Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 12/15 leq. 32
  • Bohale ba Ka Kapa Bophelo ba Ka ba ’Mele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bohale ba Ka Kapa Bophelo ba Ka ba ’Mele?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 12/15 leq. 32

Bohale ba Ka Kapa Bophelo ba Ka ba ’Mele?

KE MANG ea sa halefeng? Ho etsahala ho rōna kaofela. Ka nako e ’ngoe tekanyetso ea bohale e ka lokafatsoa. Empa, ka botšepehi, na hase ’nete hore hangata bohale ba rōna (kapa ho fetella ha bona) ha bo lokafatsoe?

Bibele ea re bolella: “U kokobetse bohale ba hao, u tele khalefo, u se ke ua hlora; ebe etlaba u etsa bobe.” (Pesaleme ea 37:8) Ke joang keletso eo e leng bohlale? Na e ka ama bophelo ba hao ka nako e telele?

The New York Times ea tlaleha, karolong ea eona ea “Bophelo”:

“Batho ba atisang ho bontša maikutlo a matla a mabifi kapa ba lulang ba hloentse ka lebaka la boikutlo bo bong le bo bong boo ba nkang hore ba ile ba tšoaroa ka tlhomphollo ba ka iphumana ba etsa ho fetang feela hore ba se ratoe ke batho ba bang. E ka ’na eaba baa ipolaea.

“Morao-rao tjena bafuputsi ba bokeletse boitsebiso bo bongata bo bontšang hore ho halefa ho sa khaotseng ho senya ’mele hoo ho ka lekanngoang le, kapa esita le ho feta, ho tsuba sakerete, botenya le lijo tse nang le mafura a mangata e le ntho e kotsi e matla e bakang lefu la kapelenyana.

“‘Lithuto tsa rōna li bontša hore bohale bo tletseng bora, bohale ba ho se tšepe batho bo lekana hantle le likotsi leha e le life tseo re li tsebang,’ ho boletse Dr. Redford Williams, mofuputsi merianeng ea boitšoaro Duke University Medical Center.”

Lithuto li bontša hore ho arabela ka ho feteletseng mathateng a tloaelehileng a letsatsi le letsatsi ho bakela maro a susumetsang khatello e khōloanyane. Ho phasoloha ho iphetang ho ka baka ho se leka-lekane pakeng tsa maemo a sireletsang le a kotsi a cholesterol, ha etsa hore ba be kotsing ea mafu a pelo.

Ba bang ba ka ’na ba arabela, ‘Empa ke ka tsela eo ke leng ka eona’ kapa, ‘Ke kamoo ke hōtseng ka teng.’ Leha ho le joalo, seno hase bolele hore u ka se fetohe, ka ho leka ka botšepehi ho sebelisa keletso ea Molimo. Bibeleng eo e leng ea hao, hlahloba keletso ea hae ka khalefo le bohale tse sa laoleheng tse tlalehiloeng ho Liproverbia 14:29, 30; 22:24, 25; Ba-Efese 4:26; Jakobo 1:19, 20.

Ho sebelisa bohlale boo ba bomolimo ho ka ntlafatsa bophelo ba hao ’meleng ’me hoa lelefatsa bophelo ba hao. Times e hlokomelisitse: “Bafuputsi ba bangata ba itse batho ba tloaetseng ho halefa ba ka fokotsa ho shoa pele ho nako ka ho fetola ho arabela ka tsela e sa laoleheng le ea bora.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela