Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • O Ile a Shebella, ’me a Leta
    Molula-Qhooa—2008 | April 1
    • Moprofeta oa Jehova o ile a qala ho tsamaea ka tsela eo Akabe a tsamaileng ka eona. O ne a tlil’o tsamaea leeto le lelelele, tseleng e lefifi, e metsi. Empa ho ile ha etsahala ntho e sa tloaelehang.

      “Letsoho la Jehova la e-ba holim’a Elia, hoo a ileng a itlama letheka ’me a matha ka pel’a Akabe ho ea fihla Jezriele.” (Temana ea 46) Ho hlakile hore “letsoho la Jehova” le ne le sebetsa ho Elia ka tsela ea mohlolo. Jezriele e ne e le bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 30, ’me Elia o ne a se a hōlile.e Nahana feela ha moprofeta eo a itlama ka liaparo tsa hae tse telele, a li tlama thekeng e le hore li se ke tsa mo horeletsa ho tsamaea, a ntan’o matha tseleng eo e tletseng metsi—a papaela hoo a ileng a tšoara koloi ea morena, a e feta a ba a e siea!

      Ha ho pelaelo hore Elia o ile a ikutloa a hlohonolofalitsoe haholo. E tlameha ebe o ile a thaba ha a utloa a e-na le matla, mahlahahlaha le mokoka o joalo—oo mohlomong a neng a e-s’o ka a e-ba le oona le bocheng ba hae. Re ka ’na ra hopola boprofeta bo tiisang hore batho ba tšepahalang ba tla phela hantle ’me ba be mahlahahlaha lefatšeng le tlang la Paradeise. (Esaia 35:6; Luka 23:43) Ha Elia a ntse a matha tseleng eo e metsi, o ne a kholisehile hore o khahlisa Ntate oa hae, Molimo a le mong feela oa ’nete, Jehova.

  • O Ile a Shebella, ’me a Leta
    Molula-Qhooa—2008 | April 1
    • e Kapele ka mor’a moo, Jehova o ne a tla laela Elia hore a koetlise Elisha, ea neng a tla tsejoa e le ea “ea ileng a tšela metsi matsohong a Elia.” (2 Marena 3:11) Elisha e ile ea e-ba mohlanka oa Elia, mohlomong a thusa monna-moholo ho phetha mabaka a itseng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela