Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 2/1 leq. 15
  • Re U Lome Tsebe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re U Lome Tsebe?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thuto ea Bohlokoa ea Boikokobetso
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Jesu O Fana Ka Thuto ea Boikokobetso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Thuto ea Boikokobetso
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Re U Lome Tsebe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 2/1 leq. 15

Re U Lome Tsebe?

Leoatle le entsoeng ka ho qhibilihisoa le tempeleng ea Solomone le ne le le lekae?

Marena a Pele 7:26 e bua ka leoatle le boholo ba “litekanyo tsa bate tse likete tse peli” tsa metsi a sebelisoang ke baprista, empa tlaleho e ho 2 Likronike 4:5 e re le boholo ba “litekanyo tsa bate tse likete tse tharo.” Sena se entse hore ba bang ba bolele hore litlaleho tsena tse peli ha li tšoane ka lebaka la phoso ea bakopitsi ba buka ea Likronike.

Leha ho le joalo, Phetolelo ea Lefatše le Lecha e re thusa ho utloisisa hore litemana tsena li nepahetse ka bobeli. Marena a Pele 7:26 e re: “Le ne le ka tšela litekanyo tsa bate tse likete tse peli.” Hlokomela hore 2 Likronike 4:5 e re: “E le ntho eo ho tšeloang ho eona, le ne le ka tšela litekanyo tsa bate tse likete tse tharo.” Ka hona, 2 Likronike 4:5 e bua ka boholo bo feletseng ba beisine ea tempele, hore na ho ne ho ka tšeloa metsi a makae ka ho eona, empa 1 Marena 7:26 e bolela hore na ke metsi a makae a neng a atisa ho tšeloa ka beisineng ea tempele. Ka mantsoe a mang, ho ne ho se mohla e kileng ea tlatsoa tsoete! Ho bonahala hore ka tloaelo ba ne ba tšela libate tse 2 000 tsa metsi.

Ke hobane’ng ha Jesu le Petrose ba ile ba lefa lekhetho la tempele ka chelete ea tšepe e le ’ngoe feela?

Mehleng ea Jesu, ho ne ho hlokahala hore selemo le selemo monna e mong le e mong oa Mojuda ea lilemo li ka holimo ho 20 a lefe lekhetho la tempele la lidrakema tse peli, kapa didrachma. E ne e le moputso oa matsatsi a mabeli. Ha ho hlaha potso mabapi le ho lefa lekhetho lena, Jesu o ile a re ho Petrose: “E-ea leoatleng, u lahlele selope, ’me u nke tlhapi ea pele e nyolohang ’me, ha u e ahlamisa, u tla fumana chelete ea tšepe ea statera. U e nke ’me u ba fe eona bakeng sa ka le uena.”—Matheu 17:24-27.

Litsebi tse ngata li lumela hore ha e le hantle chelete ea tšepe ea statera e boletsoeng mona e ne e le tetradrachma. Chelete ena ea tšepe e ne e lekana le lidrakema tse ’nè, kapa chelete e lekaneng ho lefa lekhetho la tempele la batho ba babeli. Tetradrachma e ne e tloaelehile haholo ebile e fumaneha habonolo ho feta didrachma. Kahoo, The New Bible Dictionary e re: “Ho bonahala eka hangata Mojuda ka mong o ne a lefella batho ba babeli lekhetho la Tempele.”

Ho phaella moo, motho leha e le ofe ea neng a batla ho chencha chelete e le hore a lefe lekhetho la motho a le mong o ne a lefisoa chelete e itseng. Tefiso ena e ne e ka phahama ho fihlela ho liphesente tse 8. Leha ho le joalo, ba neng ba lefella batho ba babeli ka nako e le ’ngoe ba ne ba sa lefisoe letho. Ka hona esita le tabeng ena e fokolang, tlaleho ena ea Matheu e lumellana le se tsebahalang ka lintho tse neng li tloaelehile mehleng ea Jesu.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Tetradrachma e hōlisitsoeng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela