-
“Ithabele ka ho Phethehileng ho Jehova”Molula-Qhooa—2003 | December 1
-
-
‘U se ke ua ba Mohono’
3, 4. Joalokaha ho tlalehiloe ho Pesaleme ea 37:1, Davida o fana ka keletso efe, hona ke hobane’ng ha ho e ela hloko ho loketse kajeno?
3 Re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,’ ’me bokhopo bo atile. Re bone ho phethahala ha mantsoe a moapostola Pauluse a reng: “Batho ba khopo le baikhakanyi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang, ba khelosa ebile ba ntse ba khelosoa.” (2 Timothea 3:1, 13) Ho bonolo hakaakang hore re angoe ke seo ho bonahalang eka ke katleho le nala ea batho ba khopo! Sena sohle se ka re khelosa, sa etsa hore pono ea rōna ea moea e be lerootho. Hlokomela kamoo mantsoe a qalang a Pesaleme ea 37 a re hlokomelisang kateng ka kotsi ena e ka ’nang ea hlaha: “U se ke ua iponahatsa u halefile ka lebaka la baetsi ba bobe. U se ke ua honohela ba etsang ho sa lokang.”
4 Letsatsi le letsatsi mecha ea litaba ea lefatše e re sithabetsa ka ho re tlalehela liketso tse ngata tsa ho hloka toka. Bo-rakhoebo ba sa tšepahaleng ba atleha ho etsa bomene-mene empa ba sa fuoe kotlo. Linokoane li tlatlapa batho ba sitoang ho itšireletsa. Babolai ha ba fumanoe kapa ha ba fuoe kotlo. Mehlala ena eohle ea ho khopamisoa ha toka e ka re halefisa le ho senya khotso ea rōna ea kelello. Re ka ’na ra tlala mohono ka lebaka la seo ho bonahalang eka ke katleho ea baetsi ba bobe. Empa na ho halefa ho ka lokisa boemo? Na ho honohela melemo eo ho bonahalang eka baetsalibe baa e thabela ho fetola se tla ba hlahela qetellong? Che! Ruri ha ho hlokahale hore re ikutloe re “halefile.” Hobane’ng?
-
-
“Ithabele ka ho Phethehileng ho Jehova”Molula-Qhooa—2003 | December 1
-
-
6. Re ka ithuta eng ho Pesaleme ea 37:1, 2?
6 Kahoo, na re lokela ho lumella hore nala ea nakoana ea baetsi ba bobe e re khathatse? Re ithuta se latelang litemaneng tsa pele tse peli tsa Pesaleme ea 37: U se ke ua lumella hore katleho ea bona e u khelose tseleng eo u e khethileng ea ho sebeletsa Jehova. Ho e-na le hoo, lebisa tlhokomelo ea hao litlhohonolofatsong le lipakaneng tsa moea.—Liproverbia 23:17.
-