Thuto Mabapi le ho Sebetsana le Mathata
KE BATHO ba seng bakae feela ba kileng ba tlameha ho sebetsana le mathata ’ohle ao Jobo a neng a e-na le ’ona. Ka nako le motsotso feela, o ile a ferekanngoa ke ho lahleheloa ke leruo la hae le lintho tseo a phelang ka tsona, lefu le sehlōhō la bana ba hae kaofela, ’me qetellong boloetse bo bohloko haholo. A iloa ke metsoalle le beng ka eena, mosali oa hae o ile a mo khothaletsa hore a ‘rohake Molimo ’me a shoe!’—Jobo 2:9; 19:13, 14.
Leha ho le joalo, Jobo ke mohloli o ikhethang oa khothatso ho motho leha e le ofe ea thulanang le liteko tse tšoanang. Liphello tse molemo tsa teko ea hae e bohloko li bontša hore ho tiisetsa ha re tobane le mahlomola ho thabisa pelo ea Jehova, ha re susumetsoa ke boinehelo ba sebele ba bomolimo ho e-na le melemo ea botho.—Jobo, likhaolo 1, 2; 42:10-17; Liproverbia 27:11.
Tlaleho ena ea Bibele e boetse e na le lithuto tsa bohlokoahali tsa kamoo ho ka sebetsanoang le mathata. E fana ka mehlala e hlokomelehang ea kamoo motho ea tobaneng le liteko a lokelang ho eletsoa kateng—le kamoo a sa lokelang—ho eletsoa kateng. Ho feta moo, phihlelo ea Jobo ka boeona e ka re thusa ho itšoara ka tsela e tsitsitseng ha re iphumana re hlasetsoe ke maemo a bohloko.
Thuto Mabapi le ho Fana ka Keletso e Fosahetseng
Poleloana “motšelisi oa Jobo” e fetohile e bolelang motho eo, ho e-na le ho bontša kutloelo-bohloko nakong ea tsietsi, a pikitlellang letsoai leqebeng. Empa ho sa tsotellehe botumo boo metsoalle e meraro ea Jobo e ikhapetseng bona ka ho loketseng, ha rea lokela ho nka hore merero ea bona e ne e le mebe ka ho feletseng. Ho isa bohōleng bo itseng e ka ’na eaba ba ne ba batla ho thusa Jobo, tumellanong le pono ea bona e fosahetseng. Ke hobane’ng ha ba ile ba hlōleha? Ba ile ba fetoha lisebelisoa tsa Satane joang, ea neng a ikemiselitse ho senya botšepehi ba Jobo?
Ha e le hantle, ba ne ba thehile hoo e ka bang keletso eohle ea bona khakanyong e fosahetseng: ea hore mahlomola a tlela feela ba etsang sebe. Polelong ea hae ea pele, Elifase o ile a re: “Motho ke ofe ea timetseng, ha a se na molato? Ho lahlehile kae batho ba lokileng? Hoo ke ho boneng ke hoba ba lemileng bokhopo, ba jetseng bolotsana, bona ba kotula jona.” (Jobo 4:7, 8) Ka phoso Elifase o ne a lumela hore batho ba se nang molato ba ke ke ba angoa ke tlokotsi. O ile a beha mabaka ka hore kaha Jobo o ne a le mathateng le mahlomoleng a mangata, e tlameha ebe o sitetsoe Molimo.a Ka ho tšoanang Bildade le Tsofare ba ile ba phehella hore Jobo a bakele libe tsa hae.—Jobo 8:5, 6; 11:13-15.
Metsoalle e meraro ea Jobo e ile ea mo nyahamisa ka ho eketsehileng ka ho bua likhopolo tsa botho ho e-na le bohlale ba bomolimo. Elifase o ile a ba a ea bohōleng ba ho re ‘Molimo ha o tšepe bahlanka ba oona’ le hore ho ne ho hlile ho sa tsotellehe ho Jehova hore na Jobo o lokile kapa che. (Jobo 4:18; 22:2, 3) Ho thata ho nahana ka polelo e nyahamisang—kapa e se nang bonnete—ho feta eo! Hase ho makatsang ha hamorao Jehova a ile a khalemela Elifase le metsoalle ea hae bakeng sa nyefolo ena. O ile a re: “Ha lea ka la bolela tsa ka hantle.” (Jobo 42:7) Empa phatlalatso e kotsi le ho feta e ne le hona e tlang.
Qetellong Elifase o ile a ea bohōleng ba ho etsa liqoso tse tobileng. Kaha o ne a sa khone ho etsa hore Jobo a lumele hore o molato, o ile a retelehela ho qapeng libe tseo a nahanang hore e tlameha ebe Jobo o li entse. Elifase o ile a botsa: “Ha ke re, bobe ba hao boa tšabeha, litlōlo tsa hao li hloka palo na? Hobane u nkile tebeletso ho oa heno feela-feela; u hlobolisitse bahloki, ua nka likobo tsa bona; ha ua ka ua nea motho ea nyoriloeng metsi, ’me u hanetse ea lapileng le bohobe ba hao.” (Jobo 22:5-7) Liqoso tsena li ne li se na mabaka ka ho feletseng. Jehova ka boeena o ne a hlalositse Jobo e le motho ea “tsamaeang ka ho loka le ka bokhabane.”—Jobo 1:8.
Jobo ile a itšoara joang litlhaselong tsee tse neng li belaella botšepehi ba hae? Ka ho utloahalang, li ile tsa mo halefisa le ho mo tetebetsa maikutlo ka tsela e itseng empa o ne a ikemiselitse ho feta leha e le neng pele ho paka hore liqoso tsena e ne e le tsa bohata. Ha e le hantle, o ile a ameha ka ho tebileng ka ho itlosa qoso, hoo ka tsela e itseng, a ileng a qala ho beha Jehova molato bakeng sa tsieleho ea hae. (Jobo 6:4; 9:16-18; 16:11, 12) Litseko tse neng li hlile li ameha li ile tsa tlōlisoa mahlo holimo, ’me puisano e ile ea fetoha khang e se nang thuso ea hore na Jobo e ne e le motho ea lokileng kapa che. Ke lithuto life tseo Bakreste ba ka ithutang tsona sebokeng see sa ho fana ka keletso ka mokhoa o kotsi?
1. Mokreste ea lerato ha e re li tloha feela a be a se a nka hore mathata a moena a bakoa ke phoso ea hae. Ho nyatsa motho ka thata bakeng sa liphoso tsa nako e fetileng—hore na ke tsa sebele kapa ke tse inahaneloang—ho ka nyahamisa ka ho feletseng ho motho ea loanelang ho tsoela pele ka khothalo. Moea o tepeletseng maikutlo o hloka ho ‘tšelisoa’ ho e-na le ho khalemeloa ka thata. (1 Ba-Thessalonika 5:14) Jehova o batla hore balebeli e be “tšireletso ha moea o foka,” eseng “batšelisi ba khathatsang” joaloka Elifase, Bildade, le Tsofare.—Esaia 32:2; Jobo 16:2.
2. Le ka mohla ha rea lokela ho qosa ho se na bopaki bo hlakileng. Taba ea bo-ba-re kapa khakanyo e fosahetseng—e tšoanang le ea Elifase—hase motheo o utloahalang oa ho fana ka khalemelo. Ka mohlala, haeba moholo a etsa qoso e fosahetseng, ho ka etsahala hore a se hlole a tšeptjoa ’me a bake khatello ea maikutlo. Jobo o ile a ikutloa joang ka hore a tlamehe ho mamela keletso e fapohileng joalo? O ile a intša bohlokong ba hae ka ho hoeletsa boikutlo boo ehlileng eseng ba hae: “U bile thuso e kaakang ho ea se nang matla!” (Jobo 26:2, NW) Molebeli ea amehileng o tla ‘tiisa matsoho a tepeletseng,’ eseng ho mpefatsa bothata le ho feta.—Ba-Heberu 12:12.
3. Keletso e lokela ho thehoa Lentsoeng la Molimo, eseng likhopolong tsa botho. Mabaka a metsoalle ea Jobo a ne a fosahetse ebile a senya. Ho e-na le ho hulela Jobo haufinyane le Jehova, e ile ea mo lebisa ho nahaneng hore ho ne ho e-na le mokoallo o mo arohanyang le Ntate oa hae oa leholimo. (Jobo 19:2, 6, 8) Ka lehlakoreng le leng, ho sebelisa Bibele ka masene, ho ka lokisa litaba, ha matlafatsa ba bang, ’me ha fana ka matšeliso a sebele.—Luka 24:32; Ba-Roma 15:4; 2 Timothea 3:16; 4:2.
Le hoja buka ea Jobo e thusa Bakreste ho hlokomela maraba a itseng, e boetse e fana ka thuto e molemo mabapi le ho fana ka keletso e sebetsang.
Kamoo ho ka Fanoang ka Keletso
Keletso ea Elihu e ne e fapane ka ho feletseng le ea metsoalle e meraro ea Jobo, ka seo e se fupereng le ka tsela eo Elihu a ileng a sebetsana le Jobo ka eona. O ile a sebelisa lebitso la Jobo ’me a bua le eena joaloka motsoalle, eseng joaloka moahloli oa Jobo. “Empa uena, Jobo, mamela lipolelo tsa ka, u sekehele mantsoe a ka kaofela tsebe! Bona, ke ntse ke tšoana le uena pel’a Molimo; le ’na ke bōpiloe ka letsopa.” (Jobo 33:1, 6) Elihu o ile a boela a potlakela ho babatsa Jobo bakeng sa tsela ea hae e lokileng. O ile a tiisetsa Jobo: “Ke thabetse ho loka ha hao.” (Jobo 33:32, NW) Ka ntle le mokhoa ona oa ho fana ka keletso ka mosa, Elihu o ile a atleha ka mabaka a mang.
Ka hore ebe o eme ka mamello ho fihlela ba bang ba qetile ho bua, Elihu o ne a ka utloisisa hamolemonyana taba eo ho tsekisanoang ka eona pele a fana ka keletso. Ke ’nete hore Jobo e ne e le motho ea lokileng, na Jehova o ne a tla mo otla? Elihu o ile a bolela ka tieo: ‘Molimo o ke ke oa etsa bobe le ho leka; Ea matla ’ohle ha ho kamoo a ka etsang bokhopo kateng! A ke ke a tlosa mahlo a hae ho motho leha e le ofe ea lokileng.’—Jobo 34:10; 36:7, bapisa le NW.
Na ho loka ha Jobo e ne e hlile e le taba e ka sehloohong eo ho tsekisanoang ka eona? Elihu o ile a hlokomelisa Jobo ka pono e sa leka-lekanang. O ile a hlalosa: “U itse, ‘Ho loka ha ka ho feta ha Molimo.’ Sheba leholimong ’me u bone, u talime maru, hore ka sebele a phahame ho u feta.” (Jobo 35:2, 5, NW) Feela joalokaha maru a re phahametse, kahoo litsela tsa Jehova li phahametse tsa rōna. Ha re boemong ba ho ahlola tsela eo a etsang lintho ka eona. Elihu o ile a qetella: “Ka baka leo, batho ba tšoanetse ho hlonepha Molimo; ha e le oona, ha o talime le a mong ho ba bohlale.”—Jobo 37:24; Esaia 55:9.
Keletso ea Elihu e utloahalang e ile ea lokisetsa tsela ea hore Jobo a amohele taeo e eketsehileng e tsoang ho Jehova ka boeena. Ha e le hantle, ho na le ho tšoana ho hlollang pakeng tsa ho hlahloba ha Elihu “mesebetsi e babatsehang ea Molimo,” khaolong ea 37, le mantsoe a Jehova ka boeena ho Jobo, a tlalehiloeng likhaolong tsa 38 ho isa ho 41. Ka ho hlakileng, Elihu o ile a talima litaba ho tsoa ponong ea Jehova. (Jobo 37:14, NW) Bakreste ba ka etsisa mohlala o motle oa Elihu joang?
Joaloka Elihu, balebeli ka ho khethehileng ba batla ho ipeha maemong a ba bang le ho ba mosa, ba hopola hore le bona ha baa phethahala. Ba etsa hantle ha ba mamela ka hloko e le hore ba ka fumana lintlha tsohle le ho utloisisa litaba pele ba fana ka keletso. (Liproverbia 18:13) Ho feta moo, ka ho sebelisa Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng Mangolong, ba ka etsa bonnete ba hore pono ea Jehova ke eona e laolang.—Ba-Roma 3:4.
Ka ntle le ho fa baholo lithuto tsena tse sebetsang, buka ea Jobo e re ruta ho tobana le mathata ka tsela e leka-lekaneng.
Boitšoaro bo sa Lokelang Maemong a Bohloko
A hlasetsoe ke bohloko ba hae ebile a ferekantsoe ke batšelisi ba hae ba bohata, Jobo o ile a utloa bohloko haholo ’me a tepella maikutlo. O ile a bobola: “Ho timele letsatsi leo ke tsoetsoeng . . . Pelo ea ka e khoboheloa ke bophelo ba ka.” (Jobo 3:3; 10:1) A sa hlokomele hore Satane e ne e le eena ea molato, o ile a nahana hore ke Molimo ea ’makelang litlokotsi. Ho ne ho bonahala e le ntho e se nang toka haholo hore eena—motho ea lokileng—a utloe bohloko. (Jobo 23:10, 11; 27:2; 30:20, 21) Boikutlo bona bo ile ba foufaletsa Jobo menahano e meng ’me ba mo lebisa ho nyatseng litšebelisano tsa Molimo le moloko oa batho. Jehova o ile a botsa: “Na u tla etsa toka ea ka lefeela? Na u tla bolela hore ke khopo e le hore u hlahe u nepile?”—Jobo 40:8, NW.
Mohlomong tsela eo re itšoarang ka eona kapele-pele ha re tobane le mahlomola ke ho ikutloa re hlasetsoe, joalokaha ho bonahala hore Jobo o ile a ikutloa joalo. Karabelo e tloaelehileng ke ho botsa, ‘Ke hobane’ng ha e le ’na ea hlaheloang ke see? Ke hobane’ng ha ba bang—ba bileng ba leng babe ho mpheta—ba thabela bophelo bo batlang bo se na mathata?’ Tsena ke likhopolo tse fosahetseng tseo re ka li loantšang ka ho thuisa ka Lentsoe la Molimo.
Ho fapana le Jobo, re boemong ba ho utloisisa litseko tse khōloanyane tse amehang. Rea tseba hore Satane o “lika-lika joalo ka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang.” (1 Petrose 5:8) Joalokaha buka ea Jobo e senola, Diabolose a ka thabela ho senya botšepehi ba rōna ka ho re bakela mathata. O ikemiselitse ho paka polelo ea hae ea hore re ka ba Lipaki tsa Jehova hafeela lintho li re tsamaela hantle. (Jobo 1:9-11; 2:3-5) Na re tla ba le sebete sa ho tšehetsa borena ba Jehova ’me kahoo re pake Diabolose a le leshano?
Mohlala oa Jesu, le oa bahlanka ba bang ba bangata-ngata ba tšepahalang ba Jehova, o bontša hore ho utloa bohloko ha mofuta o itseng ke ho ke keng ha qojoa tsamaisong ena ea lintho. Jesu o boletse hore barutuoa ba hae ba tlameha ho ikemisetsa ho ‘jara thupa ea bona ea tlhokofatso’ haeba ba lakatsa ho mo latela. (Luka 9:23, NW) ‘Thupa ea rōna ea tlhokofatso’ ea botho e ka ’na ea e-ba tsietsi e le ’ngoe kapa tse eketsehileng tseo Jobo a ileng a li mamella—bophelo bo seng botle, lefu la baratuoa, ho tepella maikutlo, mathata a lichelete, kapa khanyetso ea ba sa lumelang. Ho sa tsotellehe hore na re tobane le bothata ba mofuta ofe, ho na le lehlakore le letle la boemo boo. Re ka talima boemo ba rōna e le monyetla oa ho bontša mamello ea rōna le botšepehi bo sa thekeseleng ho Jehova.—Jakobo 1:2, 3.
Baapostola ba Jesu ba ile ba itšoara ka tsela eo. Kapele ka mor’a Pentekonta ba ile ba shapuoa ka lebaka la ho bolela ka lebitso la Jesu. Ho e-na le ho nyahama, ba ile ba tloha ba “thabile.” Ba ne ba thabile, eseng ka lebaka la ho hlokofatsoa ka bohona, empa hobane ba ne “ba entsoe ba tšoaneloang ke ho hlabisoa lihlong ka baka la lebitso la Jesu.”—Liketso 5:40, 41.
Ho hlakile hore hase mathata ’ohle a re oelang ka lebaka la ho sebeletsa Jehova. Mohlomong mathata a rōna ke ao re ipakelang ’ona—bonyane ho isa bohōleng bo itseng. Kapa mohlomong, ka phoso eo eseng ea rōna, bothata boo bo amme botsitso ba rōna ba moea. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, boikutlo ba ho ikokobetsa bo tšoanang le ba Jobo bo tla re nolofaletsa ho lemoha moo ho entsoeng liphoso. Jobo o ile a lumela ho Jehova: “Ke fela ke buile, ke se na kutloisiso.” (Jobo 42:3) Motho ea hlokomelang liphoso tsa hae ka tsela ena o na le monyetla o moholoanyane oa hore a qobe liphoso tse tšoanang nakong e tlang. Joalokaha maele a bolela, “motho ea pelo-keletsi o bonela kotsi pele, ’me oa itšireletsa.”—Liproverbia 22:3.
Habohlokoa ka ho fetisisa, buka ea Jobo e re hopotsa hore mathata a rōna a ke ke a tšoarella ka ho sa feleng. Bibele e re: “Re phatlalatsa hore ho thabile ba mameletseng. Le utloile ka mamello ea Jobo ’me le bone liphello tseo Jehova a faneng ka tsona, hore Jehova o na le boikutlo bo mofuthu bo bonolo le mohau.” (Jakobo 5:11, NW) Re ka kholiseha hore ka ho tšoanang Jehova o tla putsa botšepehi ba bahlanka ba hae kajeno.
Re boetse re lebeletse ka thabo nakong eo mathata a mefuta eohle—“tsa pele”—a tla beng a fetile. (Tšenolo 21:4) Ho fihlela ha letsatsi leo le chaba, buka ea Jobo e sebeletsa e le tataiso ea bohlokoahali e ka re thusang ho sebetsana le mathata ka bohlale le sebete.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Le hoja Bibele e bolela hore “seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona,” sena hase bolele hore mahlomola a motho e tlameha ebe ke kotlo ea bomolimo. (Ba-Galata 6:7) Lefatšeng lena le laoloang ke Satane, hangata batho ba lokileng ba tobana le mathata a mangata ho feta ba khopo. (1 Johanne 5:19) Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae: “Le tla hlouoa ke bohle ka baka la lebitso la ka.” (Mattheu 10:22) Ho kula le mefuta e meng ea bomalimabe e ka oela leha e le ofe oa bahlanka ba Molimo ba tšepahalang.—Pesaleme ea 41:3; 73:3-5; Ba-Filippi 2:25-27.
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
‘Talima maru, ’me u bone hore a phahamile ho fetisa uena.’ Kahoo Elihu o ile a thusa Jobo ho utloisisa hore litsela tsa Molimo li phahametse litsela tsa motho