Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gl maq. 20-21
  • Jerusalema le Tempele ea Solomone

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jerusalema le Tempele ea Solomone
  • ‘Bona Naha e Ntle’
‘Bona Naha e Ntle’
gl maq. 20-21

Jerusalema le Tempele ea Solomone

Motse oa Davida

E NE e bitsoa “botle bo phethahetseng” le “motse oa Morena e Moholo.” (Pes 48:2; 50:2; Lil 2:15) Jerusalema e ne e le motse-moholo oa sechaba sa Molimo. (Pes 76:2) Ka mor’a hore Davida a hape motse ona ho Bajebuse ’me a o fetole motse-moholo oa hae, o ile oa bitsoa “Motse oa Davida” kapa “Sione” feela.—2Sa 5:7.

Le hoja e ne e se sebakeng se setle, Jerusalema e ile ea tuma hobane Molimo o ne a behile lebitso la hae ho eona. (De 26:2) E ne e le setsi sa bolumeli le sa tsamaiso ea sechaba.

Jerusalema e bophahamong ba limithara tse 750 ka holimo ho leoatle ’me e lithabeng tse hare tsa Judea. Bibele e bua ka “bophahamo” ba eona le ka barapeli ba ‘nyolohelang’ ho eona. (Pes 48:2; 122:3, 4) Motse ona oa boholo-holo o ne o lika-likelitsoe ke liphula: ka bophirimela le ka boroa ho oona e ne e le Phula ea Hinome ’me ka bochabela e le phula ea molapo o phoroselang ea Kidrone. (2Ma 23:10; Jer 31:40) Motse o ne o fumana metsi a hloekileng selibeng sa Gihonea se Phuleng ea Kidrone le Ene-rogele e ng’a boroa, e leng metsi a neng a hlokahala haholo ha lira li hlasela.—2Sa 17:17.

Jerusalema/Tempele ea Solomone

Setšoantšong se leqepheng la 21, Motse oa Davida o ’maleng o mofubelu. Nakong ea puso ea Davida le Solomone, meeli ea motse e ile ea atolohela nģ’a leboea ho ea fihla Ofele (sebaka se ’maleng o motala) le Thabeng ea Moria (e ’maleng o moputsoa). (2Sa 5:7-9; 24:16-25) Solomone o ile a hahela Jehova tempele e ntle haholo karolong eo e phahameng ea thaba. Nahana matšoele a barapeli a nyolohelang ‘thabeng ea Jehova’ a e-ea meketeng ea selemo le selemo! (Zak 8:3) Marang-rang a litsela tse bontšitsoeng leqepheng la 17 a ne a etsa hore ho be bonolo ho nka leeto le joalo.

Tempele ea Solomone e khabisitsoeng ka khauta le majoe a bohlokoa, e ne e le o mong oa mehaho e bitsang ka ho fetisisa e kileng ea hahuoa. Taba ea bohlokoa ke hore Jehova ke eena ea faneng ka polane ea eona. Joalokaha u bona setšoantšong, haufi le tempele ho ne ho e-na le mabala a maholo le mehaho e meng ea tsamaiso. Ke habohlokoa hore u iphe nako ea ho ithuta makolopetso a eona.—1Ma 6:1–7:51; 1Likr 28:11-19; Heb 9:23, 24.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Morena Ezekiase o ile a thiba seliba sena ’me a haha kotopo e eang letamong le ka bophirimela.—2Likr 32:4, 30.

[Lebokose leqepheng la 21]

Ka mor’a nako e itseng, meeli ea Jerusalema e ile ea atolohela bophirimela le leboea. Marena a Juda a busitseng ka mor’a Solomone a ile a haha marako le liheke. Lipatlisiso tse tsoelang pele tsa ho epolloa ha lintho tsa khale li ka ‘na tsa fana ka boitsebiso bo bontšang sebaka le boholo ba likarolo tse ling tsa marako. Motse ona o ile oa timetsoa ka 607 B.C.E. ’me ea e-ba lesupi ka lilemo tse 70. Hoo e ka bang lilemo tse 80 ka mor’a hore Bajuda ba khutlele ho oona, Nehemia o ile a etella pele letšolo le leholo la ho haha marako a Jerusalema bocha.

[Setšoantšo se Qanollang /Setšoantšo se leqepheng la 21]

(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)

= Jerusalema/Tempele ea Heroda

SEBAKA SA TEMPELE MEHLENG EA SOLOMONE

Likarolo Tsa Tempele

1. Sehalalelisiso

2. Sehalalelo

3. Mathule

4. Boaze

5. Jakine

6. Aletare ea Koporo

7. Leoatle le Entsoeng ka ho Qhibilihisoa

8. Likariki

9. Likamore Tse Mahlakoreng

10. Likamore Tsa ho Jela

11. Lebala le ka Hare

SEBAKA SA TEMPELE

Thaba ea Moria

Likamore Tsa ho Jela

Likariki

Likamore Tse Mahlakoreng

Sehalalelisiso Boaze

Sehalalelo Mathule Aletare Lebala le

Jakine ea Koporo ka Hare

Likariki Leoatle le Entsoeng

ka ho Qhibilihisoa

Ofele

Lepatlelo?

Heke ea Metsi?

MOTSE OA DAVIDA

Thaba ea Sione

Paleise ea Davida

Heke ea Seliba

Lerako la Manase?

Tora ea Hananiele

Tora ea Mea

Heke ea Linku

Heke ea Balebeli

Heke ea Tlhahlobo

Heke ea Lipere

PHULA EA KIDRONE

Lerako le Tlaase?

Gihone

Kotopo ea metsi ea morao

PHULA EA TYROPOEONE

Heke ea Lithotobolo (Mangeta) (Bolokoe)

Ene-rogele

Heke ea Phula

PHULA EA HINOME

Heke e Sekhutlong

Tora ea Lionto Tsa ho Apeha

Lerako le Sephara

Heke ea Efraime

Lepatlelo

Heke ea Motse oa Khale

Lerako la Pele le ka Leboea

KAROLO EA BOBELI

Heke ea Litlhapi

[Setšoantšo]

Ofele

Ntlo ea Morali oa Faro

Paleise ea Solomone

Ntlo ea Moru oa Lebanone

Mathule a Litšiea

Mathule a Terone

Thaba ea Moria

Lebala le Leholo

Tempele

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

“Motse oa Davida” o ne o le karolong e ka pele. Tempele e ne e le sebakeng se bataletseng (ka morao)

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Setšoantšo se entsoeng ka k’homphieutha se bontšang “Motse oa Davida” oa boholo-holo le tempele ea Solomone

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela