-
“Ea Utloang Thapelo”Molula-Qhooa—2010 | October 1
-
-
NA KA sebele Jehova Molimo o arabela lithapelo tsa batho ba inehetseng ho eena tse tsoang botebong ba pelo? Tlaleho ea Bibele ea Jabeze, eo ho sa tsejoeng ho hokaalo ka eena, e bontša hore ka sebele Jehova ke “Ea Utloang thapelo.” (Pesaleme ea 65:2) Tlaleho eo e khutšoanyane e fumaneha moo motho a neng a ke ke a nahana—ka har’a lethathamo la meloko le qalang bukeng ea Likronike Tsa Pele. A re ke re hlahlobe 1 Likronike 4:9, 10.
Seo re se tsebang feela ka Jabeze ke se fumanehang litemaneng tsena tse peli. Ho latela temana ea 9, ’mè oa hae o ile “a mo reha lebitso la Jabeze, a re: ‘Ke mo belehile ka bohloko.’”a Ke hobane’ng ha a ile a khetha lebitso leo? Na o bile le mahlaba a fetang a tloaelehileng ha a tsoala mora eo oa hae? Na mohlomong ebe e ne e le mohlolohali, kahoo a llela hore monna oa hae o ne a le sieo hore a bone ngoana oa bona? Bibele ha e bolele. Empa ka letsatsi le leng ’mè enoa o ne a tla ba motlotlo ka mora oa hae. E ka ’na eaba banab’abo Jabeze e ne e le batho ba lokileng, empa Jabeze e ile “ea e-ba ea hlomphehang ho feta barab’abo.”
-
-
“Ea Utloang Thapelo”Molula-Qhooa—2010 | October 1
-
-
a Lentsoe Jabeze le tsoa motsong oa lentsoe le ka bolelang “bohloko.”
-