Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 11/1 maq. 9-14
  • U Rata Lentsoe la Molimo Hakae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Rata Lentsoe la Molimo Hakae?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Le Hlaolele Taba-tabelo” ea Lentsoe la Molimo
  • Mopesaleme ea Neng a Rata Molao oa Molimo
  • Khosana e Ileng ea Iteta Sefuba Hore e be e Fapaneng
  • Lentsoe la Molimo le Ile la Matlafatsa Jesu
  • Baetsisi ba Bang ba Kreste
  • Tšepa Lentsoe la Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lumella Lentsoe la Molimo ho Khantša Tsela ea Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Thabo ho sa Tsotellehe Lefatše le se Nang Molao, le Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • “A ’na a Khomarela Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 11/1 maq. 9-14

U Rata Lentsoe la Molimo Hakae?

“Molao oa hao ke o rata hakakang! Ke o nahana tsatsi lohle.”—PESALEME EA 119:97.

1. Ke tsela efe e ’ngoe eo ka eona batho ba tšabang Molimo ba bontšang hore ba rata Lentsoe la Molimo?

BANNA le basali ba limilione tse makholo ba na le kopi ea Bibele. Empa ho na le phapang pakeng tsa ho ba le Bibele le ho rata Lentsoe la Molimo. Na ke ka nepo motho a ka bolelang hore o rata Lentsoe la Molimo haeba a le bala ka seoelo? Ka sebele ha ho joalo! Ho fapana le hoo, ba bang bao pele ba neng ba sa hlomphe Bibele hona joale ba e bala letsatsi le letsatsi. Ba ithutile ho rata Lentsoe la Molimo, ’me joaloka mopesaleme, hona joale ba nahana ka Lentsoe la Molimo “tsatsi lohle.”—Pesaleme ea 119:97.

2. Tumelo ea e mong oa Lipaki tsa Jehova e ile ea matlafatsoa joang tlas’a maemo a boima?

2 E mong ea ileng a ithuta ho rata Lentsoe la Molimo ke Nasho Dori. Eena hammoho le balumeli-’moho le eena, o ile a mamella ka lilemo tse mashome a mangata, a ntse a sebeletsa Jehova naheng ea habo ea Albania. Boholo ba nako eo, Lipaki tsa Jehova li ne li thibetsoe, ’me Bakreste bana ba tšepahalang ba ne ba amohela lingoliloeng tsa Bibele tse seng kae feela. Empa, tumelo ea Mor’abo rōna Dori e ile ea lula e le matla. Ho tlile joang? O itse: “Sepheo sa ka” e ne e le “ho nka bonyane hora ke bala Bibele letsatsi le letsatsi, e leng seo ke ileng ka se etsa ka lilemo tse ka bang 60 pele mahlo a ka a fifala.” Ho fihlela haufinyane tjena, Bibele e feletseng e ne e sa fumanehe ka Sealbania, empa Mor’abo rōna Dori o ne a ithutile Segerike e sa le ngoana, ka hona, o ne a bala Bibele ka puo eo. Ho bala Bibele kamehla ho ile ha matlafatsa Mor’abo rōna Dori ha a ntse a thulana le liteko tse sa tšoaneng, ’me le rōna ho ka re matlafatsa.

“Le Hlaolele Taba-tabelo” ea Lentsoe la Molimo

3. Bakreste ba lokela ho hlaolela maikutlo afe tabeng ea Lentsoe la Molimo?

3 Moapostola Petrose o ile a ngola: “Joaloka masea a sa tsoa tsoaloa, le hlaolele taba-tabelo ea lebese le sa tsoakoang la lentsoe.” (1 Petrose 2:2) Feela joalokaha ngoana a e-ba le takatso e matla ea lebese la ’mè oa hae, ho hlokahala hore Bakreste ba elang hloko seo ba se hlokang moeeng ba fumane thabo e phethehileng ha ba bala Lentsoe la Molimo. Na ke tsela eo u ikutloang ka eona? Haeba ha ho joalo, u se ke ua nyahama. Le uena u ka hlaolela tabatabelo ea Lentsoe la Molimo.

4. Ho etsa ’malo oa Bibele tloaelo ea letsatsi le letsatsi ho akarelletsa eng?

4 E le hore u etse joalo, qala ka ho itaea hore u etse ’malo oa Bibele tloaelo ea kamehla, ea letsatsi le letsatsi ha ho khoneha. (Liketso 17:11) U ka ’na ua se ke ua khona ho nka hora letsatsi ka leng u bala Bibele joaloka Nasho Dori, empa ho ka fela ha etsahala hore u behelle ka thōko nako e itseng letsatsi ka leng bakeng sa ho hlahloba Lentsoe la Molimo. Bakreste ba bangata ba tsoha metsotso e seng mekae pejana e le hore ba nahanisise ka karolo e itseng ea Bibele. Ke tsela efe ea ho qalisa letsatsi e neng e ka ba molemo ho feta eo? Ba bang ba khetha ho qetella letsatsi ka ho bala Bibele pele ba robala. Ba bang hape ba bala Bibele ka nako e ’ngoe e ba loketseng. Taba ea bohlokoa ke ho bala Bibele kamehla. Joale, nka metsotsoana e seng mekae u nahanisisa ka seo u se balileng. A re nahaneng ka mehlala e itseng ea batho ba ileng ba rua molemo ka ho bala Lentsoe la Molimo le ho nahanisisa ka lona.

Mopesaleme ea Neng a Rata Molao oa Molimo

5, 6. Le hoja re ke ke ra tseba lebitso la mongoli oa Pesaleme ea 119, re ka ithuta eng ka eena ha re bala le ho nahanisisa ka seo a se ngotseng?

5 Ka sebele mongoli oa Pesaleme ea 119 o ne a e-na le kananelo e tebileng ea Lentsoe la Molimo. Ke mang ea ngotseng pesaleme eo? Mongoli ha aa boleloa ka Bibeleng. Leha ho le joalo, moelelong oa taba re ithuta makolopetso a itseng ka eena, ’me rea tseba hore o ne a e-na le mathata bophelong ba hae. Batho ba bang bao a neng a ba tseba bao ho neng ho nkoa hore ke barapeli ba Jehova ba ne ba se na lerato le tšoanang le la hae bakeng sa melao-motheo ea Bibele. Leha ho le joalo, mopesaleme enoa ha aa ka a lumella maikutlo a bona ho mo thibela ho etsa se nepahetseng. (Pesaleme ea 119:23) Haeba u lula le motho ea sa hlompheng litekanyetso tsa Bibele kapa u sebetsa le eena, u ka ’na ua bona ho tšoana pakeng tsa boemo ba mopesaleme le ba hao.

6 Le hoja e ne e le motho ea tšabang Molimo, ho hang mopesaleme o ne a sa itokafatse. Ka bolokolohi o ne a lumela mefokolo ea hae. (Pesaleme ea 119:5, 6, 67) Leha ho le joalo, ha aa ka a lumella sebe hore se mo laole. O ile a botsa: “Mohlankana o tla hloekisa tsela ea hae joang?” Karabo ea hae e bile ena: “Ka ho itebela ho ea ka lentsoe la hao.” (Pesaleme ea 119:9, NW) Joale, ha a hatisa hore na Lentsoe la Molimo le matla hakae ho susumelletsa botleng, mopesaleme o ile a eketsa: “Ke bolokile polelo ea hao ka pelong ea ka, e le hore ke se ke ka u siteloa.” (Pesaleme ea 119:11, NW) Matla a ka re thusang ho qoba ho siteloa Molimo a na le tšusumetso ka sebele!

7. Ke hobane’ng ha bacha ka ho khetheha ba lokela ho ela hloko tlhokahalo ea ho bala Bibele letsatsi le letsatsi?

7 Bacha ba Bakreste ba etsa hantle ha ba nahana ka mantsoe a mopesaleme. Kajeno bacha ba Bakreste ba hlasetsoe. Diabolose a ka rata haholo ho senya morole-o-mocha oa barapeli ba Jehova. Sepheo sa Satane ke ho hohela bacha ba Bakreste hore ba inehele litakatsong tsa nama ’me ba tlōle melao ea Molimo. Libaesekopo le mananeo a thelevishene hangata li bontša mohopolo oa Diabolose. Likhalala tsa mananeo a joalo li bonahala li khahleha li bile li rateha; likamano tsa boitšoaro bo bobe lipakeng tsa tsona li bontšoa e le tse tloaelehileng. Ho fetisoa molaetsa ofe? Oa hore ‘ho nepahetse hore batho ba sa nyalanang ba be le likamano tsa botona le botšehali hafeela ba ratana e le kannete.’ Ka masoabi, selemo ka seng bacha ba Bakreste ba ’maloa ba hlaseloa ke monahano o joalo. Ba bang ba senyeheloa ke tumelo ea bona. Ka hona, baa hatelloa! Empa na khatello ee e matla hoo lōna bacha le sa khoneng ho e hlōla? Le hanyenyane! Jehova o fane ka tsela ea hore bacha ba Bakreste ba hlōle litakatso tse mpe. Ba ka hlōla sebetsa sefe kapa sefe seo Diabolose a ka se qapang ka ho ‘itebela ho ea ka Lentsoe la Molimo le ka ho boloka lipolelo tsa Molimo ka lipelong tsa bona.’ U nka nako e kae u bala Bibele kamehla ’me u thuisa?

8. Mehlala e thathamisitsoeng serapeng see e u thusa joang ho hōlisa kananelo ea hao bakeng sa Molao oa Moshe?

8 Mongoli oa Pesaleme ea 119 o ile a phatlalatsa: “Molao oa hao ke o rata hakakang!” (Pesaleme ea 119:97) O ne a bua ka molao ofe? Lentsoe la Jehova le senotsoeng, ho akarelletsa le Molao oa Moshe. Ha ba o habanya feela ka lekhetlo la pele ba bang ba ka ’na ba hlokomoloha Molao ona ka hore o siiloe ke nako ’me ba ipotsa hore na ke joang mang kapa mang a ka o ratang. Leha ho le joalo, ha re ntse re nahanisisa ka litšobotsi tse sa tšoaneng tsa Molao oa Moshe, joalokaha mopesaleme a entse, re ka utloisisa bohlale ba ea entseng Molao oo. Kantle ho likarolo tse ngata tsa Molao tsa boprofeta, ho na le litekanyetso tsa oona tse mabapi le bohloeki le lijo, tse neng li khothalletsa bohloeki le bophelo bo botle. (Levitike 7:23, 24, 26; 11:2-8) Molao o ne o khothalletsa botšepehi litšebelisanong tsa khoebo ’me o ne o phehella Baiseraele ho qenehela barapeli ba habo bona ba hlokang. (Exoda 22:26, 27; 23:6; Levitike 19:35, 36; Deuteronoma 24:17-21) Liqeto tsa boahloli li ne li lokela ho etsoa ka ho hloka leeme. (Deuteronoma 16:19; 19:15) Ha mongoli oa Pesaleme ea 119 a ntse a e-ba le phihlelo bophelong, ha ho pelaelo hore o ile a bona kamoo lintho li ileng tsa tsoella hamolemo kateng bakeng sa ba neng ba phela tumellanong le Molao oa Molimo, ’me lerato la hae bakeng sa oona le ile la e-ba matla haholoanyane. Ka ho tšoanang kajeno, ha Bakreste ba ntse ba atleha ho sebeliseng melao-motheo ea Bibele, lerato la bona le kananelo bakeng sa Lentsoe la Molimo le ba matla haholoanyane.

Khosana e Ileng ea Iteta Sefuba Hore e be e Fapaneng

9. Morena Hezekia o ile a hlaolela maikutlo afe ka Lentsoe la Molimo?

9 Se fuperoeng ke Pesaleme ea 119 se lumellana hantle le seo re se tsebang ka Hezekia ha e ne e sa ntse e le khosana e nyenyane. Litsebi tse ling tsa Bibele li bontša hore Hezekia ke mongoli oa pesaleme ena. Le hoja re sa tiiseha ka sena, rea tseba hore Hezekia o ne a hlompha Lentsoe la Molimo haholo. Ka tsela ea hae ea bophelo, o ne a bontša hore o lumellana le mantsoe a Pesaleme ea 119:97 ho tloha pelong. Bibele ha e bua ka Hezekia e re: “A khomarela Jehova, a se ke a lesa ho mo latella; a ’na a boloka taelo tsa hae, tsee Jehova a li laetseng Moshe.”—2 Marena 18:6.

10. Mohlala oa Hezekia o fana ka khothatso efe ho Bakreste ba sa hōlisoang ke batsoali ba tšabang Molimo?

10 Litlaleho tsohle li bontša hore Hezekia ha aa ka a hōlela lelapeng le tšabang Molimo. Ntate oa hae, Morena Ahaze, e ne e le morapeli oa litšoantšo ea se nang tumelo, ea ileng a etsa hore bonyane a le mong ho bara ba hae—mor’abo Hezekia—a chesoe a ntse a phela e le sehlabelo ho molimo oa bohata! (2 Marena 16:3) Ho sa tsotellehe mohlala ona o mobe, Hezekia o ile a khona ho “hloekisa tsela ea hae” litšusumetsong tsa bohetene ka ho ikamahanya le Lentsoe la Molimo.—2 Likronike 29:2.

11. Ha Hezekia a ntse a shebeletse, phello ea ntate oa hae ea sa tšepahaleng e bile efe?

11 Ha Hezekia a ntse a hōla, o ile a bona ka mahlo kamoo ntate oa hae ea rapelang litšoantšo a neng a sebetsana le litaba tsa Naha kateng. Juda e ne e pota-potiloe ke lira. Ho ne ho e-na le Retsine, morena oa Syria, ea ileng a ikopanya le Morena Peka oa Iseraele ho lika-liketsa Jerusalema ka mabotho a hlometseng. (2 Marena 16:5, 6) Ho ne ho e-na le Baedomo le Bafilista, ba ileng ba atleha ho hlasela Juda ba ba ba hapa metse e meng ea Judea. (2 Likronike 28:16-19) Ahaze o ile a sebetsana joang le maqakabetsi aa? Ho e-na le ho ipiletsa ho Jehova hore a loantše Syria, Ahaze o ile a retelehela ho morena oa Assyria, a mo fa tjotjo ea khauta le silivera, ho akarelletsa le e tsoang polokelong ea matlotlo a tempele. Empa sena ha sea ka sa tlisetsa Juda khotso e tšoarellang.—2 Marena 16:6, 8.

12. Hezekia o ne a ka qoba ho etsa liphoso tse tšoanang le tsa ntate oa hae ka ho etsa eng?

12 Qetellong, Ahaze o ile a shoa ’me Hezekia e ile ea e-ba morena ha a le lilemo li 25. (2 Likronike 29:1) Le hoja a ne a sa le monyenyane, seo ha sea ka sa mo thibela hore e be morena ea atlehileng. Ho e-na le ho itšoara joaloka ntate oa hae ea sa tšepahaleng, o ile a khomarela Molao oa Jehova. Sena se ne se akarelletsa taelo e khethehileng bakeng sa marena: “Etlare hobane [morena] a lule setulong sa borena ba hae, a ingolle buka ea molao oo, a nke litaba bukeng e leng ho baprista ba ba-Levi. Buka eo e lule ho eena, a e bale ka matsatsi ’ohle a ho phela ha hae, a tle a ithute ho tšaba Jehova, Molimo oa hae, le ho boloka litaba tsohle tsa molao ona.” (Deuteronoma 17:18, 19) Ka ho bala Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi, Hezekia o ne a tla ithuta ho tšaba Jehova le ho qoba ho pheta liphoso tsa ntate oa hae ea sa tšabeng Molimo.

13. Mokreste a ka tiisa joang hore ka kutloisiso ea moea, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e tla atleha?

13 Hase marena a Iseraele feela a neng a khothalletsoa ho lula a nahana ka Lentsoe la Molimo empa Baiseraele bohle ba tšabang Molimo ba ne ba lokela ho etsa joalo. Pesaleme ea pele e hlalosa motho ea thabileng e le kannete hore ke ea ‘ithabelang molaong oa Jehova, molao oa hae a o nahana motšehare le bosiu.’ (Pesaleme ea 1:1, 2) Ha a bua ka motho ea joalo, mopesaleme o re: “See a se etsang kaofela sea mo atla.” (Pesaleme ea 1:3) Ka ho fapaneng, ha e bua ka ea se nang tumelo ho Jehova Molimo, Bibele e re: “Ke motho ea hlōlehang ho etsa qeto, ea sa tsitsang litseleng tsohle tsa hae.” (Jakobo 1:8) Kaofela ha rōna re batla ho thaba le ho atleha. Ho bala Bibele kamehla, le ka tsela e nang le morero ho ka tlatsetsa thabong ea rōna.

Lentsoe la Molimo le Ile la Matlafatsa Jesu

14. Jesu o ile a bontša joang hore o rata Lentsoe la Molimo?

14 Ka lekhetlo le leng, batsoali ba Jesu ba ile ba mo fumana a lutse har’a mesuoe tempeleng e Jerusalema. Litsebi tsena tsa Molao oa Molimo ‘li ne li makatsoa hakaakang ka nako eohle ke kutloisiso ea hae le likarabo tsa hae’! (Luka 2:46, 47) E ne e le ha Jesu a le lilemo li 12. E, esita le ha a sa le monyenyane, ho ne ho hlakile hore o rata Lentsoe la Molimo. Hamorao, Jesu o ile a sebelisa Mangolo ho khalemela Diabolose ka matla, a re: “Motho o lokela ho phela, eseng ka bohobe feela, empa ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.” (Matheu 4:3-10) Kapele ka mor’a moo, Jesu o ile a bolela ho baahi ba motse oa habo oa Nazaretha, a sebelisa Mangolo.—Luka 4:16-21.

15. Jesu o ile a beha mohlala joang ha a bolela ho ba bang?

15 Jesu o ne a qotsa Lentsoe la Molimo khafetsa bakeng sa ho tšehetsa lithuto tsa hae. Bamameli ba hae ba ile ba “hlolloa ke tsela ea hae ea ho ruta.” (Matheu 7:28) ’Me ha ho makatse hobane lithuto tsa Jesu li ne li e-tsoa ho Jehova Molimo ka boeena! Jesu o ile a re: “Seo ke se rutang hase sa ka, empa ke sa ea nthomileng. Ea buang ka ho iqalla o ipatlela thoriso; empa ea batlang thoriso ea ea mo romileng, enoa ke oa ’nete, ’me ha ho na ho se loke ho eena.”—Johanne 7:16, 18.

16. Jesu o bontšitse hore o rata Lentsoe la Molimo ho isa kae?

16 Ho fapana le mongoli oa Pesaleme ea 119, ho ne ho se “na ho se loke” ho Jesu. O ne a se na libe, e le Mora oa Molimo ea ‘ileng a ikokobetsa ’me a mamela ho isa lefung.’ (Bafilippi 2:8; Baheberu 7:26) Empa, leha a ne a phethahetse joalo, Jesu o ile a ithuta Molao oa Molimo ’me a o mamela. Sena e ne e le sesosa se ka sehloohong sa matla a hae a ho boloka botšepehi. Ha Petrose a ne a sebelisa sabole ho leka ho thibela hore Monghali oa hae a tšoaroe, Jesu o ile a khalemela moapostola enoa ka matla ’me a botsa: “U nahana hore nke ke ka ipiletsa ho Ntate hore a mphe ka oona motsotso oo lilegione tse fetang leshome le metso e ’meli tsa mangeloi? Tabeng eo, Mangolo a ne a tla phethahala joang a hore ho lokela ho etsahala ka tsela ee?” (Matheu 26:53, 54) E, ho phethahala ha Mangolo ho ne ho bolela se eketsehileng ho Jesu ho feta ho phema lefu le sehlōhō le tlotlollang. Ke lerato le ikhethang hakaakang la Lentsoe la Molimo!

Baetsisi ba Bang ba Kreste

17. Lentsoe la Molimo e ne e le la bohlokoa hakae ho moapostola Pauluse?

17 Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste-’moho le eena: “E-bang baetsisi ba ka, esita le joalokaha ke le oa Kreste.” (1 Bakorinthe 11:1) Joaloka Monghali oa hae, Pauluse o ile a hlaolela lerato bakeng sa Mangolo. O itse: “Botebong ba pelo ea ka ke rata Molao oa Molimo haholo.” (Baroma 7:22, The Jerusalem Bible) Pauluse o ne a qotsa Lentsoe la Molimo khafetsa. (Liketso 13:32-41; 17:2, 3; 28:23) Ha Pauluse a ne a fana ka litaelo tsa hae tsa ho qetela ho Timothea, mosebeletsi-’moho le eena ea ratoang, o ile a hatisa karolo ea bohlokoa eo Lentsoe la Molimo le lokelang ho e phetha bophelong ba letsatsi le letsatsi ba ‘motho e mong le e mong oa Molimo.’—2 Timothea 3:15-17.

18. Fana ka mohlala oa mehleng ea kajeno, oa motho ea ileng a hlompha Lentsoe la Molimo.

18 Ka ho tšoanang bahlanka ba Jehova ba bangata ba tšepahalang mehleng ea kajeno ba etsisitse Jesu ka ho rata Lentsoe la Molimo. Qalong ea lekholo lena la lilemo, mohlankana e mong o ile a fuoa Bibele ke motsoalle oa hae. O ile a hlalosa phello ea mpho ena ea bohlokoa ho eena tjena: “Ke ile ka ikemisetsa hore bophelong ba ka e be tlamo hore ke bale karolo e itseng ea Bibele letsatsi le leng le le leng.” Mohlankana eo e ne e le Frederick Franz, ’me lerato la hae bakeng sa Bibele le ile la etsa hore a thabele bophelo bo bolelele le bo atlehileng tšebeletsong ea Jehova. Ka lerato o hopoloa ka tsebo ea hae ea ho pheta likhaolo tse feletseng tsa Bibele ka hlooho.

19. Ke joang ba bang ba etsang kemiso ea ’malo oa Bibele oa beke le beke oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo?

19 Lipaki tsa Jehova li hatisa haholo ho baloa ha Bibele kamehla. Beke ka ’ngoe, ha li lokisetsa se seng sa liboka tsa tsona tsa Bokreste, e leng Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, li bala likhaolo tse ’maloa tsa Bibele. Nakong ea seboka ho tšohloa lintlha tse khōlō tsa ’malo oa Bibele o lokiselitsoeng seboka seo. Lipaki tse ling li bona ho loketse ho arola ’malo oa Bibele oa beke ka likarolo tse nyenyane tse supileng ’me li bale karolo e le ’ngoe letsatsi ka leng. Ha li ntse li bala, li nahana ka boitsebiso bona. Ha ho khoneha, li etsa lipatlisiso tse eketsehileng ka thuso ea lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng.

20. Ho hlokahala’ng hore re iphe nako ea ho bala Bibele kamehla?

20 Ho ka ’na ha hlokahala hore u ‘reke nako’ mesebetsing e meng e le hore u bale Bibele kamehla. (Baefese 5:16) Ho sa tsotellehe seo, melemo e tla feta hōle boitelo leha e le bofe. Ha u ntse u hlaolela tloaelo ea ho bala Bibele letsatsi le letsatsi, lerato la hao bakeng sa Lentsoe la Molimo le tla hōla. Kapele, u tla susumelletseha hore uena le mopesaleme le re: “Molao oa hao ke o rata hakakang! Ke o nahana tsatsi lohle.” (Pesaleme ea 119:97) Maikutlo a joalo a tla tlisa melemo e meholo hona joale le nakong e tlang, joalokaha sehlooho se latelang se tla bontša.

Na U sa Hopola?

◻ Mongoli oa Pesaleme ea 119 o ile a bontša joang hore o rata Lentsoe la Molimo ka ho tebileng?

◻ Re ka ithuta eng mohlaleng oa Jesu le oa Pauluse?

◻ Ka bomong re ka hōlisa lerato la rōna joang bakeng sa Lentsoe la Molimo?

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Marena a tšepahalang a ne a lokela ho bala Lentsoe la Molimo kamehla. Na u etsa joalo?

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Esita leha e sa le moshanyana, Jesu o ne a rata Lentsoe la Molimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela