Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 1/1 maq. 12-17
  • “Na Pelo ea Hao ea Tšepahala ho ’na?”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Na Pelo ea Hao ea Tšepahala ho ’na?”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehu oa Kajeno le Jonadabe oa Kajeno
  • Ba Ntse ba Bolela ka Cheseho
  • Ho Ema ka Tieo
  • Mokete oa Sehopotso o Ikhethang
  • “Bo Tsoa Lichabeng Tsohle le Melokong Eohle . . . le Malemeng ’Ohle”
  • ‘Ho Lula ka Koloing’
  • Jehu o Tšehetsa Borapeli bo Hloekileng ka Cheseho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Ke Mang ea Tla Pholoha “Letsatsi la Jehova”?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ena ke Nako ea ho Etsa Qeto
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Buka ea Bibele ea 12—2 Marena
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 1/1 maq. 12-17

“Na Pelo ea Hao ea Tšepahala ho ’na?”

“Tsamaea le ’na ’me u bone kamoo ke sa mamelleng tlhōlisano mabapi le Jehova kateng.”—2 MARENA 10:16, NW.

1, 2. (a) Boemo ba bolumeli ba Iseraele bo ile ba tsoela pele ho mpefala joang? (b) Ke liphetoho life tse hapang tlhokomelo tse neng li le haufi le ho etsahala Iseraeleng ka 905 B.C.E.?

SELEMO sa 905 B.C.E. e ne e le nako ea phetoho e khōlō Iseraeleng. Lilemo tse ka bang 100 pejana, Jehova o ne a entse hore ’muso o kopaneng oa Iseraele o arohane ka lebaka la bokoenehi ba Solomone. (1 Marena 11:9-13) ’Muso o ka boroa, e leng Juda, ka nako eo o ne o busoa ke mora oa Solomone, Rehoboame, ha ’muso o ka leboea, oa Iseraele, o ne o le tlas’a Morena Jeroboame, Moefraime. Ka masoabi ’muso o ka leboea o ile oa qala hampe. Jeroboame o ne a sa batle hore bahlanka ba hae ba ee ’musong o ka boroa ho ea rapela tempeleng, a tšaba hore ba ne ba tla ba le maikutlo a ho khutlela ntlong ea Davida. Ka hona o ile a theha borapeli ba namane Iseraeleng ka tsela eo a beha mohlala oa borapeli ba litšoantšo bo ileng ba tšoarella ho isa bohōleng bo itseng ho pholletsa le histori ea ’muso o ka leboea.—1 Marena 12:26-33.

2 Boemo bo ile ba mpefala ha Akabe, mor’a Omri, e e-ba morena. Jezebele, mosali oa hae oa molichaba o ile a ntšetsa pele borapeli ba Baale ’me a bolaea baprofeta ba Jehova. Ho sa tsotellehe litemoso tse tobileng tsa moprofeta Elija, Akabe ha aa ka a etsa letho ho mo thibela. Leha ho le joalo, ka 905 B.C.E., Akabe o ne a shoele, ’me Jorame, mora oa hae a busa. Joale e ne e le nako ea hore naha e hloekisoe. Elisha, mohlahlami oa Elija o ile a bolella Jehu, molaoli oa sesole hore Jehova o ne a mo tlotsetsa ho ba morena ea latelang oa Iseraele. Thōmo ea hae e ne e le efe? Ho timetsa ba ntlo ea Akabe ea baetsalibe le ho pheteletsa mali a baprofeta a neng a tšolotsoe ke Jezebele!—2 Marena 9:1-10.

3, 4. Jonadabe o ile a bontša joang hore pelo ea hae e ne e ‘tšepahala ho ea Jehu’?

3 Kaha Jehu o ile a mamela taelo ea Molimo, o ile a bolaea Jezebele e mobe, ’me ka mor’a moo a qala ho hloekisa Iseraele ka ho timetsa ba ntlo ea Akabe. (2 Marena 9:15–10:14, 17) Eaba o kopana le motšehetsi e mong. “O ile a kopana le Jonadabe mor’a Rekabe a tlil’o mo khahlanyetsa. Ha a mo hlohonolofatsa, ka ho loketseng o ile a re ho eena: ‘Na pelo ea hao ea tšepahala ho ’na feela joalokaha pelo ea ka e tšepahala ho ea hao?’ Ho sena Jonadabe o ile a re: ‘Ho joalo.’ ‘Haeba ho joalo, mphe letsoho la hao.’ Ka hona o ile a mo fa letsoho la hae. Eaba o mo nyollela koloing hore a palame le eena. Joale a re: ‘Tsamaea le ’na ’me u bone kamoo ke sa mamelleng tlhōlisano mabapi le Jehova kateng.’ ’Me ba tsamaea le eena ka koloi ea hae ea ntoa.”—2 Marena 10:15, 16, NW.

4 Jonadabe e ne e se Moiseraele. Leha ho le joalo, tumellanong le lebitso la hae (le bolelang “Jehova o Ikemiselitse,” “Jehova oa Hlompheha,” kapa “Jehova o Fana ka Seatla se Bulehileng”) e ne e le morapeli oa Jehova. (Jeremia 35:6) Ka sebele, o ne a e-na le thahasello e sa tloaelehang ha a bona kamoo Jehu a “sa mamelleng tlhōlisano mabapi le Jehova kateng.” Re tseba joang? Ha e le hantle, ho kopana ha hae le morena oa Iseraele ea tlotsitsoeng e ne e se ha tšohanyetso. Jonadabe o ne a “tlil’o mo khahlanyetsa,” ’me sena se etsahetse nakong eo ka eona Jehu a neng a se a bolaile Jezebele le ba bang ba ntlo ea Akabe. Jonadabe o ne a tseba se etsahalang ha a ne a amohela memo ea Jehu ea ho nyolohela koloing ea hae. Ha ho pelaelo hore o ne a le ka lehlakoreng la Jehu—le la Jehova—ntoeng ena e lipakeng tsa borapeli ba bohata le ba ’nete.

Jehu oa Kajeno le Jonadabe oa Kajeno

5. (a) Ke liphetoho life tse tla tloha li etsahalla moloko oohle oa batho? (b) Jehu e Moholoanyane ke mang, ’me ke bo-mang ba mo emelang lefatšeng?

5 Kajeno, lintho li tla tloha li fetoha haholo bakeng sa moloko oohle oa batho joalokaha li ile tsa fetoha bakeng sa Iseraele morao koo ka 905 B.C.E. Hona joale nako e atametse ea ha Jehova a tla hloekisa lefatše liphellong tsohle tse mpe tsa tšusumetso ea Satane, ho akarelletsa le bolumeli ba bohata. Jehu oa kajeno ke mang? Hase mang kapa mang haese Jesu Kreste, eo ho tobisoang mantsoe ana a boprofeta ho eena: “Itlamelle sabole ea hao lehlakoreng la hao; ke hlopheho ea hao le khanya ea hao! Khanyeng ea hao u hloelle koloing ea hao ea hlōlo, u loanele ’nete le molemo le ho loka.” (Pesaleme ea 45:3, 4) Lefatšeng Jesu o emetsoe ke “Iseraele ea Molimo,” Bakreste ba tlotsitsoeng “ba bolokang litaelo tsa Molimo ’me ba e-na le mosebetsi oa ho paka ka Jesu.” (Bagalata 6:16; Tšenolo 12:17) Ho tloha ka 1922 bara bana babo Jesu ba tlotsitsoeng ba lemositse ka likahlolo tsa Jehova tse tlang ba sa tšabe letho.—Esaia 61:1, 2; Tšenolo 8:7–9:21; 16:2-21.

6. Ke bo-mang ba tsoileng lichabeng bakeng sa ho tšehetsa Bakreste ba tlotsitsoeng, ’me ba kene koloing ea Jehu e Moholoanyane, ka tsela ea tšoantšetso joang?

6 Bakreste ba tlotsitsoeng ha baa ka ba e-ba bang. Joalokaha Jonadabe a ile a kopana le Jehu, ba bangata ba tsoang lichabeng ba ’nile ba tla tšehetsa Jesu, Jehu e Moholoanyane, le baemeli ba hae ba lefatšeng ha ba emela borapeli ba ’nete. (Zakaria 8:23) Kaha li bitsitsoe ke Jesu “linku tse ling” tsa hae, ka 1932 ho ile ha hlokomeloa hore ke sehlopha sa kajeno se lekanang le Jonadabe oa boholo-holo ’me li ile tsa memeloa ho ‘kena ka koloing’ ea Jehu oa kajeno. (Johanne 10:16) Joang? Ka ho ‘boloka litaelo tsa Molimo’ le ho kopanela le batlotsuoa ‘mosebetsing oa ho paka ka Jesu.’ Mehleng ea kajeno, sena se akarelletsa le boboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo o hlonngoeng tlas’a Jesu e le Morena. (Mareka 13:10) Ka 1935 “Bajonadabe” bana ba ile ba tsebahatsoa e le “bongata bo boholo” ba Tšenolo 7:9-17.

7. Bakreste kajeno ba bontšitse joang hore ‘lipelo tsa bona li ntse li tšepahala’ ho ea Jesu?

7 Ho tloha lilemong tsa bo-1930, bongata bo boholo le barab’abo bona ba tlotsitsoeng ka sebete ba bontšitse hore ba tšehetsa borapeli ba ’nete. Linaheng tse itseng tsa Europe Bochabela le Bophirimela, Bochabela bo Hōle le Afrika, ba bangata ba bona ba shoetse tumelo ea bona. (Luka 9:23, 24) Linaheng tse ling, ba ’nile ba kenngoa literonkong, ba hlaseloa ke lihlopha tsa mahoohoo kapa ba hlorisoa. (2 Timothea 3:12) Ba entse tlaleho e hlollang hakaakang ea tumelo! ’Me Tlaleho ea Selemo sa Tšebeletso sa 1997 e bontša hore ba sa ntse ba ikemiselitse ho sebeletsa Molimo ho sa tsotellehe liphello. ‘Lipelo tsa bona li sa ntse li tšepahala’ ho ea Jesu. Sena se ile sa bontšoa ka 1997, ha bahoeletsi ba ’Muso ba 5599-931, hoo e ka bang kaofela ha bona e le “Bajonadabe,” ba qeta lihora tse 1179 735 841 mosebetsing oa ho paka ka Jesu.

Ba Ntse ba Bolela ka Cheseho

8. Lipaki tsa Jehova li bontša cheseho ea tsona joang borapeling ba ’nete?

8 Jehu o ne a tumme ka ho khanna koloi ea hae ka lebelo le phahameng—e leng bopaki ba cheseho ea hae ea ho finyella mosebetsi oa hae. (2 Marena 9:20) Jesu, e leng Jehu e Moholoanyane, o hlalosoa e le ea ‘jeloeng’ ke cheseho. (Pesaleme ea 69:9) Joale, ha ho makatse hore ebe kajeno Bakreste ba ’nete, ba tumme ka cheseho ea bona. Ka har’a phutheho le sechabeng, ba ‘bolela lentsoe ka potlako nakong e tšoanelehang, nakong e likhathatso.’ (2 Timothea 4:2) Cheseho ea bona ka ho khetheha e ile ea bonahala karolong e qalang ea 1997 ka mor’a hore sehlooho se ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso se khothalletse ba bangata kamoo ho ka khonehang ho kopanela tšebeletsong ea bopula-maliboho bo thusang. Naheng ka ’ngoe ho ile ha behoa pakane ea palo ea bo-pula-maliboho ba thusang. Karabelo e bile efe? E ikhethang! Makala a mangata a ile a feta palo e neng e behiloe. Ecuador e ile ea ipehela pakane ea ba 4000 empa ka March bo-pula-maliboho ba thusang ba 6936 ba ile ba tlaleha. Japane ho ile ha tlaleha ba 104 215 likhoeling tseo tse tharo. Zambia, moo ho neng ho behiloe pakane ea 6000, bo-pula-maliboho ba 6414 ba ile ba tlaleha ka March; ba 6532 ka April; le ba 7695 ka May. Lefatšeng lohle, tlhōrō ea bo-pula-maliboho ba thusang le ba kamehla e ne e le 1110 251, e leng keketseho ea 34,2 lekholong ho feta ka 1996!

9. Ho phaelleng mosebetsing oa ntlo le ntlo, Lipaki tsa Jehova li fumana batho bao li ba bolellang litaba tse molemo ka litsela life tse ling?

9 Moapostola Pauluse o ile a bolella baholo ba Efese: “Ke ne ke sa ithibe ho le bolelleng leha e le efe ea lintho tse neng li le molemo leha e le ho le ruteng phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.” (Liketso 20:20) Lipaki tsa Jehova kajeno li etsisa mohlala oa Pauluse ’me ka cheseho li bolela litaba tse molemo ka ntlo le ntlo. Leha ho le joalo, ho ka ’na ha se be bonolo ho fumana batho malapeng a bona. Kahoo, “lekhoba le tšepahalang le le masene” le khothalletsa bahoeletsi ba ’Muso ho atamela batho libakeng tsa bona tsa khoebo, literateng, mabōpong a leoatle, lirapeng tsa sechaba tsa boikhathollo—hohle moo batho ba fumanehang. (Matheu 24:45-47) Liphello e bile tse babatsehang.

10, 11. Bahoeletsi ba linaha tse peli ba bontšitse joang boikemisetso bo molemo ba ho fumana ba thahasellang bao ka tloaelo ba sa fumaneheng lapeng?

10 Copenhagen, Denmark, sehlopha se senyenyane sa bahoeletsi se ’nile sa paka literateng tse ka ntle ho liteishene tsa terene. Ho tloha ka January ho ea ho June, ba ile ba tsamaisa limakasine tse 4733, ba bile le lipuisano tse babatsehang, ’me ba etsa maeto a ho boela a mangata. Bahoeletsi ba bangata naheng eo ba entse litselana tsa limakasine mabenkeleng. Motse o mong o na le ’maraka o moholo o sebelisoang ka Labohlano le leng le le leng, moo ho bang le baeti ba likete. Ka hona phutheho e lokiselitse bopaki ba kamehla ba ’marakeng. Sebakeng se seng likolo li eteloa ka sephutheloana sa boitsebiso se tšetseng lingoliloeng tseo ka ho khethehileng li loketseng mesuoe ea likolo.

11 Hawaii ho boetse ho entsoe boiteko ba ho finyella ba sa fumaneheng lapeng. Masimo a khethehileng a akarelletsa libaka tse bulehileng (literata, lirapa tsa boikhathollo, moo ho pakoang likoloi le liemelo tsa libese), litoropo, litsi tsa khoebo le liemelo tsa lifofane, ho paka ka thelefono, lipalangoang tsa sechaba (ho bolela libeseng) le likolecheng. Ho etsoa bonnete ba hore tšimo ka ’ngoe e abeloa palo e lekaneng ea Lipaki le hore tse abetsoeng li koetlisoa ka ho loketseng. Ho tlalehoa hore linaheng tse ngata ho entsoe boiteko bo hlophisitsoeng hantle bo tšoanang le bona. Ka lebaka leo, ho kopanoa le batho ba thahasellang bao ho neng ho ka etsahala hore le ka mohla ba se ke ba fumanoa tšebeletsong ea ntlo le ntlo.

Ho Ema ka Tieo

12, 13. (a) Satane o ile a sebelisa leqheka lefe khahlanong le Lipaki tsa Jehova ka 1997? (b) Litlaleho tse mpe li bile le liphello tse sa lebelloang joang naheng e ’ngoe?

12 Linaheng tse ’maloa ka 1997, Lipaki tsa Jehova e bile bahlaseluoa ba liphatlalatso tse mpe tsa bohata, tse mabifi tse khothalletsoang ka pakane e totobetseng ea ho nka bohato ba molao bo ka khonehang khahlanong le tsona. Empa ha lia ka tsa checha! (Pesaleme ea 112:7, 8) Li ile tsa hopola thapelo ea mopesaleme: “Baikakasi ba nketselletsa ka leshano; empa ’na, ke boloka litemoso tsa hao ka pelo ea ka eohle.” (Pesaleme ea 119:69) Ho phatlalatsa mashano a joalo e mpa feela e le bopaki ba ho hlouoa ha Bakreste ba ’nete joalokaha Jesu a profetile. (Matheu 24:9) ’Me ka linako tse ling a ’nile a e-ba le liphello tse sa lebelloang. Monna e mong oa Belgium o ile a bala sehlooho se buang Lipaki tsa Jehova hampe koranteng e tsebahalang ea letsatsi le letsatsi. Kaha o ne a makalitsoe ke liketselletso tsena, o ile a ea sebokeng Holong ea ’Muso ka Sontaha se latelang. O ile a lokisetsa ho ithuta Bibele le Lipaki ’me a tsoela pele ka potlako. Pele, monna enoa e ne e le setho sa kenke e itseng. Ho ithuta ha hae Bibele ho ile ha mo thusa ho hloekisa bophelo ba hae, e leng ntho e ileng ea hlokomeloa ke batho ba mo potolohileng. Ka sebele, mongoli oa sehlooho sena se tletseng liketselletso o ne a sa nahane ka phello e joalo!

13 Batho ba bang ba Belgium ba lipelo li tšepahalang ba buile khahlanong le liphatlalatso tse mpe tse thetsang. Har’a bona ho ne ho e-na le tona-khōlō e ileng ea lumela hore e hloletsoe ke seo Lipaki tsa Jehova li se finyeletseng. ’Me motlatsi oa eona o ile a ngola: “Ho fapana le lipolelo tsena tse senyang lebitso tse hasoang ka linako tse ling, ho ’na [Lipaki tsa Jehova] ho hang ha li bonahale li le kotsi tsamaisong ea Naha. Ke baahi ba ratang khotso, ba sebetsang tumellanong le matsoalo a bona le ba hlomphehang ho ba boholong.” Ka sebele mantsoe a moapostola Petrose a bontša bohlale: “Bolokang boitšoaro ba lōna bo le botle har’a lichaba, e le hore, nthong eo ho eona li buang khahlanong le lōna joaloka baetsi ba bobe, ka lebaka la mesebetsi ea lōna e metle eo tsona e leng lipaki tsa eona tse boneng ka mahlo li ka tlotlisa Molimo letsatsing la ho hlahloba ha hae.”—1 Petrose 2:12.

Mokete oa Sehopotso o Ikhethang

14. Ho bile le litlaleho life tse thabisang tsa ba bileng teng Sehopotsong ka 1997?

14 Ba pakelang Jesu ba lokela ho talima Sehopotso sa lefu la hae e le ketsahalo ea bohlokoahali nakong ea bona. Ka 1997, ba 14 322 226 ba ne ba le teng ka la 23 March bakeng sa ho keteka ketsahalo ena. Ba ne ba le ka holimo ho ba bileng teng ka 1996 ka ba fetang 1400 000. (Luka 22:14-20) Linaheng tse ngata ba bileng teng Sehopotsong ba ne ba feta hōle palo ea bahoeletsi ba ’Muso, e leng se bontšang litebello tse molemo bakeng sa keketseho ea nako e tlang. Ka mohlala, Haiti, ka 1997 ho bile le tlhōrō ea bahoeletsi ba 10 621, ha ba bileng teng Sehopotsong ba ne ba le 67 259. U ka hlahloba tlaleho ea selemo leqepheng la 18 ho ea ho la 21 ’me u bone hore na ke linaha tse kae tse ling tseo ho tsona palo ea ba bileng teng e neng e phahame ha e bapisoa le ea bahoeletsi.

15. Linaheng tse ling, barab’abo rōna ba ile ba hlōla mathata a tebileng joang e le hore ba ka keteka Sehopotso?

15 Ho ba teng Sehopotsong ha hoa ka ha e-ba bonolo ho ba bang. Albania ho ne ho e-na le thibelo ea ho tsamaea ka 7:00 mantsiboea ka lebaka la moferefere o ka har’a naha. Lihlopheng tse nyenyane tse 115 ho pota naha eo, Sehopotso se ile sa qala ka 5:45 mantsiboea. Letsatsi le ile la likela ka 6:08 mantsiboea, le tšoaea ho qaleha ha la 14 Nisane. Litšoantšetso li ile tsa fetisoa hoo e ka bang ka 6:15 mantsiboea. Maemong a mangata thapelo e koalang e ile ea etsoa ka 6:30 mantsiboea, ’me ba neng ba le teng ba ile ba potlakela mahae pele ho nako ea thibelo ea ho tsamaea. Ho ntse ho le joalo, ba bileng teng Sehopotsong ba bile 3154, ha ho bapisoa le tlhōrō ea bahoeletsi ba 1090. Naheng e ’ngoe ea Afrika, moferefere o ka har’a naha o ile oa etsa hore ho fihla Holong ea ’Muso ho se khonehe, ka hona baholo ba babeli ba ile ba etsa qeto ea ho kopana lehaeng la moholo e mong oa boraro ho lokisetsa ho tšoara mokete ona ka lihlopha tse nyenyane. E le hore baholo bana ba babeli ba fihle ntlong eo, ba ne ba tlameha ho tšela foro. Leha ho le joalo, ho ne ho loanoa sebakeng seo, ’me batho ba ipatileng ba ne ba thunya mang kapa mang ea lekang ho tšela foro ena. Moholo e mong o ile a mathela ka nģ’ane ho se letho le etsahalang. Oa bobeli o ne a ntse a tšela ha a utloa sethunya se lla. O ile a itahlela fatše ’me a khasetsa moo ho sireletsehileng ha likulo li ntse li fofa ka holim’a hlooho ea hae. Seboka sa baholo se ile sa tšoaroa ka katleho, ’me litlhoko tsa phutheho li ile tsa hlokomeloa.

“Bo Tsoa Lichabeng Tsohle le Melokong Eohle . . . le Malemeng ’Ohle”

16. Sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene se lokiselitse hore litaba tse molemo li hasoe har’a lihlopha tse nyenyane tsa lipuo joang?

16 Moapostola Johanne o ile a bolela hore bongata bo boholo bo ne bo tla tsoa “lichabeng tsohle le melokong eohle le lihlopheng tsohle tsa batho le malemeng ’ohle.” (Tšenolo 7:9) Kahoo, Sehlopha se Busang se lokisetsa lingoliloeng hore li fumanehe ka lipuo tse eketsehileng—ho akarelletsa le tse buuoang ke merabe le lihlopha tsa batho tse nyenyane tse thōko haholo. Ka mohlala, Mozambique, pampitšana ea Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso e ile ea lokolloa ka lipuo tse ling tse hlano. Nicaragua, ho ile ha etsoa hore bukana ea Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! e fumanehe ka Semiskito—e leng sengoliloeng sa pele sa Mokhatlo oa Watch Tower ka leleme leo. Maindia a mangata a Mamiskito a ile a amohela bukana ena ka thabo ha a bona ho hong ka puo ea ’ona. Ka 1997 Mokhatlo o ile oa lumella khatiso ea lingoliloeng ka lipuo tse eketsehileng tse 25 ’me oa hatisa limakasine tse fetang limilione tse sekete.

17. Ke sehlopha sa puo efe se ileng sa thusoa Korea, ’me litheipi tsa video li thusitse karolo ee ea baahi haholo joang?

17 Korea, ho ile ha thusoa sehlopha sa puo e ’ngoe. Ho bile le kopano ea pele ea puo ea matsoho ea Sekorea ka 1997. Ho na le liphutheho tsa puo ea matsoho tse 15 Korea tse nang le bahoeletsi ba 543, empa ba 1174 ba bile teng kopanong, ’me ba 21 ba ile ba kolobetsoa. Ho thusa lithōlō tse ke keng tsa utloisisa se buuoang le se ngotsoeng habonolo, lingoliloeng li hatisoa litheiping tsa video ka lipuo tsa matsoho tse fapaneng tse 13. Kahoo, lithōlō li thusoa ho “bala” esita le ho ithuta litaba tse molemo, ka liphello tse molemo. United States, pele ho ne ho nka sethōlō lilemo tse ka bang hlano hore se tsoele pele ho isa bohōleng ba ho kolobetsoa. Hona joale, ka lebaka la livideo tse ’maloa tse fumanehang ka Puo ea Matsoho ea Amerika, lithōlō tse ling li se li nka selemo feela.

‘Ho Lula ka Koloing’

18. Ka mor’a ho kopana le Jonadabe, Jehu o ile a qala ho etsa eng?

18 Morao koana ka 905 B.C.E., ka mor’a hore Jonadabe a ikopanye le eena, Jehu o ile a qala ho felisa borapeli ba bohata. O ile a mema barapeli ba Baale: “Le tumise hobane mokete oa Baale o tla ba teng.” Eaba o romela ho pholletsa le naha eohle ho tiiseha hore ha ho barapeli ba Baale ba setseng. Ha matšoele a ntse a phallela tempeleng e khōlō ea molimo oa bohata, ho ile ha etsoa bonnete ba hore ha ho morapeli oa Jehova ea neng a le ka moo. Qetellong, Jehu le lebotho la hae la ntoa ba ile ba bolaea barapeli ba Baale. “Jehu a timeletsa Baale joalo Iseraeleng.”—2 Marena 10:20-28.

19. Ha re nahana ka se larileng ka pele bakeng sa moloko oa batho, re lokela ho bontša moea ofe, ’me re lokela ho tšoareha mosebetsing ofe ka mafolofolo?

19 Kajeno, kahlolo ea ho qetela ea bolumeli bohle ba bohata e larile ka pele. Tlas’a tataiso ea mangeloi Bakreste ba bolela litaba tse molemo ho moloko oohle oa batho, ba o khothalletsa ho tšaba Molimo le ho ikarola bolumeling ba bohata. (Tšenolo 14:6-8; 18:2, 4) Ba bonolo ba khothalletsoa ho ikokobelletsa ’Muso oa Molimo tlas’a Morena oa Jehova ea behiloeng teroneng, Jesu Kreste. (Tšenolo 12:10) Nakong ena e thabisang, ha rea lokela ho lumella cheseho ea rōna ho fokotseha ha re ntse re emela borapeli ba ’nete ka tieo.

20. U tla ikemisetsa ho etsa’ng selemong sa tšebeletso sa 1998?

20 Ka nako e ’ngoe, ha Morena Davida a ne a le tlas’a khatello e khōlō, o ile a rapela: “Molimo, pelo ea ka e tiile, pelo ea ka e tiile. Ke rata ho u roka ka lipina le ka lifela. Morena, ke tla u rorisa har’a batho, ke u roke har’a lichaba.” (Pesaleme ea 57:7, 9) E se eka le rōna re ka ba ba tiileng. Selemong sa tšebeletso sa 1997, ho sa tsotellehe mathata a mangata, ho ile ha phahamisoa mohoo o moholo thorisong ea Jehova Molimo. E se eka mohoo o tšoanang, esita le o moholoanyane o ka utloahala selemong sena sa tšebeletso. ’Me e se eka ho ka ba joalo ho sa tsotellehe seo Satane a ka lekang ho se etsa ho re nyahamisa kapa ho re hanyetsa. Kahoo, re tla bontša hore lipelo tsa rōna li lula li tšepahala ho ea Jehu e Moholoanyane, Jesu Kreste, ’me re tla arabela ka moea oohle oa rōna keletsong ena e bululetsoeng: “Ithabiseng ka Jehova, le nyakalle ho eena, lōna ba lokileng; ’me le bine, lōna bohle ba pelo tse lokileng.”—Pesaleme ea 32:11.

Na U ka Hlalosa?

◻ Ho ile ha etsahala liphetoho life Iseraeleng ka 905 B.C.E.?

◻ Jehu oa kajeno ke mang, ’me “bongata bo boholo” bo bontšitse joang hore ‘lipelo tsa bona lia tšepahala’ ho ea hae?

◻ Ke lipalo-palo life tse tsoang tlalehong ea selemo tse bontšang cheseho eo Lipaki tsa Jehova li ileng tsa e bontša selemong sa tšebeletso sa 1997?

◻ Ho sa tsotellehe hore na Satane o etsa’ng khahlanong le rōna, re tla bontša moea ofe selemong sa tšebeletso sa 1998?

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Palo e ikhethang ea ba bileng teng Sehopotsong e bontša litebello tse molemo tsa khōlo nakong e tlang

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Joalokaha Jonadabe a ile a tšehetsa Jehu, ka ho tšoanang kajeno “bongata bo boholo” bo tšehetsa Jehu e Moholoanyane, Jesu Kreste, le barab’abo ba tlotsitsoeng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela