-
‘Ekare ha e se Jehova ea Hahang Ntlo . . .’Molula-Qhooa—1989 | October 1
-
-
Leha ho le joalo, katleho boitekong bo bong ntle le ba mesebetsi ea sebele ea ho haha le eona e itšetlehile ka tlhohonolofatso ea Jehova. Nahana ka mantsoe a Salomone temaneng ea boraro ea Pesaleme ea 127: “Bonang, bara ke lefa la Jehova, ’me tholoana ea popelo ea mosali ke moputso.” Jehova hape ke Sehahi seo ho seng se ka bapisoang le sona ntlheng ea malapa, ’me batsoali ba na le tokelo e babatsehang ea ho ba basebetsi ’moho le eena.a (Ba-Heberu 11:10) Ke joang batsoali ba Bakreste ba ka sebelisang monyetla oa selekane see seo e leng tokelo e khōlō ’me ka katleho ba haha lelapa le thabileng, le nang le khotso, le tlisang tlhompho ho ’Mōpi, Jehova Molimo?
-
-
‘Ekare ha e se Jehova ea Hahang Ntlo . . .’Molula-Qhooa—1989 | October 1
-
-
a Ha e le hantle, ho nahanoa hore mantsoe a Seheberu bakeng sa “lihahi” (temana ea 1, NW) le “bara” (temana ea 3) ka bobeli a tsoa motsong o bolelang “ho haha.” Ho feta moo, ka Seheberu lentsoe “ntlo” le ka bolela “sebaka sa bolulo” kapa “lelapa.” (2 Samuele 7:11, 16; Mikea 1:5) Ka hona, ho haha ntlo ho amahanngoa le ho hōlisa lelapa. Tlhohonolofatso ea Jehova ea hlokahala mererong eo ka bobeli.
-