Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ananela Mpho ea Bophelo
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • 2. Re ka bontša Jehova joang hore re ananela mpho ea bophelo?

      Jehova o ile a u tsotella ho tloha mohlang u neng u emoloa. Mohlanka e mong oa Jehova ea bitsoang Davida o ile a rapela ’me Molimo o ile a etsa hore mantsoe a thapelo ea hae a tlalehoe ka Bibeleng. Thapelong eo, Davida o ile a re ho Jehova: “Mahlo a hao a ile a mpona ke sa le lesea le sa tsoa emoloa.” (Pesaleme ea 139:​16) Jehova o nka bophelo ba hao bo le bohlokoa haholo. (Bala Matheu 10:​29-​31.) A ka utloa bohloko haholo haeba motho a ka ipolaea kapa a bolaea motho e mong ka boomo.a (Exoda 20:​13) Jehova a ka utloa bohloko haholo haeba re ka beha bophelo ba rona kotsing ka boomo kapa re sa tsotelle bophelo ba batho ba bang. Ha re hlokomela bophelo ba rona re bile re tsotella bophelo ba batho ba bang, rea bontša hore re ananela mpho ea bophelo.

  • Ananela Mpho ea Bophelo
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • a Jehova o tsotella batho bohle ba sithabetseng. (Pesaleme ea 34:​18) O utloisisa maikutlo a batho a ka ba susumetsang hore ba batle ho ipolaea ’me o batla ho thusetsa. E le ho bona hore na Molimo a ka thusa joang, bala sehlooho se reng “Ke Batla ho Shoa, na Bibele e ka Nthusa ha ke E-na le Maikutlo a ho Ipolaea?” se hlahang karolong ea Batla khaolong ena.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela