona li ile tsa timetsoa ka 70 C.E. ke mabotho a Roma.

10. Jehova o tla nka khato ea ho loantša Bokreste-’mōtoana joang haufinyane?

10 Ka hona, ke hobane’ng ha motho a ka nahana hore Jehova a ke ke a etsa se tšoanang mehleng ea rōna? ’Nete ke hore, o tla phethahatsa morero oa hae le hoja o bonahala o makatsa ebile e le o sa tloaelehang ho ba tletseng lipelaelo. Lekhetlong lena o tla nka khato ho loantša Bokreste-’mōtoana bo ipolelang hore bo rapela Molimo, joaloka Juda ea boholo-holo, empa bo bolile ka ho felletseng. A sebelisa Davida oa hae e Moholoanyane, Kreste Jesu, Jehova o tla tla holim’a “Bafilista” ba Bokreste-’mōtoana ka hora eo ba sa e lebellang. O tla phetha mosebetsi oa hae o sa tloaelehang ho isa bohōleng ba ho felisa mesaletsa ea ho qetela ea litsamaiso tsa bolumeli tsa Bokreste-’mōtoana.—Mattheu 13:36-43; 2 Ba-Thessalonika 1:6-10.

Ho Lemosa ka Khato ea Jehova

11, 12. Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa lemosa joang ka likahlolo tse tlang tsa Jehova?

11 Ka lilemo tse ngata, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa lemosa ka khato ena e tlang ea kahlolo ea Jehova. Li ’nile tsa bontša hore timetso ea Jerusalema le tempele ea eona ka 607 B.C.E. le ka 70 C.E. e ne e le litemoso tsa boprofeta tsa se tla etsahalla Bokreste-’mōtoana. Ho feta moo, li ’nile tsa bontša hore Bokreste-’mōtoana, ka baka la bokoenehi ba bona, bo fetohile karolo ea ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, e leng Babylona e Moholo. Ka lebaka lena, likahlolo tsa Molimo holim’a Babylona e Moholo li tla tšolleloa holim’a Bokreste-’mōtoana ka ho khetheha, kaha ke karolo e molato ka ho fetisisa ea sehlopha sena sa bosatane.—Tšenolo 19:1-3.

12 Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa bontša ka boprofeta ba Bibele hore ka nako e loketseng ea Jehova, barati ba Babylona e Moholo ba lipolotiki ba itšoereng hampe ba tla e fetohela. Ha e tšoantša barati bana le linaka tse leshome tsa sebata se ’mala oa sekarelata, Tšenolo ea lemosa: “Linaka tse leshome tseo u li boneng ho sebata, li tla hloea seotsoa [Babylona e Moholo], li se felise, li se hlobolise, li je nama tsa sona, ’me li se chese mollong.” (Tšenolo 17:16) Bolumeli ba Bokreste-’mōtoana bo tla chesoa le ho timetsoa hammoho le malumeli a mang ’ohle a bohata. Ena e tla ba khato ea Jehova e makatsang, mosebetsi oa hae o sa tloaelehang mehleng ea rōna.

13. Litsela tseo batho ba ’nileng ba itšoara ka tsona ha ba utloa litemoso tsa Jehova kajeno li tšoana joang le seo Esaia a ileng a thulana le sona?

13 Ha Lipaki tsa Jehova li bolela temoso ea timetso ena e tlang, hangata li tšehoa ka tsela e phoqang. Batho baa ipotsa hore li nahana hore ke bo-mang hoo li ka buang lintho tse joalo. Bokreste-’mōtoana bo bonahala bo tsitsitse haholo, bo theiloe ka ho tiileng. Ebile ba bang ba ikutloa hore boemo ba bona boa ntlafala. Mebuso e ’nileng ea bo hatella e sa tsoa bo fa tokoloho e eketsehileng ea ho etsa lintho. Leha ho le joalo, ha e le hantle Bokreste-’mōtoana bo lokela ho ela hloko keletso ea Esaia: “Le se ke la ’na la soma, mahlaahlela a lōna a tle a se ke a tiisoa; hobane ke utloile ho Morena, Jehova oa makhotla, hore tšenyeho ea lefatše lohle e reriloe.”—Esaia 28:22; 2 Petrose 3:3, 4.

14. Ke joang mahlaahlela a Bokreste-’mōtoana a tlang ho ba matla le ho feta ’me a tiee le ho feta?

14 Bokreste-’mōtoana haholo-holo bo tla tsoela pele e le sera sa Morena le ’Muso. (2 Ba-Thessalonika 2:3, 4, 8) Leha ho le joalo, ha bo ntse bo etsa joalo, mahlaahlela a bona a tla ba matla le ho feta ’me a tiee le ho feta. Ka mantsoe a mang, timetso ea bona e tlameha ho etsahala. Jehova a ke ke a fetola qeto ea hae ea ho timetsa Bokreste-’mōtoana joalokaha a sa ka a fetola qeto ea hae ea ho lumella ho timetsoa ha Jerusalema le tempele ea eona ka 607 B.C.E.

“Tlohang ho Eena”

15. Batho ba lipelo li ntle ba bulehetsoe ke tsela efe ea ho baleha?

15 Motho a ka balehela qetello ea Bokreste-’mōtoana joang? Morao koo mehleng ea Iseraele, Jehova o ile a roma baprofeta ba tšepahalang ho khutlisetsa ba lipelo li ntle borapeling bo hloekileng. Kajeno, o hlahisitse Lipaki tsa hae, tseo hona joale li baloang ka limillione, hore li ntšetse pele morero oona oo. Ka ho hloka tšabo li pepesa boemo ba ho shoa moeeng ha Bokreste-’mōtoana. Ka ho etsa joalo, ka botšepehi li bolela liphatlalatso tse kang likotlo tsa melumo ea terompeta ea mangeloi e ho Tšenolo likhaolo 8 le 9. Ho feta moo, li phatlalalitse ka matla khothatso e tlalehiloeng ho Tšenolo 18:4: “Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka, le se tšohe le . . . oeloa ke likotsi tsa hae.” “Eena” ea boleloang mona ke Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, eo Bokreste-’mōtoana e leng setho sa eona se ka sehloohong.

16. Ba limillione ba ’nile ba baleha bolumeling ba bohata ka tsela efe?

16 Ho tloha ka 1919, haholo-holo ho tloha ka 1922, bongata bo hōlang ba ba bonolo, bo arabelang khothatso eo, bo ’nile ba lahla Babylona e Moholo. Pele, ke ba likete, ea ntano ba ba makholo a likete, ’me hona joale ke ba limillione ba ’nileng ba ikarola bolumeling ba bohata, haholo-holo Bokreste-’mōtoana, ’me ba balehela borapeling bo hloekileng. (Esaia 2:2-4) Baa tseba hore ke ka ho lahla Babylona e Moholo feela ba ka qobang ho oeloa ke likotlo tsa eona, tse tla fihla sehlohlolong ka hore e timetsoe ha nako e fihla ea hore mosebetsi o sa tloaelehang oa Jehova o phethoe.

17, 18. Ke joang Jehova a fetohileng moqhaka o khabisang le moqhaka oa botle ho batho ba hae?

17 Moprofeta Esaia o hlalosa boemo ba thabo ba ba emang ka lehlakoreng la borapeli bo hloekileng. O re: “Tsatsing leo, Jehova oa makhotla e tla ba eena moqhaka oa mokhabo, le moqhaka o khanyang ho masala a sechaba sa hae, e be eena moea oa kahlolo ho ea lutseng ho ahlola, le matla a ba lelekisang lira ho isa likhorong tsa motse oa tsona.”—Esaia 28:5, 6.

18 Ka lebaka la botšepehi ba tsona ’neteng, Jehova ke moqhaka oa khanya o sa shoeng ho litho tsa sehlopha sa mohlanka ea tšepahalang le ea bohlale. Hona ho bile joalo haholo-holo ho tloha ka 1926. Selemong seo, tokollo ea The Watch Tower ea January 1 e ile ea hatisa tlhokahalo e matla ea ho tlotlisa lebitso la Jehova ka sehlooho se susumetsang se neng se re “Ke Mang ea Tla Hlompha Jehova?” Ho tloha ka nako eo, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ’nile ba phatlalatsa lebitso leo lefatšeng ka bophara ho feta leha e le neng pele. Ka 1931 ba ile ba khetholloa e le ba haufi haholoanyane le Jehova ka ho amohela lebitso la Lipaki tsa Jehova. Ho feta moo, bongata bo boholo ba linku tse ling le bona bo ’nile ba tsoa ho Bokreste-’mōtoana le ho Babylona e Moholo ka kakaretso. Le bona bo amohetse lebitso la Molimo. Phello e bile efe? Ho fapana le boipuso ba nakoana har’a sechaba se itseng, Jehova o fetohile moqhaka o khabisang le moqhaka oa botle ho batho ba fetang limillione tse ’nè linaheng tse ka bang 212 le lihleke-hlekeng tsa leoatle. Ke tlotla e khōlō hakaakang eo ba nang le eona ea ho jara lebitso la Molimo o le mong o phelang le oa ’nete!—Tšenolo 7:3, 4, 9, 10; 15:4.

“Moea oa Jehova o Tla Lula Holim’a Hae”

19. Ke mang ea lutseng hore a ahlole, ’me ke joang Jehova o fetohileng moea oa toka ho eena?

19 Jehova o fetohile “moea oa kahlolo” ho Jesu, “ea lutseng ho ahlola.” Ha Jesu a sa le lefatšeng, o ile a hana ho hlōloa ke moea o tahang oa ho etsa lilekane le lefatše. Kajeno, joaloka Morena oa Jehova ea behiloeng teroneng, o tletse moea o halalelang, o mo tataisang hore a etse liqeto tse leka-lekaneng, le tse bohlale. Boprofeta bona bo phethahetse ho Jesu: “Moea oa Jehova o tla lula holim’a hae, moea oa bohlale le oa kelello, moea oa keletso le oa matla, moea oa ho tseba le oa ho tšaba Jehova.” (Esaia 11:2) Ka sebele, a sebelisa Jesu, Jehova o tla etsa hore ‘toka e be khoèlè e lekanyang, ho loka e be khoèlè e otlollang.’ (Esaia 28:17, BPN) Ha lira tse tahiloeng moeeng li tla be li aparetsoe ke timetso, toka e tla etsoa lebitsong le halalelang la Jehova le bobusing ba bokahohle.

20, 21. Mantsoe a Esaia 28:1-22 a u ama ka tsela efe?

20 Ka hona, boprofeta boo ba Esaia khaolo ea 28 bo na le tlhaloso e babatsehang hakaakang bakeng sa rōna kajeno! Haeba re qoba matahoa a moea a Bokreste-’mōtoana le ho khomarela borapeli bo hloekileng, re tla sireletsoa mohla Jehova a nkang khato e makatsang le ho phetha mosebetsi oa hae o sa tloaelehang. Re thabile hakaakang ho tseba sena! ’Me re thaba hakaakang ho tseba hore ha lintho tsena li etsahala, e mong le e mong o tla qobelloa ho tseba hore Jehova oa makhotla o nkile khato molemong oa batho ba hae ba tšepahalang le ho tlotlisoeng ha hae ka Jesu Kreste!—Pesaleme ea 83:17, 18.

21 Kahoo e se eka Bakreste bohle ba tšepahalang ba ka tsoela pele ba se na tšabo ho lemosa ka khato e makatsang ea Jehova. A ba ke ba phehelle ho bolela ka mosebetsi oa hae o sa tloaelehang. Ha ba ntse ba etsa joalo, a ba ke ba bolelle bohle hore tšepo ea rōna e sa sisinyeheng e ’Musong oa Molimo tlas’a Morena oa hae ea behiloeng teroneng. E se eka cheseho ea bona, boikemisetso, le botšepehi li ka tlatsetsa thorisong ea ka ho sa feleng ea Molimo oa rōna o matla ’ohle, Jehova.—Pesaleme ea 146:1, 2, 10.

Na U ka Hopola?

◻ Ke hobane’ng ha Bokreste-’mōtoana bo le boemong bo kukunelang?

◻ Jehova o ne a rerile eng bakeng sa Jerusalema, ’me ke hobane’ng ha see e ne e le se “makatsang” le se “sa tloaelehang”?

◻ Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa phatlalatsa temoso efe mabapi le Bokreste-’mōtoana, ’me li ’nile tsa thulana le batho ba itšoarang joang?

◻ Batho ba ka qoba qetello ea Bokreste-’mōtoana joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Jehova o tla pheta a nke khato e makatsang, lekhetlong lena o tla e nka ha a loantša Bokreste-’mōtoana

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela