Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Botšepehi ba Jobo Boa Putsoa
    Molula-Qhooa—1998 | May 1
    • Empa, Jobo o ne a sa lokela ho tšeha tsietsi eo ea bona. Ka sebele, Jehova o ne a batla hore a rapelle baqosi bao ba hae. Jobo o ile a phetha joalokaha a ne a laetsoe, ’me o ile a hlohonolofatsoa bakeng sa sena. Pele, Jehova o ile a folisa lefu la hae le tšabehang. Joale, bara le barali babo Jobo hammoho le metsoalle ea hae ea pele ba ile ba tla mo tšelisa, “e mong le e mong a mo nea sekoto sa chelete le lesale le khauta.”a Ho feta moo, Jobo o ile “a rua linku tse likete tse leshome le metso e mene, le likamele tse likete tse tšeletseng, le lipholo tse lekaneng lijoko tse sekete, le liesele tse sekete tse tšehali.”b ’Me ho hlakile hore mosali oa Jobo o ile a boelana le eena. Ha nako e ntse e feta, Jobo o ile a hlohonolofatsoa ka bara ba supileng le barali ba bararo, ’me o ile a phela a ba a bona moloko oa bone oa bana ba hae.—Jobo 42:10-17, NW.

  • Botšepehi ba Jobo Boa Putsoa
    Molula-Qhooa—1998 | May 1
    • a Ho ke ke ha lekanyetsoa hore na “sekoto sa chelete” (qesi·tahʹ ka Seheberu), e ne e le chelete e kae. Empa mehleng ea Jakobo, “likoto tse lekholo tsa chelete” li ne li reka tšimo e khōloanyane. (Joshua 24:32, NW) Kahoo, “sekoto sa chelete” se tsoang ho moeti e mong le e mong e bile mpho e batlang e le khōloanyane.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela