Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Tšepa Hore Jehova o Tla Phethahatsa Morero oa Hae
    Molula-Qhooa—1994 | March 15
    • 15. Davida o ile a bontša joang hore o tšepa morero oa Jehova?

      15 Hoo e ka bang makholo a tšeletseng a lilemo ka mor’a Jobo le lilemo tse ka bang sekete pele Jesu a e-tla lefatšeng, Davida o ile a bontša hore o kholisehile ka lefatše le lecha. Lipesalemeng o itse: “Ba itšepetseng Jehova ba tla rua lefatše. Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo . . . Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo. Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.” Ka lebaka la tšepo ea hae e sa sisinyeheng, Davida o ile a phehella: “U be le tšepo ho Jehova . . . U ikhahlisetse ho Jehova, ’me o tla u nea se batloang ke pelo ea hao.”—Pesaleme ea 37:3, 4, 9-11, 29.

  • Tšepa Hore Jehova o Tla Phethahatsa Morero oa Hae
    Molula-Qhooa—1994 | March 15
    • 22. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa Jehova?

      22 Lefatšeng le lecha, moloko oa batho ba tšepahalang o tla bona ho phethahatsoa ha Ba-Roma 8:21: “Tse bōpiloeng li tla holloa bohlankeng ba tšenyeho, li tle li be tokollong ea khanya ea bana ba Molimo.” Ba tla bona ha ho phethahatsoa thapelo ena eo Jesu a ileng a e ruta balateli ba hae: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joalo ka ha e etsoa leholimong.” (Mattheu 6:10) Kahoo beha tšepo ea hao e feletseng ho Jehova hobane tšepiso ea hae e tšepahalang ke hore: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela