Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 9/8 maq. 29-30
  • Ho Thuisa ho Ruisang Molemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Thuisa ho Ruisang Molemo
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Thuisa ho Akarelletsa ho Hongata
  • Ho Thuisa Kajeno
  • Ho Thuisa
    Tsoha!—2014
  • Ho Rapela le ho Thuisa ke Habohlokoa e le Hore re be Baboleli ba Chesehang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • Lintho Tseo ke li Nahanisisang
    Binelang Jehova le Thabile
  • Ho Thuisa ha Pelo ea Ka
    Binelang Jehova
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 9/8 maq. 29-30

Pono ea Bibele

Ho Thuisa ho Ruisang Molemo

“LIPOLELO TSA MOLOMO OA KA LE HO THUISA HA PELO EA KA E KE E BE TSE KHAHLISANG KA PEL’A HAO, JEHOVA LEFIKA LA KA LE MOLOPOLLI OA KA.”—PESALEME EA 19:14, NW.

“HO THUISA” ho bolela’ng ho uena? Haeba u latela lithuto tsa malumeli a mang a Bochabela, e ka ’na eaba u lumela hore ke ntho e hlakisang monahano haholoanyane kapa e behang leseling ka ho khethehileng. Ho thuisa ho etsoang tumelong ea Bobuddha ho khothalletsa ho ntša menahano eohle kelellong. Mefuta e meng ea ho thuisa e hlalosoa e le e khothalletsang ho tlatsa kelello ea hao ka “linnete tse akaretsang tsa bohlale.”

Pono ea Bibele ka ho thuisa e fapane le sena sohle. Ka tsela efe? Nahana ka mohlala o hlahang ka Bibeleng oa monna ea bitsoang Isaka, eo ha a le lilemo li 40 a neng a e-na le ho hongata hoo a neng a thuisa ka hona. Genese 24:63 e re: ‘Isaka o na a tsoetse naheng ho ea imamela [“ho thuisa,” NW] ha e le mantsiboea.’ Ha ho na lebaka la ho nahana hore Isaka o ile a ntša menahano eohle kelellong kapa hore o ne a mpa a nahanisisa ka ‘’nete e akaretsang ea bohlale’ e sa tsebahaleng hantle. Mohlomong Isaka o ne a e-na le lintho tse tobileng tseo a neng a lokela ho nahana ka tsona, tse kang bokamoso ba hae, ho hlokahalloa ke ’mè oa hae kapa hore na ke mang eo e neng e tla ba mosali oa hae. Mohlomong o ne a sebelisa nako e itseng e ka thōko mantsiboea ho thuisa ka lintlha tsena tsa bohlokoa. Ka Bibeleng, ho thuisa ho bolela ho fetang ho lelera ha kelello.

Ho Thuisa ho Akarelletsa ho Hongata

Nahana ka mohlala oa mopesaleme Davida. O ile a tobana le mathata a fapa-fapaneng a neng a bonahala e le a ke keng a rarolloa, hape o ne a tseba hantle hore joaloka motho ea sa phethahalang, o ne a hloka thuso ea Molimo e le hore a itšoare ka mokhoa o nepahetseng. Ke eng se ileng sa matlafatsa Davida har’a maemo ana a boima? Joalokaha ho tlalehiloe ho Pesaleme ea 19:14 (NW), Davida o ile a re: “Lipolelo tsa molomo oa ka le ho thuisa ha pelo ea ka e ke e be tse khahlisang ka pel’a hao, Jehova Lefika la ka le Molopolli oa ka.” Motso oa lentsoe la Seheberu leo mona le fetoletsoeng e le “ho thuisa” ha e le hantle o bolela “ho bua u le mong.” E, Davida o ne a ‘bua a le mong’ ka Jehova, mosebetsi oa hae, liketso tsa hae, melao ea hae, le ho loka ha hae.—Pesaleme ea 143:5, NW.

Ka ho tšoanang, Bakreste ba mehleng ea pele ba ne ba nka ho behella nako ka thōko bakeng sa ho thuisa ka lintho tsa moea e le karolo ea borapeli ba ’nete. Moapostola Pauluse o ile a lemosa: “Lintho life kapa life tsa ’nete, lintho life kapa life tseo ho amehoang ka tsona ka botebo, lintho life kapa life tse lokileng, lintho life kapa life tse hloekileng, lintho life kapa life tse ratehang, lintho life kapa life tse buuoang hantle, bokhabane bofe kapa bofe bo teng le ntho efe kapa efe e teng e lokeloang ke thoriso, le tsoele pele ho nahana ka lintho tsena.” (Bafilippi 4:8) Ka ho hlakileng, e le hore re ka nahana mehopolo e hahang, ho ne ho tla hlokahala hore “lintho” tsena tseo Pauluse a buileng ka tsona li kene ka likelellong tsa rōna ka nako e ’ngoe e itseng. Joang?

Mopesaleme o fana ka karabo. Pesaleme ea 1:1, 2 e baleha tjena: “Ho lehlohonolo motho ea sa lateleng keletso ea bakhopo . . . Empa a ithabela molaong oa Jehova, molao oa oona a o nahana [“o o bala,” NW] motšehare le bosiu.” E, mopesaleme o ne a bala molao oa Molimo kamehla. Kahoo o ne a ka khona ho thuisa ka lintho tseo a ithutileng tsona ka ’Mōpi.

Ho Thuisa Kajeno

Ho bala Bibele ke ntho ea bohlokoa haholo, empa ka mor’a ho e bala, re lokela ho thuisa, ho nahana ka botebo, kapa ho “bua re le bang” ka seo re se balileng. Feela joalokaha tšilo e hlokahala hore re rue molemo o feletseng lijong tseo re li jang, ho thuisa hoa hlokahala e le hore seo re se balang ka har’a Bibele se re thopothele. Ho thuisa ho nepahetseng ha ho tlose menahano e fosahetseng kelellong feela. Ho boetse ho re fa monyetla oa ho nahana ka litharollo tse thehiloeng Bibeleng bakeng sa mathata a rōna. Ho thuisa ho joalo ho ka re thusa ho tobana ka katleho le matšoenyeho a bophelo ba letsatsi le letsatsi.—Matheu 6:25-32.

Mopesaleme Davida o ile a hlokomela karolo ea bohlokoa eo ho thuisa ho e phethang ho khahliseng Molimo. O ile a re: “Molomo oa ea lokileng o ntša mantsoe a hlalefileng.” (Pesaleme ea 37:30) E, ho thuisa ke letšoao le khethollang morapeli ea tšepahalang. Hore Molimo a re nke re le ba lokileng ke tlhohonolofatso ea sebele, ’me ho tlisa melemo moeeng. Ka mohlala, Bibele e re “tsela ea ba lokileng e joalo ka leseli le khanyang, le ntseng le eketsa ho khanya ho fihlela motšehare o moholo o phethehileng.” (Liproverbia 4:18) Kahoo, Mokreste ea mamelang le ea ‘ntšang mantsoe a hlalefileng’ a ka lebella ho hōla kutloisisong ea Bibele.

Bibele e boetse e lemosa Bakreste hore ba thuise ka boikarabelo ba bona ba Mangolo. Moapostola Pauluse o ile a bolella Timothea: “Nahanisisa ka lintho tsena; u ikakhele ka setotsoana ho tsona, e le hore tsoelo-pele ea hao e ka bonahala ho batho bohle. Ikele hloko ka mehla le thuto ea hao. Lula linthong tsena, kaha ka ho etsa sena u tla ipholosa hammoho le ba u mamelang.” (1 Timothea 4:15, 16) E, seo re se buang le seo re se etsang se ka ba le tšusumetso e tebileng ho ba bang.

Ka ho hlakileng, re na le mabaka a mangata a ho nahanisisa ka ho tebileng ka lintho tsa bohlokoa. Ke habohlokoa ho nahana ka liphihlelo tsa rōna tsa nakong e fetileng, ho thuisa ka litaba tsa hona joale, le ho nahanisisa ka ho tebileng ka bokamoso ba rōna. Empa ka holim’a tsohle, ho thuisa ho tla re beha leseling ka ho fetisisa haeba menahano ea rōna e likoloha bohlaleng ba ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo.

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

“Ea Nahanang,” ka Rodin

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela