Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jehova ke Molisa oa Rōna
    Molula-Qhooa—2005 | November 1
    • “Ha ke Tšabe Letho le Lebe, Kaha U na le ’Na”

      13. Pesalemeng ea 23:4, Davida o bua ka tsela e bontšang botsoalle bo haufi joang, hona ke hobane’ng ha seo se sa makatse?

      13 Davida o fana ka lebaka la bobeli leo a tšepang Molimo ka lona: Jehova o sireletsa linku tsa hae. Rea bala: “Esita le haeba ke tsamaea phuleng ea moriti o lefifi, ha ke tšabe letho le lebe, kaha u na le ’na; molamu oa hao le lere la hao ke lintho tse ntšelisang.” (Pesaleme ea 23:4) Joale Davida o bua ka tsela e bontšang botsoalle bo haufi, o bitsa Jehova a sebelisa seemeli “u.” Sena ha se makatse, kaha Davida o bolela kamoo Molimo a ileng a mo thusa kateng hore a mamelle tsietsi. Davida o ne a fetile liphuleng tse ngata tse lefifi—linakong tseo ka tsona bophelo ba hae bo neng bo le kotsing. Empa ha aa ka a itumella hore a apareloe ke tšabo, kaha o ne a hlokomela hore Molimo—ea itokiselitseng ho nka khato ka “molamu” oa Hae le “lere” la Hae—o ne a e-na le eena. Davida o ile a tšeliseha ha a hlokomela hore Molimo o mo sirelelitse ’me ha ho pelaelo hore seo se ile sa mo atametsa haufi le Jehova.b

      14. Bibele e re tiisetsa joang hore Jehova o tla re sireletsa, empa see ha se bolele eng?

      14 Kajeno Jehova o sireletsa linku tsa hae joang? Bibele e re tiisetsa hore ha ho mohanyetsi—ebang ke modemona kapa ke motho—eo le ka mohla a tla atleha ho felisa linku tsa Molimo lefatšeng. Jehova a ke ke a lumella seo. (Esaia 54:17; 2 Petrose 2:9) Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore Molisa oa rōna o tla re sireletsa litlokotsing tsohle. Re thulana le liteko tse atisang ho hlahela batho ba bang, ebile re thulana le khanyetso e hlahelang Bakreste bohle ba ’nete. (2 Timothea 3:12; Jakobo 1:2) Ha re bua ka tsela ea tšoantšetso, ho na le linako tseo ka tsona re ‘tsamaeang phuleng ea moriti o lefifi.’ Ka mohlala, re ka ’na ra ba lintšing tsa lefu ka lebaka la ho hlorisoa kapa ho kula ho itseng. Kapa ho ka etsahala hore moratuoa oa rōna a be makhatheng a lefu kapa a hle a shoe. Linakong tse bonahalang li le lerootho ka ho fetisisa, Molisa oa rōna o ba le rōna, ’me o tla re sireletsa. Joang?

      15, 16. (a) Jehova o re thusa ka litsela life hore re sebetsane le litšitiso tseo re ka ’nang ra thulana le tsona? (b) Pheta phihlelo ho bontša kamoo Jehova a re thusang kateng linakong tsa teko.

      15 Jehova ha a tšepise hore o tla kenella ka mohlolo.c Empa re ka kholiseha ka sena: Jehova o tla re thusa ho hlōla tšitiso leha e le efe eo re ka thulanang le eona. A ka re fa bohlale hore re sebetsane le “liteko tse sa tšoaneng.” (Jakobo 1:2-5) Molisa ha a sebelise molamu oa hae kapa lere ho leleka liphoofolo tse hlaselang feela empa o le sebelisetsa ho khannela linku tsa hae ka bonolo tseleng e nepahetseng. Mohlomong a sebelisa morapeli-’moho le rōna, Jehova a ka re “khannela” ho sebelisa keletso e thehiloeng Bibeleng e ka fetolang boemo ba rōna haholo. Ho phaella moo, Jehova a ka re fa matla a ho mamella. (Bafilipi 4:13) Ka moea oa hae o halalelang, a ka re hlomella ka “matla a fetang se tloaelehileng.” (2 Bakorinthe 4:7) Moea oa Molimo o ka re thusa ho mamella teko leha e le efe eo Satane a ka ’nang a re tlisetsa eona. (1 Bakorinthe 10:13) Na ha ho khothatse ho tseba hore kamehla Jehova o lula a itokiselitse ho re thusa?

      16 E, ho sa tsotellehe hore na ke phula efe ea moriti o lefifi eo re ka iphumanang re le ho eona, ha ho hlokahale hore re fete ho eona re le bang. Molisa oa rōna o na le rōna, o re thusa ka litsela tseo re ka ’nang ra sitoa ho li hlokomela ka ho feletseng qalong. Nahana ka se ileng sa etsahalla moholo e mong oa Mokreste eo lingaka li ileng tsa hlokomela hore o na le hlahala e bolaeang bokong. O re: “Kea lumela hore qalong ke ne ke ipotsa hore na ebe Jehova o nkhalefetse kapa esita le hore na oa nthata. Empa ke ne ke ikemiselitse hore nke ke ka furalla Jehova. Ho e-na le hoo, ke ile ka mo bolella matšoenyeho a ka. ’Me Jehova o ile a nthusa, hangata a ntšelisa ka bara le barali beso ba moea. Ba bangata ba ile ba mpha malebela ha ba mphetela kamoo ba ileng ba sebetsana le ho kula ho tebileng kateng. Lipolelo tsa bona tse bontšang ho leka-lekana li ile tsa nkhopotsa hore ho ne ho se letho le sa tloaelehang ka boemo boo ke neng ke le ho bona. Tsela e molemo eo ba ileng ba nthusa ka eona, e akarelletsang ho ithaopela ka mosa ho nthusa, e ile ea nkholisa hore Jehova o ne a sa nkhalefela. Ke ’nete hore ke ntse ke tlameha ho loana le ho kula, ’me ha ke tsebe hore na phello e tla ba efe. Empa ke kholisehile hore Jehova o na le ’na le hore o tla tsoela pele ho ba le ’na hore ke fete tekong ena.”

  • Jehova ke Molisa oa Rōna
    Molula-Qhooa—2005 | November 1
    • b Davida o ile a qapa lipesaleme tse ngata tseo ka tsona a neng a rorisa Jehova ka hore ebe o mo lopolotse kotsing.—Ka mohlala, bona sehloohoana sa Pesaleme ea 18, ea 34, ea 56, ea 57, ea 59, le ea 63.

      c Bona sehlooho se reng “Re ka Lebella Hore Molimo a Kenelle Joang?” tokollong ea Molula-Qhooa oa October 1, 2003.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela