Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jehova—Ea Sefutho ho Sebeliseng Matla
    Molula-Qhooa—2000 | March 1
    • 5. Re fumana bopaki bofe ba matla a Jehova mesebetsing ea hae?

      5 Haeba re ‘batlisisa mesebetsi ea Molimo’ joalokaha Davida a ile a etsa, re tla bona bopaki ba matla a hae hohle—moeeng le maqhubung, sea-lumeng le lehalimeng, linōkeng tse khōlō le lithabeng tse khōlōhali. (Pesaleme ea 111:2; Jobo 26:12-14) Ho feta moo, joalokaha Jehova a ile a hopotsa Jobo, liphoofolo li fana ka bopaki ba hore O matla. Har’a tsona ke Behemothe, kapa kubu. Jehova o ile a bolella Jobo: “Matla a eona a lethekeng la eona . . . Masapo a eona a thata a joaloka melamu ea tšepe e teiloeng.” (Jobo 40:15-18, NW) Matla a tšabehang a poho e hlaha le ’ona a ne a tsejoa hantle mehleng ea Bibele, ’me Davida o ile a rapela hore a mpe a sireletsoe ‘molomong oa tau le linakeng tsa lipoho tse hlaha.’—Pesaleme ea 22:21, NW; Jobo 39:9-11.

      6. Ka Mangolong poho e tšoantšetsa eng, hona hobane’ng? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

      6 Ka lebaka la matla a eona, ka Bibeleng poho e sebelisoa bakeng sa ho tšoantšetsa matla a Jehova.c Pono ea moapostola Johanne ea terone ea Jehova e bontša libōpuoa tse phelang tse ’nè, tseo se seng sa tsona se nang le sefahleho se kang sa poho. (Tšenolo 4:6, 7) Ho hlakile hore matla ke e ’ngoe ea litšoaneleho tse ’nè tse ka sehloohong tsa Jehova tse tšoantšetsoang ke likerubime tsena. Tse ling ke lerato, bohlale le toka. Kaha matla ke tšobotsi ea bohlokoa ea botho ba Molimo, kutloisiso e hlakileng ea matla a hae le kamoo a a sebelisang kateng e tla re atametsa haufi le eena le ho re thusa ho etsisa mohlala oa hae ka ho sebelisa hantle matla leha e le afe ao re nang le ’ona.—Baefese 5:1.

  • Jehova—Ea Sefutho ho Sebeliseng Matla
    Molula-Qhooa—2000 | March 1
    • c Ho ka etsahala hore poho e hlaha eo ho buuoang ka eona ka Bibeleng ke aurochs (urus ka Selatine). Lilemo tse 2000 tse fetileng, liphoofolo tsena li ne li fumanoa Gaul (eo hona joale e leng Fora), ’me Julius Caesar o ile a ngola tlhaloso e latelang ka tsona: “Li-uri tsena li batla li lekana le tlou ka boholo, empa sebōpeho sa tsona, ’mala le ’mele ea tsona ke ea lipoho. Li na le matla a maholo, ’me li lebelo haholo: ha li qenehele motho kapa phoofolo hang ha li mo bona.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela