-
“Moputso o Teng Bakeng sa Mosebetsi oa Lōna”Molula-Qhooa—2012 | August 15
-
-
Ha Asa a khutla ntoeng, o ile a khahlanyetsoa ke Azaria. Moprofeta Azaria o ile a mo fa khothatso le temoso, a re: “U nkutloe, Uena Asa le Bajuda bohle le Benjamine! Jehova o na le lōna hafeela le e-na le eena; haeba le mo batla, o tla etsa hore le mo fumane, empa haeba le mo tlohela o tla le tlohela. . . . Le be sebete ’me le se ke la lumella matsoho a lōna ho tepella, hobane moputso o teng bakeng sa mosebetsi oa lōna.”—2 Likron. 15:1, 2, 7.
Mantsoe ana a ka re matlafatsa tumelo. A bontša hore Jehova o tla ba le rōna hafeela re mo sebeletsa ka botšepehi. Ha re kōpa thuso ho eena, re ka kholiseha hore oa re utloa. Azaria o ile a re: “Le be sebete.” Hangata ho hlokahala hore motho a be sebete e le hore a etse se nepahetseng, empa rea tseba hore Jehova a ka re thusa hore re etse seo.
-
-
“Moputso o Teng Bakeng sa Mosebetsi oa Lōna”Molula-Qhooa—2012 | August 15
-
-
Ka lehlakoreng le leng mantsoe a moprofeta Azaria a ne a tšosa. O ile a ba lemosa a re: ‘Haeba le tlohela Jehova o tla le tlohela.’ E se eka seo se ke ke sa re etsahalla, kaha litholoana tsa sona li ka ba bosula haholo! (2 Pet. 2:20-22) Mangolo ha a bolele hore na ke hobane’ng ha Jehova a ile a romella Asa temoso ena, empa Asa ha aa ka a e mamela.
-