Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 12/8 maq. 12-14
  • Na ho ba Motsoalle oa Molimo ho Tla Nthusa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho ba Motsoalle oa Molimo ho Tla Nthusa?
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Botsoalle le Molimo
  • ‘E sa le le Bocheng ba Ka, Ke Beile Tšepo ho Uena’
  • Molimo o re Thusa Hore re Latele Tsela e Nepahetseng
  • ‘Lefika la Pelo ea Ka’
  • Na ka Sebele Thapelo E-ea Thusa?
    Tsoha!—1987
  • Ho Hlaolela Setsoalle se Molemohali Bokahohleng Bohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • U ka ba Motsoalle oa Jehova
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ke Hobane’ng ha ke sa Khone ho Boloka Metsoalle?
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 12/8 maq. 12-14

Bacha Baa Batsa . . .

Na ho ba Motsoalle oa Molimo ho Tla Nthusa?

BACHA ba bangata kajeno ba hōla ba le tlas’a likhatello tseo ho neng ho ka ba thata hore moloko o fetileng o li lumele. Bahlophisi ba phuputso sechabeng e entsoeng ho bacha ba 160 000 ba ile ba hlalosa: “Bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba re bolella hore boholo ba pherekano ea bona bo bakoa ke khatello eo ba ikutloang ba sa tšoanelehe ho sebetsana le eona; ho nyahama le ho hlomoha ho hlōlang tšepo eo ba nang le eona; ’moho le batsoali ba sa tsotelleng mathata a ba hlahelang.” Ka ho tšoanang, u ka ’na ua nahana hore ba bang ba mpa ba sa utloisise kamoo ka linako tse ling bophelo bo ka bang bohloko kateng ho mocha.

Ha e le hantle, e ka ’na eaba u na le motsoalle ea haufi-ufi eo u ka retelehelang ho eena bakeng sa ho u tšehetsa maikutlong, ’me sena se ka tlisa khatholoho e itseng. Empa na hase ’nete hore ho na le mathata a utloisang bohloko ao u lokelang ho tobana le ’ona u le mong? Ke ’nete hakaakang hore ka linako tse ling ke pelo ea hao feela ‘e itsebelang ho baba [ha hao].’ (Liproverbia 14:10) Empa ho na le E Mong ea u utloisisang ka ho feletseng, ’me o butse menyako bakeng sa botsoalle ba hae. Bacha ba bangata ba fumane hore botsoalle ba hae ke thuso e khōlō esita le linakong tsa mathata a bohloko ka ho fetisisa.

Botsoalle le Molimo

Mocha e mong o ile a botsoa hore na ke eng seo a lebohang Jehova Molimo ka ho fetisisa ka sona. Karabo ea hae e bile: “Kahobane re ka khona ho mo tseba le ho ba metsoalle ea hae e haufi-ufi.” E, ho ka etsahala hore re be le botsoalle bo molemo ka ho fetisisa bokahohleng! Mopesaleme o ile a ngola: “Botsoalle bo haufi-ufi le Jehova ke ba ba mo tšabang.”—Pesaleme ea 25:14, NW.

“Botsoalle bo haufi-ufi le Jehova”—ke monyetla oa bohlokoa hakaakang! Lentsoe la motheo la Seheberu le fetisa khopolo ea ho bua ka lekunutu le ka bolokolohi le e mong eo e leng motsoalle ea khethehileng. Kahoo, ke kamano e haufi-ufi e theiloeng leratong, botsoalle bo haufi-ufi bo khethehileng bo tsoaloang ke ho tšepana. Joaloka motsoalle oa Molimo, u ba le boikutlo ba hore ho tšoaneleha ha hao u le motho, ho nkoa e le habohlokoa ke enoa eo kannete a u utloisisang. Empa melemo ea botsoalle boo ke efe?

‘E sa le le Bocheng ba Ka, Ke Beile Tšepo ho Uena’

Ho sa tsotellehe ho iketsa ba sebete ponahalong e ka ntle, bacha ba bangata ba hloka tšepo ea ka hare. Judy ea lilemo li 13 o ile a tletleba: “Ke bolela maikutlo a ka, e be mang-mang o tla ka maikutlo a hae ’me a fetole a ka ka ho feletseng. Ha ke hlile ha ke itšepe.” Leha ho le joalo, Motsoalle oa rōna oa leholimo o fana ka tataiso e tobileng bakeng sa bophelo bo atlehileng Lentsoeng la hae le ngotsoeng, Bibele. Ha e le hantle, keletso e fanoeng bukeng ea Bibele ea Liproverbia e reretsoe ho neha “mohlankana tsebo le kelello,” ho mo nolofaletsa hore a otlolle litsela tsa hae. (Liproverbia 1:1-4; 3:1-6) Sena se ka u fa tšepo! U ka tseba tsela e molemohali ea ho phela.

Bibele, hammoho le lithuso tsa Bibele tse kang makasine ena, li fana ka keletso hoo e batlang e le karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo—ho qala ka mokhoa oa ho khetha metsoalle ho isa boikutlong bo nepahetseng ka batsoali ba hao. (Liproverbia 1:8, 9; 13:20) Kahoo, ba elang hloko tataiso e joalo ba ka ‘qoba mamena a lefu.’ (Liproverbia 14:27) Ka mohlala, ngoanana ea bitsoang Mae o ile a bona ha ngoan’abo oa ngoanana a nyelisa melao-motheo ea Bibele. Ngoanana eo o ile a shoa ka sehlōhō pele ho nako ka lebaka la mokhoa oa hae oa ho phela ka boitšoaro bo hlephileng ba botona le botšehali. Mae o ile a hlalosa kamoo a ileng a khona ho hanela boitšoaro bo joalo bo bobe: “Ke nahana ka ho hlakileng ka melao-motheo ea Jehova ea boitšoaro, ’me sena sea ’matlafatsa. Melao-motheo ena e nthusa hore ke lemohe kamoo Jehova e leng oa sebele kateng le hore tsela ea hae ke e molemohali.”

Leha ho le joalo, ho ba le Jehova e le motsoalle oa rōna ho ama ho fetang feela ho ithuta ka litekanyetso tsa hae. U ka latsoa molemo oa botho ba hae bophelong ba hao. Bibele e bua ka Morena Davida, ea ileng a rutoa ke Molimo ho tloha bocheng ba hae. Davida o ile a fetoha motsoalle oa Molimo, ’me le hoja a ile a ba le “litsietsi tse ngata,” ka sebele o ile a bona ha Molimo a sebetsa bophelong ba hae. Davida o ile a bua ka “mehlolo” ea Molimo molemong oa hae le ka “liketso” tsa Jehova, kapa matla a bonahalitsoeng bophelong ba hae. Ka lebaka la liphihlelo tse joalo tsa botho, Davida o ile a ngola: “Uena, Morena, o tšepo ea ka; e sa le le bocheng ba ka, ke beile tšepo ea ka ho uena, Jehova.” (Pesaleme ea 71:5, 17, 18, 20; mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) U ka ba le tšepo e tšoanang le ena ha u latsoa mahlohonolo a Jehova bophelong ba hao. Ha u ntse u loanela ho latela tataiso ea hae—ho sa tsotellehe liphephetso—ka sebele u tla be u tsamaea le Molimo kamanong ea bohlokoa.—Bapisa le Genese 6:9.

Molimo o re Thusa Hore re Latele Tsela e Nepahetseng

Ka lebaka la liteko le likhatello tse leng teng bophelong, hase ntho e bonolo ho latela tataiso ea Molimo. Sena e bile ’nete haholo-holo ka Peggy, eo e sale mocha a neng a se a lemalletse lithethefatsi ’me hape e le letekatse. O ile a khona ho hlōla temallo eo ea hae le ho etsa phetoho boitšoarong ka ho ithuta Bibele, ’me kahoo a hōlisa botsoalle le Molimo. Empa Peggy o ile a ’na a tobana le likhatello tse tšoanang le tse neng li ile tsa etsa hore a retelehele lithethefatsing moo a reng o-oa li phema. Ha a botsoa hore na o khonne joang ho tsoela pele ho li hlōla, o ile a araba: “Nkare feela ke ka moea oa Jehova.”

Peggy o ne a tseba hore Molimo o fana ka moea oa hae o halalelang, kapa matla a sebetsang, ho metsoalle ea hae le hore sena se ne se ka ba neha matla a hore ba phele tumellanong le litekanyetso tsa hae. (Liketso 5:32; 1 Ba-Korinthe 6:9-11) Peggy o-oa lumela: “Hona joale ho na le linako tseo ke bang le maikutlo ao a khale, haholo-holo ha ke le mong, empa ka potlako ke qala ho rapela. Ho khona ho hlōla mathata ana ho nthabisa haholo ho feta ntho leha e le efe eo nkileng ka e finyella bophelong ba ka.” Ke ho khothatsang hakaakang ho tseba hore joaloka motsoalle, Molimo a ka re thusa “ka matla a hae a sebetsang ho rōna [le] ho etsa ho fetisang haholo tsohle tsee re ka li qelang le tsee re ka li hopolang.”—Ba-Efese 3:20.

Moea oa Molimo o re thusa hore re hlaolele litšoaneleho tse kang mamello, bonolo le boitšoaro. (Ba-Galata 5:22, 23) Hape, ka liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova, baholo, kapa balisa, ba khethiloeng ke moea o halalelang, ba lokisetsoa ke Molimo ho fana ka thuso e molemo. Peggy o-oa phaella: “Ke ile ka tšehetsoa haholo ka phuthehong, haholo-holo ke baholo. E bile thuso e tsotehang.”

‘Lefika la Pelo ea Ka’

“Motsoalle o lerato ka linako tsohle, ’me e ba ngoan’abo nakong ea matšoenyeho.” Ke kamoo Liproverbia 17:17 e bolelang kateng ho The Basic Bible. Motsoalle o hlokahala haholo-holo “nakong ea matšoenyeho.” Mopesaleme Asafe o ile a ba le pherekano e khōlō ea maikutlo, empa o ne a le haufi le Molimo joaloka motsoalle. Ke ka lebaka leo eitseng leha ‘pelo ea hae e tlokoma’ ke bohloko ba ka hare, a ileng a re: ‘Molimo ke lefika la pelo ea ka.’ (Pesaleme ea 73:21, 26, 28) Jehova, eo ka sebele a neng a utloisisa hore na Asafe o ikutloa joang, o ile a mo tšehetsa maikutlong. Jehova e ne e le tšusumetso e tiisang ho Asafe e le hore a se ke a lahleheloa ke tšepo le sebete.

Ka ho tšoanang, Motsoalle oa rōna oa leholimo e ka ba motheo o kang lefika ho uena nakong ea mahlomola. Mocha e mong o ile a hlokomela sena ka phihlelo eo a ileng a ba le eona. Ha Bonnie a le lilemo li 13, banana ba bang ba sekolo se senyenyane sa ha habo se sebakeng se ka thōko ba ile ba qala ho tlatsa taba ea bo-ba-re ka eena, e lonya le e mo senyang lebitso. Ho Bonnie ho ile ha bonahala eka e mong le e mong o ne a lumela leshano lena. Ba bangata ba leng sehlopheng se le seng le eena ba ne ba se na nako ea hae, ba bile ba mo bitsa ka mabitso a nyenyefatsang. Bonnie o ile a hlalosa: “Ka masiu a mangata ke ne ke ee ke ee hae ’me ke lle. Ke ne ke bile ke ikutloa eka nka ipolaea ka lebaka la bohloko boo ke neng ke bo utloa ka hare.” O ile a retelehela ho e meng ea metsoalle ea hae bakeng sa tšehetso. “Ke ile ka leka ho buisana le batho, empa ho ile ha bonahala ba sa utloisise. Ba ne ba etsa joalokaha eka bothata ba ka ke bo fokolang feela. Ka linako tse ling ke ne ke ikutloa ke lahlehile.” Ke eng se ileng sa mo thibela ho felloa ke tšepo har’a pherekano e kaalo? O tsoela pele: “Hoja e ne e se ka Jehova, nka be ke ipolaile. Ke mo rata haholo. Ke motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo.” Joale o-oa tseba hore o thusitsoe ke botsoalle ba hae le Molimo hore a mamelle phihlelo eo e neng e senya maikutlo.

Ho tseba hore Jehova o utloisisa maemo a rōna le hore o tseba hantle se etsahetseng ke matšeliso a maholo ha ba bang ba sa bontše ho re utloela bohloko hoo re ka ’nang ra ho lebella. Hape, ho tseba hore Motsoalle oa rōna ke “Ntat’a mehauhelo” ke thuso e khōlō ha re sa tšoaroe hantle kapa esita leha re hlekefetsoa. Ka linako tse ling lipelo tsa rōna li ka re ahlola, empa “Molimo o moholo ho lipelo tsa rōna, ’me o tseba tsohle.” (2 Ba-Korinthe 1:3, 4; 1 Johanne 3:20) Ho ba le pono e tšoanang le eo Jehova a talimang taba ka eona ho ka tšelisa e le kannete. Ka mohlala, moshemane e mong ea lilemo li 13 o ile a hleka-hlekoa ka sehlōhō ke banna ba bararo. O ile a lumela: “Ka mor’a moo, ke ne ke hlajoa ke lihlong haholo ’me ke ipeha molato ka se nketsahaletseng. Ke ne ke tepelletse maikutlo haholo.” Joale o ile a qala ho etsa lipatlisiso libukeng tse theiloeng Bibeleng tsa Mokhatlo oa Watch Tower tabeng ea peto. “Ha ke bala boitsebiso bona, ke ile ka sitoa ho ithiba ’me ka lla. Ke ile ka utloa eka moroalo o boima o tlositsoe mahetleng a ka. Ke ne ke le mohlaseluoa. Ka ho itšetleha ka Jehova, lelapa le metsoalle, ke ile ka khona ho tsoella nakong ena ea pherekano.” Mantsoe ao a theiloeng Bibeleng a ile a fana ka tšehetso e kaakang!

Botsoalle le Molimo bo ka thusa ka litsela tse ngata! Re ka ba le tšepo ea sebele bophelong, ra hōlisa matla a ka hare e le hore re ka latela tsela ea Molimo ’me ra ba le tšehetso e kang lefika nakong ea mahlomola. Empa re ka haha botsoalle bo joalo joang? Nakong e tlang, sehlooho se seng letotong lena se tla hlalosa.

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Molimo a ka fetoha ‘lefika la pelo ea hao’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela