Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Moprofeta oa Boholo-holo ea Nang le Molaetsa oa Kajeno
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • 7. Hlalosa maemo a neng a le Juda mehleng ea Esaia.

      7 Esaia le lelapa la hae ba ne ba phela nakong ea pherekano historing ea Juda. Ho hloka botsitso lipolotiking ho ne ho atile, tjotjo e silafalitse makhotla ’me boikaketsi bo sentse motheo oa bolumeli sechabeng. Litlhōrō tsa maralla li ne li koahetsoe ke lialetare tsa melimo ea bohata. Esita le marena a mang a ne a buella borapeli ba bohetene. Ka mohlala, hase feela hore Akaze o ne a lumella borapeli ba litšoantšo har’a bafo ba hae empa eena ka boeena o ne a kopanela ho bona, a ‘fetisa bana ba hae mollong’ sehlabelong sa neano se etsetsoang molimo oa Bakanana, Moloke.b (2 Marena 16:3, 4; 2 Likronike 28:3, 4) ’Me tsena tsohle li ne li etsahala har’a batho ba neng ba le kamanong ea selekane le Jehova!—Exoda 19:5-8.

  • Moprofeta oa Boholo-holo ea Nang le Molaetsa oa Kajeno
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • b Ba bang ba bolela hore e ka ’na eaba ho ‘feta mollong’ ho bolela tšebeletso ea tlhoekiso feela. Leha ho le joalo, ho bonahala hore boemong bona poleloana eo e bolela sehlabelo sa sebele. Ha ho pelaelo hore Bakanana le Baiseraele ba bakoenehi ba ne ba etsa mahlabelo ka bana.—Deuteronoma 12:31; Pesaleme ea 106:37, 38.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela