Thusa Bana ba Hao ho Atleha
TABENG ea khōliso ea ngoana, batsoali ba bangata ba ea holimo le tlaase ba ntse ba batla likarabo tseo, ha e le hantle, ba ka li fumanang habonolo malapeng a bona. Malapa a mangata haholo a na le Bibele, empa e luloa ke lerōle shelefong ea libuka ho e-na le hore e sebelisoe khōlisong ea ngoana.
Ke ’nete hore ba bangata kajeno ba tletse lipelaelo mabapi le ho sebelisa Bibele e le e tataisang bophelong ba lelapa. Ba e qhelela thōko e le e siiloeng ke nako, e tsoileng fesheneng kapa e le e tletseng melao e thata. Empa tlhahlobo e se nang leeme e tla senola hore Bibele ke buka e nang le likeletso tse sebetsang bakeng sa malapa. A re ke re boneng hore na joang.
Tikoloho e Nepahetseng
Bibele e re ntate a nke bana ba hae joaloka “mahlōmela a mohloaare, ho pota-pota tafole ea [hae].” (Pesaleme ea 128:3, 4, BPN) Sethopo se tetemang se ne se ke ke sa hōla ho ba lifate tse behang litholoana kantle le hore se hlaoleloe ka hloko, se fumane phepo, mobu le mongobo tse nepahetseng. Ka ho tšoanang, ho atleha khōlisong ea ngoana ho hloka mosebetsi le tlhokomelo. Bana ba hloka tikoloho e sireletsehileng e le hore ba hōle ka ho feletseng.
Tlhokahalo ea pele bakeng sa tikoloho e joalo ke lerato—pakeng tsa balekane ba lenyalo le pakeng tsa batsoali le bana. (Baefese 5:33; Tite 2:4) Litho tsa malapa a mangata lia ratana empa ha li bone ho hlokahala hore li bontše lerato le joalo. Leha ho le joalo, ak’u nahane: Na ka ’nete u ne u ka re u ngoletse motsoalle oa hao haeba u mo ngoletse mangolo ao ho seng mohla u kileng ua a ngola aterese, ua a tempa kapa ua a romela? Ka ho tšoanang, Bibele e bontša hore lerato la sebele le feta hōle boikutlo bo mofuthu ba pelo; le iponahatsa ka mantsoe le liketso. (Bapisa Johanne 14:15 le 1 Johanne 5:3.) Molimo ke mohlala, ka ho bontša lerato la hae ho Mor’a hae ka mantsoe: “Enoa ke Mora oa ka, moratuoa, eo ke mo amohetseng.”—Matheu 3:17.
Pabatso
Batsoali ba ka bontša bana ba bona lerato le joalo joang? Qalong feela, sheba lintho tse molemo. Ho bonolo ho fumana liphoso ho bana. Bongoana ba bona, ho hloka phihlelo ha bona, le boithati li tla bonahala ka litsela tse ngata-ngata, letsatsi le chabang le le likelang. (Liproverbia 22:15) Empa ba tla etsa lintho tse ngata tse molemo letsatsi le leng le le leng. U tla lebisa tlhokomelo ho life? Molimo ha a lule a nahana ka liphoso tsa rōna empa o hopola botle boo re bo etsang. (Pesaleme ea 130:3; Baheberu 6:10) Re lokela ho tšoara bana ba rōna ka tsela e tšoanang.
Mohlankana e mong o re: “Bophelong bohle ba ka ha ke ntse ke le lapeng, ha ke hopole ke babatsoa le ka le baliloeng—ebang ke ka seo ke se finyeletseng lapeng kapa sekolong.” Batsoali, le se ke la hlokomoloha tlhoko ena ea bohlokoa ea bana ba lōna! Ngoana e mong le e mong o lokela ho lula a babatsoa ka botle boo a bo etsang. Seo se tla fokotsa monyetla oa hore ba hōle ba ‘nyahame,’ ba kholisehile hore ha ho letho leo ba tla ke ba le finyelle le letle.—Bakolose 3:21.
Puisano
Tsela e ’ngoe e molemo ea ho bontša bana ba hao lerato ke ho latela keletso ea Jakobo 1:19: ‘U lokela ho potlaka mabapi le ho utloa, u be ea liehang mabapi le ho bua, u be ea liehang mabapi le khalefo.’ Na u khothalletsa bana ba hao ho bua ka bolokolohi ’me u hle u mamele ha ba bua? Haeba bana ba hao ba tseba hore u tla ba khalemela le pele ba qeta ho bua seo ba se buang kapa hore u tla halefa ha u utloa maikutlo a bona a sebele, ba ka ’na ba ipolokela maikutlo ao ka ho bona. Empa haeba ba tseba hore u tla hle u mamele, ba tla nolofalloa ke hore ba phutholohe ho uena.—Bapisa le Liproverbia 20:5.
Leha ho le joalo, ho thoe’ng teng haeba ba u senolela maikutlo ao u tsebang hore a fosahetse? Na eo ke nako ea ho arabela ka khalefo, ea ho khalemela ka matla kapa ea ho laea ka tsela e itseng? Ke ’nete hore ka linako tse ling ho phatloha ka bongoana ho ka thatafalletsa motho ho ba ‘ea liehang mabapi le ho bua, ea liehang mabapi le khalefo.’ Empa nka hape mohlala oa Molimo mabapi le bana ba hae. Na o etsa hore ba mo tšabe ka tsela e tepelletsang, e le hore bana ba hae ba tšabe ho mo bolella tsela eo ba hlileng ba ikutloang ka eona? Che! Pesaleme ea 62:8 e re: “Le itšepise ka [Molimo] ka mehla, le tšollele lipelo tsa lōna pel’a oona! Molimo ke setšabelo sa rōna.”
Kahoo ha Abrahama a ne a tšoenyehile ka qeto eo Molimo a e entseng ea ho felisa metse ea Sodoma le Gomora, ha aa ka a tsilatsila ho re ho Ntate oa hae ea leholimong: “Oho! u se ke ua etsa taba e joalo le hanyenyane . . . Hleka Moahloli oa lefatše a ke ke a etsa ka ho loka na?” Jehova ha aa ka a khalemela Abrahama ka matla; O ile a mo mamela ’me a mo kokobetsa matsoalong. (Genese 18:20-33) Molimo o mamella le ho ba mosa ka tsela e ikhethang, esita leha bana ba hae ba ntša maikutlo a sa lokang le a sa utloahaleng ka ho feletseng.—Jonase 3:10–4:11.
Ka ho tšoanang batsoali ba tlameha ho hlahisa tikoloho eo ho eona bana ba ikutloang ba sireletsehile ho ntša maikutlo a bona a tebileng, ho sa tsotellehe hore na e ka ba a ferekanyang hakae. Kahoo haeba ngoana oa hao a senola maikutlo ka ho phasoloha, mo mamele. Ho e-na le ho mo halefela, ananela maikutlo a ngoana ’me u batlisise mabaka. Ka mohlala, u ka ’na ua re: ‘Ho bonahala eka u utloisitsoe bohloko ke semanyamanyane. Na u ka mpolella hore na ho etsahetse’ng?’
Ho Laola Khalefo
Ke ’nete hore ha ho motsoali ea nang le mamello e kang ea Jehova. ’Me ka sebele bana ba ka leka mamello ea batsoali ho fihlela ba sitoa ho iphapanya. Haeba u halefela bana ba hao nako le nako, u se ke ua tšoenyeha ka hore sena se u etsa motsoali ea hlōlehang. Ka linako tse ling, u tla be u nepile ha u halefa. Molimo ka boeena o halefela bana ba hae ka tsela e loketseng, esita le bao a ba ratang haholo. (Exoda 4:14; Deuteronoma 34:10) Leha ho le joalo, Lentsoe la hae le re ruta hore re laole bohale ba rōna.—Baefese 4:26.
Joang? Ka linako tse ling ho nka khefu ka nakoana e le hore bohale ba hao bo kokobele hoa thusa. (Liproverbia 17:14) ’Me hopola, Motho eo ke ngoana! U se ke ua mo lebella ho itšoara kapa ho nahana joaloka motho e moholo. (1 Bakorinthe 13:11) Ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ngoana oa hao a itšoara ka tsela e itseng ho ka ’na ha u kokobetsa bohale. (Liproverbia 19:11) Le ka mohla u se ke ua lebala phapang e khōlō e teng pakeng tsa ho etsa ntho e mpe le ho ba mobe. Ho tlatsetsa ngoana lerata ka hore o mobe ho ka ’na ha etsa hore ngoana a ipotse, ‘Ho sa thusa’ng le ho leka ho etsa hantle?’ Empa ho khalemela ngoana ka lerato ho tla mo thusa hore a etse hamolemonyana nakong e tlang.
Ho Boloka Tlhophiso le Tlhompho
Ho ruta bana ho ba le tlhophiso le tlhompho ke e ’ngoe ea liphephetso tse khōlōhali tseo batsoali ba tobanang le tsona. Lefatšeng la kajeno le lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ba bangata baa ipotsa hore na ho hlile ho nepahetse ho hanela bana ba bona ka ntho leha e le efe. Bibele ea araba: “Thupa le khalemelo li fa motho bohlale; empa mohlankana ea ipusang o hlabisa ’m’ae lihlong.” (Liproverbia 29:15) Ba bang ba tšaba ho sebelisa lentsoe “thupa,” ba nahana hore le bolela tsela e ’ngoe ea ho hlekefetsa bana. Empa ha ho joalo. Lentsoe la Seheberu bakeng sa “thupa” le ne le bolela lere, le kang leo molisa a le sebelisang ho tataisa—eseng ho hlasela—linku tsa hae.a Kahoo thupa e emela taeo.
Ha e le hantle, ka Bibeleng ho laea ho bolela ho ruta. Ke kahoo buka ea Liproverbia e buang ka ho ‘mamela taeo’ ka makhetlo a ka bang mane. (Liproverbia 1:8; 4:1; 8:33; 19:27, bapisa le NW.) Bana ba tlameha ho ithuta hore ho etsa se nepahetseng ho tlisa moputso le hore ho etsa se fosahetseng ho tlisa liphello tse mpe. Kotlo e ka ’na ea thusa ho hatisa liphello tsa se fosahetseng, feela joalokaha moputso—o kang oa ho babatsoa—o ka ’na oa khothalletsa ho etsa se nepahetseng. (Bapisa le Deuteronoma 11:26-28.) Batsoali ba etsa hantle ha ba etsisa mohlala oa Molimo tabeng ea ho fana ka kotlo, kaha o ile a bolella batho ba hae hore o ne a tla ba khalemela “ka tekano.” (Jeremia 46:28, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Bana ba bang ba itlhokela mantsoe a seng makae feela a tiileng hore ba kene tseleng. Ba bang ba hloka mehato e matlanyana. Empa ho khalemela “ka tekano” ha ho mohla ho tla akarelletsa ntho leha e le efe e ka ’nang ea lematsa ngoana maikutlong kapa ’meleng.
Taeo e itekanetseng e lokela ho akarelletsa ho ruta bana ka meeli le litekanyetso. Tse ngata tsa tsona li hlalositsoe ka ho hlaka Lentsoeng la Molimo. Bibele e ruta hore ho hlomphuoe meeli ea thepa ea batho. (Deuteronoma 19:14) E beha meeli mabapi le tšoaro ea ’mele, e bolela hore ho rata pefo kapa ho ntša motho e mong kotsi ka boomo ho fosahetse. (Pesaleme ea 11:5; Matheu 7:12) E fana ka meeli likamanong tsa botona le botšehali, e nyatsa ho kopanela likobo ha batho ba amanang haufi. (Levitike 18:6-18) E bile e hlokomela tokelo ea ho ba le meeli ea botho le ea maikutlo, e re hanela ho bitsa ba bang ka mabitso a somang kapa ho sebelisa mantsoe a mang a hlabang. (Matheu 5:22) Ho ruta bana litekanyetso tsena le meeli ena—ka puo hammoho le ka liketso—ke habohlokoa ho hlahiseng tikoloho e sireletsehileng ea lelapa.
Tsela e ’ngoe ea bohlokoa bakeng sa ho boloka tlhophiso le tlhompho ka lapeng ke ho utloisisa karolo eo setho ka seng sa lelapa se e phethang ka lelapeng. Malapeng a mangata kajeno, likarolo tse joalo ha lia hlaka kapa li kopakane. Malapeng a mang, motsoali o ee a bolelle ngoana mathata a boima, mathata ao ngoana a e-song ho lokele ho a jara. Ho a mang, bana ba lumelloa ho ba bo-’mampolinyana, ba etsetsang lelapa lohle liqeto. Hoo ho fosahetse ’me ho kotsi. Batsoali ba tlameha ho hlokomela litlhoko tsa bana ba bona ba banyenyane—ebang ke tsa ’mele, maikutlo kapa tsa moea—eseng hore e be bana ba etsang seo ho batsoali. (2 Bakorinthe 12:14; 1 Timothea 5:8) Nka mohlala oa Jakobo, ea ileng a fokotsa lebelo leo lelapa lohle la hae le ba neng ba tsamaea le eena ba neng ba tsamaea ka lona e le hore bana ba banyenyane ba se ke ba khathala. O ne a utloisisa mefokolo ea bona ’me a sebetsa tumellanong le eona.—Genese 33:13, 14.
Ho Hlokomela Litlhoko Tsa Moea
Ha ho letho leo e leng la bohlokoa bakeng sa tikoloho e sireletsehileng ea lelapa ho feta bomoea. (Matheu 5:3) Bana ba na le matla a maholo a ho ithuta lintho tsa moea. Ba tletse lipotso: Ke hobane’ng ha re le teng? Ke mang ea entseng lefatše le liphoofolo tse ho lona, lifate le maoatle? Ke hobane’ng ha batho ba e-shoa? Ho etsahala’ng ka mor’a moo? Ke hobane’ng ha lintho tse mpe li etsahalla batho ba molemo? Ho bonahala lethathamo le sa fele. Hangata, ke batsoali ba khethang ho se nahane ka lintho tse joalo.b
Bibele e khothalletsa batsoali ho qeta nako e itseng ba koetlisa bana ba bona ka lintho tsa moea. E hlalosa koetliso e joalo ka mantsoe a mofuthu e le puisano e tsoelang pele pakeng tsa batsoali le bana. Batsoali ba ka ruta bana ba bona ka Molimo le ka Lentsoe la hae ha ba tsamaea ’moho, ha ba lutse ’moho ka tlung, ha ba il’o robala—neng le neng ha ho khoneha.—Deuteronoma 6:6, 7; Baefese 6:4.
Bibele e khothalletsa ho fetang feela lenaneo le joalo la lintho tsa moea. E boetse e fana ka thepa eo u tla e hloka. Etsoe, u ne u tla araba lipotso tsa ngoana tse boletsoeng ka holimo joang? Bibele e na le likarabo. Li hlakile, lia thahasellisa, ’me li fana ka tšepo e babatsehang lefatšeng lena le se nang tšepo. Empa ho molemo le ho feta ke hore kutloisiso ea bohlale ba Bibele e ka neha bana ba hao setšehetso se matla le tataiso e tšepahalang ka ho fetisisa mehleng ena e ferekanyang. Ba fe seo, ’me ka sebele ba tla atleha—hona joale le nakong e tlang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
b Buka e reng Lekunutu la Thabo ea Lelapa e etselitsoe thuto ea lelapa ’me e na le likeletso tse ngata tse sebetsang tse tsoang Bibeleng mabapi le lenyalo le khōliso ea ngoana. E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]
Batla litsela tse itseng tsa ho lula u babatsa ngoana oa hao ka ho toba
[Lebokose le leqepheng la 9]
Tsela Ea Ho Thusa Bana Ho Atleha
•Ba lokisetse tikoloho e sireletsehileng eo ho eona ba ikutloang ba ratoa ’me ba hlokoa
•Lula u ba babatsa. Toba taba
•E-ba momameli ea molemo
•Nka khefu ha u loloma ke bohale
•Beha meeli le litekanyetso tse hlakileng le tse tsitsitseng
•Fana ka khalemelo ho latela litlhoko tsa ngoana ka mong
•U se ke ua lebella ho hongata ho feta tekano ho ngoana oa hao
•Hlokomela litlhoko tsa moea ka thuto ea kamehla ea Lentsoe la Molimo
[Lebokose le leqepheng la 10]
Pele Ho Nako Ea Eona
MELAO ea Bibele e ile ea thusa batho ba Iseraele ea boholo-holo ho thabela bophelo ba lelapa bo neng bo le boemong bo phahametseng hōle ba lichaba tse neng li ba potolohile. Rahistori Alfred Edersheim oa hlalosa: “Ho ba neng ba le ka ntle ho meeli ea Iseraele, e ne e e-ba ngope-setšoha ho neng ho khoneha ho bua ka bophelo bo hlomphehang ba lelapa, kapa esita le ka lelapa, ho latela kamoo re utloisisang mantsoe ana kateng.” Ka mohlala, har’a Baroma ba boholo-holo molao o ne o fa ntate matla a feletseng ka lelapeng. O ne a ka rekisa bana ba hae bokhobeng, a ba sehlisa ka thata, kapa mohlomong a ba bolaea—ho se kotlo.
Baroma ba bang ba ne ba nka hore Bajuda ke mekhelo ka ho tšoara bana ba bona ka mosa. Ha e le hantle, rahistori oa lekholong la pele la lilemo oa Moroma, Tacitus, o ile a ngola mantsoe a tletseng lehloeo ka Bajuda, a bolela hore litloaelo tsa bona “ntle le ho tsilatsila ke tse khelohileng le tse tenang.” Leha ho le joalo, o ile a lumela hore: “Ho bona ke tlōlo ea molao ho bolaea lesea leha e le lefe le sa tsoa tsoaloa.”
Bibele e ile ea fana ka tekanyetso e phahameng. E ile ea ruta Bajuda hore bana ke ba bohlokoa—ha e le hantle ba ne ba lokela ho nkoa e le lefa le tsoang ho Molimo ka boeena—’me ba ne ba lokela ho tšoaroa ka tsela e lumellanang le seo. (Pesaleme ea 127:3) Ka ho hlakileng, ba bangata ba ile ba phela tumellanong le temoso eo. ’Me le puo ea bona e ile ea senola ntlha ena. Edersheim o bolela hore ntle ho mantsoe a emelang mora le morali, Seheberu sa boholo-holo se ne se e-na le mantsoe a robong a bolelang bana, le leng le le leng le sebelisoa boemong bo itseng ba bophelo. Ka mohlala, ho ne ho e-na le lentsoe le sebelisoang bakeng sa ngoana ea ntseng a anyesoa, le le leng bakeng sa ngoana ea seng a khoele. Bakeng sa bana ba seng ba thuthuhile, ho ne ho e-na le lentsoe le leng le hlalosang hore bana ba se ba tiea ’me ba e-ba matla. ’Me bakeng sa bacha ba seng ba tiile, ho ne ho e-na le lentsoe le hlileng le bolelang ‘ho phurusetsa.’ Edersheim oa hlalosa: “Ka sebele, ba ileng ba e-ba seli ho lebella bophelo ba ngoana e le hore ba fane ka lentsoe le bontšang ho itseng bakeng sa mothati o mong le o mong oa khōlo ea hae, ba tlameha ba ne ba e-na le kamano e lerato le bana ba bona.”