Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Qetello e Tlang ea “Buka ea Lintoa Tsa Jehova”
    Molula-Qhooa—1990 | July 1
    • 12. Melkisedeke o ne a tšoantšetsa Ofisiri efe e kholoanyane ea Molimo o Holimo-limo, ’me ke pesaleme efe e ngotsoeng ke Davida e lebisitsoeng ho enoa joaloka moprista le mohlabani?

      12 Ka mor’a hore Abrahama a hlōle Kedorlaomere le marena a neng a le selekaneng le eena, Melkisedeke o ile a mo hlohonolofatsa. Morena Melkisedeke oa Moprista ka boprofeta o ne a tšoantšetsa Eo e neng e tla ba Moprista e Moholo oa Molimo o Holimo-limo eo hape e neng e tla ba mohlabani ea matla ea tšehelitsoeng ke Molimo o Phahameng ka ho Fetisisa. Pesaleme ea 110, e ngotsoeng tlas’a pululelo ke morena Davida oa mohla­bani, e lebisitsoe ho Enoa e moholoanyane ho Melkisedeke oa Saleme ha e re: “Jehova o ea otlolla Sione molamu oa matla a hao: hloma ’muso oa hao har’a lira tsa hao. Jehova o hlapantse, a ke ke a koeneha; o itse: U moprista ka ho sa eeng kae, ka mokhoa oa Melkisedeke. Morena, ea leng letsohong la hao le letona, o thumakanya marena ka letsatsi la khalefo ea hae.”—Pesaleme ea 110:2, 4, 5.

      13. Ho Ba-Heberu likhaolo 7 le 8, E moholoanyane ho Melkisedeke oa boholo-holo o tsebahatsoa e le mang, ’me Enoa o ile a kena sebakeng sefe se phahameng hona e le ka sehlabelo sa mofuta ofe?

      13 Sengoli se bululetsoeng sa buka ea Ba-Heberu se ile sa senola hore na ke mang Eo mantsoe ao a neng a hlile a lebisitsoe ho eena ha se re: “Moo Jesu a keneng ka baka la rōna, e le moetelli oa rōna, ha a beoa moprista e moholo ka ho sa feleng, ka mokhoa oa Melkisedeke.” (Ba-Heberu 6:20) Khaolong e latelang ea Ba-Heberu, ho hlalosoa boholo ba Melkisedeke oa boholo-holo. Empa ho ntse ho le joalo, boholo ba hae ba boprista bo fetoa ke Eo a neng a mo tšoantšetsa, Jesu Kreste ea tsositsoeng, ea tlotlisitsoeng, ea keneng pel’a boleng bo halalelang ba Jehova Molimo ka boeena ka molemo oa sehlabelo se seholo ho feta eng kapa eng eo Morena Melkisedeke oa Moprista oa Saleme a neng a ka e nyehela.—Ba-Heberu 7:1–8:2.

  • Qetello e Tlang ea “Buka ea Lintoa Tsa Jehova”
    Molula-Qhooa—1990 | July 1
    • 17. Jehova o tla romela mang ho tla loana ka lebitso la hae, ’me ka ho etsa joalo o tla bontša lichaba tsohle tsa kajeno eng?

      17 Ka nako e loketseng, Jehova Molimo o tla romela Jesu Kreste, Melkisedeke e Moholoanyane, e le mohlabani ea matla. Ka eena, Jehova o tla iketsetsa lebitso le leholo ho feta eng kapa eng ea nakong e fetileng e hlalositsoeng ka bukeng ea Lintoa tsa Jehova kapa ka Mangolong a Seheberu a Bibele e Halalelang. Khaolong ea ho qetela ea buka e etellang ea ho qetela pele ka Mangolong a Seheberu, tlhaselo ea machaba khahlanong le Jerusalema e boletsoe esale pele. Joale, ho latela Zakaria 14:3, “Jehova o tla hlaha, a loantše lichaba tseo, joale ka mohla a loanang tsatsing la polao.” Ka tsela ena Molimo oa Bibele o tla bontša lichaba tsohle tsa kajeno hore e sa ntsane e le Molimo oa mohlabani joalokaha e ne e le oona mehleng ea Iseraele ea boholo-holo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela