Thuto e Molemo ka Naha e Tšepisitsoeng
NAHA E TŠEPISITSOENG e tlalehiloeng ka Bibeleng e ne e ikhetha ka hohle-hohle. Sebakeng sena se batlang se le senyenyane, re fumana libōpeho tse ngata tse sa tšoaneng tsa naha. Ka leboea, ho na le litlhōrō tsa lithaba tse kupelitsoeng ke lehloa; ka boroa, ke libaka tse chesang. Ho na le libaka tsa mabalane tsa chai, libaka tsa mafeella tse se nang baahi, le libaka tse maralla tsa lirapa tsa lifate tsa litholoana le makhulo a mehlape.
Ho se tšoane ho teng bophahamong ba naha ena, boemong ba eona ba mocheso le mohatsela, le mobung oa eona, ho entse hore ho be le mefuta e sa tšoaneng ea lifate, lihlahla le limela tse ling—ho kopanyelletsa le tse ling tse atlehang libakeng tse batang tse lithabeng, tse ling tse hōlang mahoatateng a mocheso o tlabolang, le tse ling hape tse natlafalang lithoteng tsa mahoholi kapa lihlabeng tse mafika. Setsebi se seng sa thuto ea bophelo ba limela se hakanya hore limela tse sa tšoaneng tse ka bang 2 600 li ka fumanoa sebakeng sena! Baiseraele ba pele ba ileng ba hloela naha ba ile ba bona bopaki bo totobetseng ba kamoo boemo bo tla ba kateng. Phuleng e ’ngoe e phallang metsi, ba ile ba khutla le lesihla la morara le neng le le leholo hoo le ileng la lokela ho jaroa ke banna ba babeli ka lekala la sefate le fohliloeng! Ka nepo, phula eo e ne e bitsoa Eshkole, ho bolelang “Lesihla [la Morara].”a—Numere 13:21-24.
Empa, joale a re ke re hlahlobeleng haufi tse ling tsa libōpeho tsa mochophoro ona oa naha e ikhethang, haholo-holo karolong e ka boroa.
Shefela
Lebōpo le ka bophirimela la Naha e Tšepisitsoeng ke lebōpo la eona leo ho lona e leng Leoatle la Mediterranean. Shefela e lik’hilomithara tse ka bang 40 ho kenella hare ho naha. Lentsoe “Shefela” le bolela “Mabalane,” empa bonneteng sebaka sena se maralla, ’me se ka bitsoa mabalane hafeela se bapisoa le lithaba tsa Juda tse ka bochabela.
Hlahloba ’mapa o kenyelelitsoeng ’me u hlokomele kamoo Shefela e amanang le libaka tse e pota-potileng. Ho ella ka bochabela ke lithaba tsa Juda; ho ea ka bophirimela, ke thota ea Filistia e lebōpong la leoatle. Kahoo, Shefela e ne e le joaloka moeli, mokoallo o thibelang oo mehleng ea Bibele o neng o arotse batho ba Molimo ho lira tsa bona tsa boholo-holo. Lebotho la ntoa leha e le lefe le neng le futuha le e-tsoa bophirimela, le ne le lokela ho phunyelletsa le Shefela pele le ka hlasela Jerusalema, motse-moholo oa Iseraele.
Ketsahalo ea mofuta oo e ile ea etsahala lekholong la borobong la lilemo B.C.E. Bibele e tlaleha hore Morena Hazaele oa Syria o ile “a futuha, a tla loantša Gathe [hoo e ka bang moeling oa Shefela], a o nka. Hazaele a ntoo rera ho futuhela Jerusalema.” Morena Joase o ile a khona ho emisa Hazaele, a mo qekisa ka matlotlo a bohlokoa a neng a e-tsoa tempeleng le ntlong ea borena. Leha ho le joalo, tlaleho ena e hlakisa hore Shefela e ne e le bohlokoa haholo tšireletsong ea Jerusalema.—2 Marena 12:17, 18.
Re ka fumana thuto e molemo ho sena. Hazaele o ne a batla ho hapa Jerusalema, empa, o ne a lokela ho phunyelletsa le Shefela pele. Ka ho tšoanang, Satane Diabolose o ‘batla ho harola’ bahlanka ba Molimo, empa hangata o lokela ho phunyelletsa moeli o thata pele—ho khomarela ha bona ka botšepehi melao-motheong ea Bibele, e kang e mabapi le litloaelano tse mpe le lerato la lintho tse bonahalang. (1 Petrose 5:8; 1 Bakorinthe 15:33; 1 Timothea 6:10) Ho sekisetsa melao-motheo ea Bibele hangata ke bohato ba pele bo lebisang ho etseng libe tse tebileng. Kahoo, lula u sirelelitse moeli oo. Latela melao-motheo ea Bibele kajeno, ’me u ke ke ua tlōla melao ea Molimo hosasa.
Naha e Maralla ea Juda
Hare-hare ho naha ho tloha Shefela ke naha e maralla ea Juda. Sena ke sebaka se lithaba se neng se hlahisa lijo-thollo tse ngata, oli ea mohloaare, le veine. Ka lebaka la ho ba phahameng, Juda e ne e boetse e le seqhobo se setle haholo. Ka hona, Morena Jothame o ile a “haha liqhobosheane le litora” moo. Linakong tsa bothata, batho ba ne ba ka balehela mona bakeng sa polokeho.—2 Likronike 27:4.
Jerusalema, eo hape e neng e bitsoa Sione, e ne e le karolo e ka sehloohong ea naha e maralla ea Juda. Jerusalema e ne e bonahala eka e sireletsehile kaha e ne e pota-potiloe ke likhohlo ka mahlakoreng a mararo, ’me ho latela rahistori oa lekholong la pele la lilemo, Josephus, karolo e ka leboea e ne e sirelelitsoe ka marako a mararo. Empa seqhobo se hloka ho fetang marako le libetsa hore se lule se sireletsehile. Se boetse se lokela ho ba le metsi. Sena ke sa bohlokoa haholo nakong eo motse o thibeletsoeng ke sera, kaha ntle le metsi, ka potlako baahi ba motse o thibeletsoeng ba tla qobelleha ho inehela.
Jerusalema e ne e fumana phepelo ea metsi Letamong la Siloame. Leha ho le joalo, nakong ea lekholo la borobeli la lilemo B.C.E., a lebeletse ho thibelloa ke Baassyria, Morena Ezekiase o ile a haha lerako kantle ho sireletsa Letamo la Siloame, a le kopella ka har’a motse. O ile a boela a kata liliba tse kantle ho motse, e le hore Baassyria ba tlang ho ba thibella ba ka thulana le bothata ba ho iphumanela metsi. (2 Likronike 32:2-5; Esaia 22:11) Hase hoo feela. Ezekiase o ile a fumana tsela ea ho khelosetsa phepelo e eketsehileng ea metsi ka hare ho Jerusalema!
Ho se ’nileng sa bitsoa bo bong ba boqapi bo bohlalehali ba boholo-holo, Ezekiase o ile a cheka kotopo ho tsoa selibeng sa Gihone ho tla fihla Letamong la Siloame.b E ka ba bophahamo ba limithara tse 1,8, kotopo ena e ne e le bolelele ba limithara tse 533. Ak’u nahane ka eona—kotopo e bolelele boo e batlileng e ba halofo ea k’hilomithara, e fatiloe lefikeng! Kajeno, lilemo tse ka bang 2 700 hamorao, baeti ba Jerusalema ba ka qaputsa ka hare ho boqapi bona bo tsoileng matsoho, boo ka tloaelo bo bitsoang kotopo ea Ezekiase.—2 Marena 20:20; 2 Likronike 32:30.
Boiteko ba Ezekiase ba ho sireletsa le ho eketsa phepelo ea metsi Jerusalema bo ka re ruta thuto e molemo. Jehova ke “mohloli oa metsi a phelang.” (Jeremia 2:13, NW) Mehopolo ea hae, e ka Bibeleng, ea phelisa. Ke ka hona thuto ea botho ea Bibele e leng bohlokoa. Empa monyetla oa ho ithuta, le tsebo e tla fumaneha ka mor’a moo, li ke ke tsa lelemella habonolo feela ho uena. Ho ka ’na ha hlokahala hore u ‘cheke likotopo,’ joaloka kemisong ea hao e petetsaneng ea letsatsi le letsatsi, e le hore u ka li etsetsa sebaka. (Liproverbia 2:1-5; Baefese 5:15, 16) Hang ha u qalile, khomarela kemiso ea hao, u behe thuto ea hao ea botho ka pele ho lintho tsohle. E-ba hlokolosi hore u se lumelle leha e le mang kapa ntho leha e le efe ho u koalla phepelo ena ea metsi a bohlokoa.—Bafilippi 1:9, 10.
Libaka Tsa Mafeella
Ho ella ka bochabela ho lithaba tsa Juda, ke Lefeella la Juda, leo hape le bitsoang Jeshimone, e bolelang “Lehoatata.” (1 Samuele 23:19, bona NW mongolong o botlaaseng ba leqephe.) Leoatleng la Letsoai, sebaka sena se letsoatlara se na le likhohlo tse mafika le lilomo tse liphoko li matsutla-tsutla. Le theoha ka limithara tse 1 200 lik’hilomithareng tse 24 feela, Lefeella la Juda le siretse meeeng e jereng pula e hlahang bophirimela, ’me kahoo, le fumana pula e fokolang. Ntle ho pelaelo, lena ke lefeella leo phooko ea Azazele e neng e romeloa ho lona Letsatsing la ho Koaheloa ha Libe la selemo le selemo. Ke moo hape Davida a ileng a ea teng ha a baleha Saule. Mona, Jesu o ile a itima lijo ka matsatsi a 40 ’me hamorao a lekoa ke Diabolose.—Levitike 16:21, 22; sehlohoana sa Pesaleme ea 63; Matheu 4:1-11.
Lik’hilomithara tse ka bang 160 ka boroa-bophirimela ho Lefeella la Juda ke Lefeella la Parane. Boholo ba libaka tseo Baiseraele ba ileng ba aha liahelo ho tsona nakong ea ha ba ne ba le leetong la lilemo tse 40 ho tsoa Egepeta ho ea Naheng e Tšepisitsoeng, li ne li le mona. (Numere 33:1-49) Moshe o ile a ngola ka “nahathothe eo e kholo, e tšabehang, e nang le linoha tse chesang le liphepheng, naha e omeletseng, e se nang metsi.” (Deuteronoma 8:15) Ke mohlolo hore limilione tsa Baiseraele li ne li ka pholoha! Leha ho le joalo, Jehova o ile a ba tšehetsa.
E se eka sena e ka ba khopotso ea hore le rōna Jehova a ka re tšehetsa, esita le lefatšeng lena le letsoatlara moeeng. E, le rōna re tsamaea har’a linoha le liphepheng, le hoja e se tsa sebele. Ho ka etsahala hore letsatsi le letsatsi re kopane le batho bao ho sa reng teke! ho bona ho bua puo e chefo e ka silafatsang monahano oa rōna habonolo. (Baefese 5:3, 4; 1 Timothea 6:20) Ba phehellang ho sebeletsa Molimo ho sa tsotellehe litšitiso tsena ba lokela ho babatsoa. Botšepehi ba bona ke bopaki bo tiileng ba hore ka sebele Jehova o ba tšehelitse.
Maralla a Karmele
Lebitso Karmele le bolela “Serapa sa Lifate tsa Litholoana.” Sebaka sena se nonneng se ka leboea, se lik’hilomithara tse ka bang 50 ka bolelele, se khabile ka masimo a morara, lifate tsa mohloaare le lifate tsa litholoana. Hloahloa ea mokoloko ona oa maralla ha e lebalehe ka lebaka la khahleho le botle ba eona. Esaia 35:2 (NW) e bua ka “botle bo khanyang ba Karmele” e le tšoantšetso ea khanya e behang litholoana ea naha e tsosolositsoeng ea Iseraele.
Liketsahalo tse ’maloa tse hlaheletseng li ile tsa etsahala Karmele. Ke sebakeng sena moo Elija a ileng a phephetsa baprofeta ba Baale ’me ‘mollo oa Jehova oa theoha’ e le bopaki ba matla a phahameng a Hae. Hape, Elija o ne a le tlhōrōng ea Karmele ha a hlokomelisa ka lerunyana le ileng la fetoha pula ea litloebelele, eo ka mohlolo e ileng ea felisa komello ea Iseraele. (1 Marena 18:17-46) Mohlahlami oa Elija, Elisha, o ne a le Thabeng ea Karmele ha mosali oa Shuneme a fihla a mo kōpa thuso bakeng sa ngoana oa hae ea shoeleng, eo ka mor’a moo Elisha a ileng a mo tsosa bafung.—2 Marena 4:8, 20, 25-37.
Methipoloha ea Karmele e ntse e e-na le lirapa tsa lifate tsa litholoana, le lifate tsa morara. Nakong ea selemo, lithung-thung tse khahlang mahlo li aleha methipoloheng ena. Solomone o ile a re ho moroetsana oa Moshulame: “Hlooho ea hao e phahamile, e tšoana le Karmele,” mohlomong a bua ka mokhoa o sa tobang ka moriri oa hae o neng o ikhetha ka ho feletseng kapa ka tsela eo hlooho e bōpehileng ea hae e neng e eme ka bokhabane holim’a molala oa hae.—Sefela sa Lifela 7:5.
Botle bo khanyang boo e neng e le sebōpeho sa maralla a Karmele bo re hopotsa ka botle ba moea boo Jehova a bo nehileng mokhatlo o hlophisitsoeng oa barapeli ba hae ba mehleng ena. (Esaia 35:1, 2) Ka sebele Lipaki tsa Jehova li phela paradeiseng ea moea, ’me li lumellana le mehopolo ea Morena Davida ea ileng a ngola: “Ke neiloe kabelo ea ka nģalong tse ntle, le lefa la ka linaheng tse khahlehang.”—Pesaleme ea 16:6.
Bonneteng, ho na le liphephetso tse ngata tse boima tseo kajeno sechaba sa moea sa Molimo se lokelang ho tobana le tsona, feela joalokaha Baiseraele ba boholo-holo ba ile ba kopana le khanyetso e sa khaotseng e tsoang ho lira tsa Molimo. Leha ho le joalo, le ka mohla Bakreste ba ’nete ha ba hlokomolohe tlhohonolofatso eo Jehova a faneng ka eona—ho kopanyelletsa kutloisiso ea ’nete ea Bibele e ntseng e eketseha, kutloano ea bara ba motho ea lefatše ka bophara, le monyetla oa ho fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise.—Liproverbia 4:18; Johanne 3:16; 13:35.
“Joaloka Serapa sa Jehova”
Naha e Tšepisitsoeng ea boholo-holo e ne e khahlisa mahlo. E hlalositsoe ka ho nepahala e le “e kollang lebese le linotši.” (Genese 13:10; Exoda 3:8) Moshe o ile a e bitsa ‘naha e ntle, naha e nang le linōkana tse phallang metsi; naha ea liliba le mehloli e kopotsang likhohlong le lithabeng. Naha ea koro, le harese, le morara, le lifate tsa feiee, le likharenate; naha ea lifate tsa mohloaare, le mahe a linotši; naha e sa hlokeng letho, eo ho eona le tla ja, le se ke la hloka letho; naha eo majoe a eona a nang le tšepe, eo lithabeng tsa eona le tlang ho cheka lethose.’—Deuteronoma 8:7-9, BPN.
Haeba Jehova a ne a ka fana ka naha e nonneng, e ntle joalo bakeng sa batho ba hae ba boholo-holo, ka sebele a ka neha bahlanka ba hae ba tšepahalang ba mehleng ena paradeise e khanyang e nametseng lefatšeng ka bophara—e nang le lithaba, liphula, linōka le matša. E, Naha e Tšepisitsoeng ea boholo-holo e ne e mpa e le pontšo ea pejana ea paradeise ea moea eo Lipaki tsa hae li e thabelang kajeno le ea Paradeise ea ka moso ea lefatše le lecha. Moo, tšepiso e tlalehiloeng ho Pesaleme ea 37:29 e tla phethahala: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.” Ha Jehova a neha batho ba mo mamelang lehae leo la Paradeise, ba tla thaba hakaakang ho hlahloba “likamore” tsohle tsa lona ’me e le ka ho sa feleng!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lesihla le leng la morara le tsoang sebakeng sena le ile la tlalehoa le le boima ba lik’hilograma tse 12, ’me le leng le le ka holimo ho boima ba lik’hilograma tse 20.
b Seliba sa Gihone se ne se batla se le kantle ho moeli oa Jerusalema o ka bochabela. Se ne se patehile ka lehaheng; kahoo, e ka ’na eaba Baassyria ba ne ba sa tsebe hore se teng.
[’Mapa o leqepheng la 4]
GALILEA
Thaba ea Karmele
Leoatle la Galilea
SAMARIA
SHEFELA
Lithaba tsa Juda
Leoatle la Letsoai
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
NASA photo
[’Mapa o leqepheng la 4]
Shefela e ne e le mokoallo lipakeng tsa batho ba Molimo le lira tsa bona
MI 0 5 10
KM 0 8 16
Thota ea Filistia
Shefela
Naha e Maralla ea Juda
Lefeella la Juda
Khohlo
Leoatle la Letsoai
Naha ea Ammone le ea Moabe
[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 5]
Kotopo ea Ezekiase: E bolelele ba limithara tse 533, e fatiloe lefikeng
Phula ea Tyropoeone
Siloame
MOTSE OA DAVIDA
Phula ea Kidrone
Gihone
[Litšoantšo tse leqepheng la 6]
Lefeelleng la Juda, Davida o ile a tšabela teng ha a baleha Saule. Hamorao, Jesu o ne a le mona ha a lekoa ke Diabolose
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Thaba ea Karmele, moo Elija a ileng a kokobetsa baprofeta ba Baale
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
[Litšoantšo tse leqepheng la 8]
“Morena Molimo oa lōna, o le isa naheng e ntle, naha e nang le linōkana tse phallang metsi; naha ea liliba le mehloli e kopotsang likhohlong le lithabeng.”—Deuteronoma 8:7, BPN