-
“Ea Utloang Thapelo”Molula-Qhooa—2010 | October 1
-
-
NA KA sebele Jehova Molimo o arabela lithapelo tsa batho ba inehetseng ho eena tse tsoang botebong ba pelo? Tlaleho ea Bibele ea Jabeze, eo ho sa tsejoeng ho hokaalo ka eena, e bontša hore ka sebele Jehova ke “Ea Utloang thapelo.” (Pesaleme ea 65:2) Tlaleho eo e khutšoanyane e fumaneha moo motho a neng a ke ke a nahana—ka har’a lethathamo la meloko le qalang bukeng ea Likronike Tsa Pele. A re ke re hlahlobe 1 Likronike 4:9, 10.
-
-
“Ea Utloang Thapelo”Molula-Qhooa—2010 | October 1
-
-
Jabeze e ne e le motho ea rapelang haholo. O qalile thapelo ea hae ka ho kōpa Molimo hore a mo hlohonolofatse. Ka mor’a moo o ile a kōpa lintho tse tharo tse bontšang hore o ne a e-na le tumelo e matla.
Ea pele, Jabeze o ile a kōpa Molimo, a re: “U eketse naha ea ka.” (Temana ea 10) Monna enoa ea hlomphehang o ne a se meharo ea ho ba le sebaka se seholo, a bile a sa khalle lintho tsa batho ba bang. E tlameha ebe kōpo ea hae e matla e ne e sa amane le sebaka hakaalo empa e ne e amana le batho. E ka ’na eaba o ne a kōpa hore a ekeletsoe sebaka sa hae ka tsela e ke keng ea tsosa moferefere e le hore ho ka ba le batho ba bangata ba tla rapela Molimo oa ’nete.b
Ea bobeli, Jabeze o ile a kōpa hore “letsoho” la Molimo le be le eena. Letsoho la tšoantšetso la Molimo ke matla a hae ao a a sebelisetsang ho thusa barapeli ba hae. (1 Likronike 29:12) E le hore Jabeze a arabeloe likōpong tseo a neng a li etsa ho tsoa pelong, o ne a tšepile Molimo eo letsoho la hae le seng lekhutšoanyane ho ba bontšang tumelo ho eena.—Esaia 59:1.
Ea boraro, Jabeze o ile a rapela, a re: ‘U mpoloke tlokotsing, e le hore e se ke ea ’ntša kotsi.’ Poleloana e reng “e le hore e se ke ea ’ntša kotsi” e ka bolela hore Jabeze ha aa ka a rapella hore a balehisoe tlokotsing, empa o ile a rapella hore a se ke a tšoenyeha kapa hore a se ke a imeloa ke liphello tsa bokhopo.
Thapelo ea Jabeze ea bontša hore o ne a amehile ka hore ho be le borapeli ba ’nete ebile e bontša hore o ne a e-na le tumelo ho Ea Utloang thapelo le hore oa mo tšepa. Jehova o ile a arabela joang? Tlaleho ena e khutšoanyane e fella ka mantsoe a reng: “Ka lebaka leo Molimo a phethahatsa seo a neng a se kōpile.”
Ea Utloang thapelo ha a e-s’o fetohe. Lithapelo tsa barapeli ba hae lia mo thabisa. Ba lumelang ho eena le ba mo tšepang ba ka kholiseha ka sena: “Ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang ho ea ka thato ea hae, oa re utloa.”—1 Johanne 5:14.
-
-
“Ea Utloang Thapelo”Molula-Qhooa—2010 | October 1
-
-
b Li-Targum, e leng libuka tsa Sejuda tse ngotsoeng litaba tse ka Mangolong a Halalelang ka tsela e khaoletsang, e re mantsoe a Jabeze a re: “Ntlhohonolofatse ka bana ’me o eketse meeli ea ka ka barutuoa.”
-