Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 3/1 leq. 28
  • Bahlanka ba Molimo ba Tšoana le Lifate ka Litsela Life?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bahlanka ba Molimo ba Tšoana le Lifate ka Litsela Life?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 3/1 leq. 28

Bahlanka ba Molimo ba Tšoana le Lifate ka Litsela Life?

HA MOPESALEME a ne a bua ka motho ea thabelang melao-motheo ea Bibele, ea bileng a e sebelisang bophelong ba hae, o ile a re: “Ka sebele o tla ba joaloka sefate se lenngoeng haufi le melapo ea metsi, se fanang ka litholoana tsa sona nakong ea tsona le seo makhasi a sona a sa poneng, ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e tla atleha.” (Pesaleme ea 1:1-3) Ke hobane’ng ha papiso ee e loketse?

Lifate li ka ’na tsa phela ho fihlela li tsofetse haholo. Ka mohlala, lifate tse ling tsa mohloare tse tikolohong ea Mediterranean, ho boleloa hore li na le lilemo tse sekete ho ea ho tse likete tse peli. Ka ho tšoanang, lifate tsa baobab tse Afrika bohareng ke tsa khale haholo, le sefate se seng sa phaena sa California ho lumeloa hore se na le lilemo tse 4 600. Lifate tse khōlō tse morung hangata li molemo tikolohong eo li leng ho eona. Ka mohlala, lifate tse telele li na le moriti o sireletsang mahlomela, ’me makhasi a oang lifateng a nontša mobu.

Hangata lifate tse telele ka ho fetisisa li fumanoa li hōla ’moho merung, moo sefate se seng se tšehetsang se seng. Kaha metso ea tsona e ka ’na eaba e lohellane, lifate tse sehlotšoana tse emeng nģa e le ’ngoe li ka khona ho ema li tiile ha ho hlaha sefefo ho feta sefate se emeng mokhoabong se le seng. Methapo e mengata ea sefate e boetse e se thusa ho fumana metsi a lekaneng le matsoai a bohlokoa mobung. Maemong a mang, methapo e ka ’na ea phunyeletsa ho ea tlaase, ea teba ho feta bolelele ba sefate, ka lehlakoreng le leng, methapo e ka ’na ea namela ka nģ’ane ho moo makala a sefate a fellang teng.

Ho ka etsahala hore ebe moapostola Pauluse o ne a bua ka mokhoa o sa tobang ka sefate ha a ne a hlalosa hore Bakreste ba lokela ho ‘tsoela pele ba tsamaea bonngoeng le eena [Kreste], ba metse ka metso ’me ba ntse ba hahuoa ho eena ’me ba ntse ba tsitsisoa tumelong.’ (Bakolose 2:6, 7) Ka sebele, Bakreste ba ka lula ba tiile tumelong hafeela ba metse ka metso ho Kreste, joaloka lifate tse metseng ka metso mobung.—1 Petrose 2:21.

Bahlanka ba Molimo ba ka boela ba tšoantšoa le lifate ka litsela life tse ling? ’Nete ke hore, feela joalokaha lifate tsa moru tse atamelaneng li tšehetsana, le bohle ba lulang haufi le phutheho ea Bokreste ba tšehetsoa ke balumeli-’moho le bona. (Bagalata 6:2) Bakreste ba tšepahalang, ba hōlileng moeeng, ba nang le metso ea moea e tebileng, ba thusa balumeli ba bacha ho lula ba tiile tumelong, le haeba ba tjamelane le khanyetso e joaloka sefefo. (Baroma 1:11, 12) Bakreste ba bacha ba ka natlafala tlas’a “moriti” oa tšireletso oa bahlanka ba Molimo ba nang le phihlelo e khōloanyane. (Baroma 15:1) Hape litho tsohle tsa phutheho ea Bokreste ea lefatšeng ka bophara li rua molemo lijong tse matlafatsang tsa moea tse fanoang ke “lifate tse khōlō tsa ho loka,” e leng masala a batlotsuoa.—Esaia 61:3.

Ruri ke litaba tse monate hore ebe bahlanka bohle ba Molimo ba lebeletse ho bona ha tšepiso e ho Esaia 65:22 e phethahatsoa ho bona. Tšepiso eo e re: “Matsatsi a sechaba sa ka a tla ba joaloka matsatsi a sefate.”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 28]

Godo-Foto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela