-
Nka ba Motsoalle oa Molimo Joang?Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
-
-
Ho na le ntlha e ’ngoe ea bohlokoa eo u sa lokelang ho e hlokomoloha setsoalleng sa hao le Molimo. Mopesaleme Davida o ile a ngola, a re: “Latsoang ’me le bone hore Jehova o molemo.” (Pesaleme ea 34:8) Ha Davida a ne a ngola Pesaleme ea 34, o ne a sa tsoa etsahalloa ke ntho e tšosang. O ne a baleha Morena Saule ea neng a batla ho mo bolaea, e leng boemo bo neng bo tšosa haholo. Joale o ile a lokela ho batla setšabelo har’a lira tsa hae, e leng Bafilista. Boemong bona boo Davida a neng a bona eka o tobane le lefu, ka bohlale o ile a iketsa eka o lahlehetsoe ke kelello ’me a khona ho pholoha.—1 Samuele 21:10-15.
Davida ha aa ka a nka hore ke ka bohlale ba hae a pholohileng litleneng tsa lefu. Ho e-na le hoo, o ile a lebisa thoriso ho Jehova. Pesalemeng e boletsoeng ka holimo, o ne a ile a re pejana ho eona: “Ke ile ka botsa Jehova, eaba oa nkaraba, a ntopolla linthong tsohle tseo ke li tšabang.” (Pesaleme ea 34:4) Ka lebaka la se etsahetseng bophelong ba hae, Davida o ne a ka re: “Latsoang ’me le bone hore Jehova o molemo.”a
-
-
Nka ba Motsoalle oa Molimo Joang?Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
-
-
a Libibele tse ling li fetolela poleloana “latsoang ’me le bone” e le “iponeleng ka bolōna,” “iphumaneleng ka bolōna,” le “le tla bona ka se le etsahallang.”—Contemporary English Version, Today’s English Version le The Bible in Basic English.
-