-
Re Hloka Mopholosi!Molula-Qhooa—2008 | March 1
-
-
Boholo ba rōna ha ho mohla re tla qabelloa ka tlas’a lefatše joaloka basebetsi bao ba maene kapa re hlaheloe ke koluoa e behang bophelo ba rōna kotsing. Leha ho le joalo, kaofela ha rōna re hloka mopholosi, hobane re ke ke ra qoba masisa-pelo a bakoang ke bokuli le botsofali ’me qetellong ke lefu. Jobo, eo e neng e le hlooho ea lelapa e tšepahalang, o ile a re: “Motho, ea tsoetsoeng ke mosali, o phela hakhutšoanyane ’me o khotše likhathatso. O hlahile joaloka thunthung ’me oa khaoloa, o baleha joaloka moriti ’me ha a tsoele pele a le teng.” (Jobo 14:1, 2) Kajeno, lilemo tse ka bang 3 500 hamorao, mantsoe ao e ntse e le ’nete, hobane ke mang oa rōna ea ka qobang qetello e bohloko ea bophelo—e leng lefu? Ho sa tsotellehe hore na re phela hantle hakae kapa re babaletse bophelo ba rōna hakae, ho hlokahala re pholosoe mahlomoleng, botsofaling le lefung.
-
-
Re Hloka Mopholosi!Molula-Qhooa—2008 | March 1
-
-
Ebang u lumellana le Jobo ha a bua ka bophelo le lefu kapa che, ntle ho pelaelo ha lilemo li ntse li feta, le uena u tla “baleha joaloka moriti,” u be hōle le metsoalle ea hao, ba lelapa, lehae la hao le tsohle tseo u li finyeletseng—ebe ua shoa. Morena Solomone ea bohlale oa Iseraele ea boholo-holo o ile a re: “Ba phelang baa tseba hore ba tla shoa; empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho, leha e le hore ba sa na le moputso, hobane ho hopoloa ha bona ho lebetsoe.”—Moeklesia 9:5.
-