Topollo
Tlhaloso: Theko e lefuoang ho rekolla kapa ho lopolla tlamong eitseng kapa boemong bo sa lakatseheng. Theko ea bohlokoahali ea topollo ke ea mali a tšolotsoeng a Jesu Kreste. Ka hore Jesu a lefe bohlokoa ba topollo eo leholimong, o ile a bula tsela bakeng sa bana ba Adama hore ba lopolloe sebeng le lefung tseo bohle re li futsitseng ka lebaka la sebe sa ntat’a rōna moholo Adama.
Lefu la Jesu Kreste le ne le fapane joang le la ba bang ba ’nileng ba shoela tumelo?
Jesu e ne e le motho ea phethahetseng. O tsoetsoe a se na le lethebanyana feela la sebe ’me o ile a boloka phetheho eo bophelong bohle ba hae. Ha a ka “a etsa sebe.” O ne a le “kahosele ho baetsalibe.”—1 Pet. 2:22; Ba-Heb. 7:26.
E ne e le Mor’a ea khethehileng oa Molimo. Molimo ka booona o pakile hona ka lentsoe le utloahalang ho tloha maholimong. (Matt. 3:17; 17:5) Pele ho mona, Mora enoa o ne a phetse leholimong; ka eena Molimo o ne o entse batho bohle ba bopiloeng le lintho tse bokahohleng bohle. Hore Molimo o phethe thato ea Oona, oa fetisetsa ka mohlolo bophelo ba Mora enoa popelong ea ngoanana oa moroetsana e le hore a ka tsoaloa e le motho. Ho tiisa hore ruri ebile motho, Jesu o ile a ipitsa Mor’a motho.—Ba-Kol. 1:15-20; Joh. 1:14; Luka 5:24.
O ne a sa felloa ke matla ka pel’a babolai ba hae. O itse: “Ke bea bophelo [“moea (soul),” NW] ba ka. . . . Ha ho motho ea nkamohang bona; ke ’na ke bo beang ka ho rata ha ka.” (Joh. 10:17, 18) Ha a ka a ipiletsa hore a fuoe lebotho la mangeloi hore le kenelle molemong oa hae. (Matt. 26:53, 54) Le hoja batho ba khopo ba ile ba lumelloa ho phetha merero ea bona ea ho mo bolaea, ka sebele lefu la hae e ne e le la sehlabelo.
Mali a tšolotsoeng a hae a na le molemo oa ho fana ka topollo bakeng sa ba bang. “Mor’a motho ha a ka a tlela ho sebeletsoa, empa e le ho sebeletsa, le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ea ba bangata.” (Mar. 10:45) Ka hona lefu la hae le ne le phahametse feela taba ea ho shoela tumelo ka lebaka la ho hana ho sekisetsa tumelo ea hae.
Bona le maqephe 401, 402, tlas’a sehlooho “Sehopotso.”
Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore topollo e lokisetsoe ka mokhoa oo e bileng ka oona hore re be le bophelo bo sa feleng?
Ba-Roma 5:12: “Joale ka ha sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong [Adama], ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitiloe bohle.” (Ho sa tsotellehe hore na re phela ka bokhabane bo bokae, kaofela re baetsalibe ho tloha tsoalong. [Pes. 51:5] Ha ho tsela eo re ka fumanang tokelo ea ho phela ka ho sa feleng ka ho e sebeletsa.)
Ba-Roma 6:23: “Moputso oa sebe ke lefu.”
Pes. 49:6-9: “Ba itšepetseng menono ea bona, ba ithorisang ka bongata ba maruo a bona . . . Ha ho le a mong oa bona ea ka tsebang ho lopolla ngoan’abo, leha e le ho ntšetsa Molimo topollo bakeng sa hae. Topollo ea bophelo ba motho e fetisa matla a hae, e tla ’ne e mo hlole ka mehla. Ha ho kamoo motho a ka lopolloang hore a ’ne a phele ka ho sa feleng, a se ke a bona lebitla.” (Ha ho motho ea sa phethahalang ea ka fanang ka mokhoa oa ho lopolla e mong sebeng le lefung. Chelete ea hae e ke ke ea reka bophelo bo sa feleng, ’me moea [soul] oa hae o robetseng lefung, e le moputso o mo tletseng ka lebaka la sebe, ha o na molemo oa letho oa ho lopolla mang kapa mang.)
Ke hobane’ng ha Molimo o sa ka oa laela feela hore, le hoja Adama le Eva ba tlameha ho shoela borabele ba bona, bana bohle ba bona ba neng ba tla utloa Molimo ba phele ka ho sa feleng?
Hobane Jehova “o rata tokelo le ho loka.” (Pes. 33:5; Deut. 32:4; Jer. 9:24) Kahoo, tsela eo a sebelitseng boemo ka eona e ile ea phahamisa ho loka hoa hae, ea khahlametsa sohle se hlokoang ke toka e feletseng, ’me, ka nako e tšoanang, ea phahamisa lerato la hae le mohau oa hae. Ho joalo joang?
(1) Adama le Eva ba ne ba e-so ho be le bana pele ba etsa sebe, ka hona ha ho ba tsoetsoeng ba phethahetse. Bana bohle ba Adama ba tsoaletsoe sebeng, ’me sebe se isa lefung. Hoja Jehova a hlokomoloha sena feela, hoo e ne etlaba ho latola litekanyetso tsa hae tsa ho loka. Molimo o ne o ke ke oa etsa joalo eaba o kopanela ho se sa lokang. Ha o-oa ka oa kheloha se hlokoang ke toka e phethahetseng; ka hona ha ho sebopuoa se bohlale se neng se ka fumana phoso e tšoanelehang ntlheng ena.—Ba-Roma 3:21-26.
(2) Ntle ho ho hlokomoloha se hlokoang ke toka, ho ne ho ka etsoa tokisetso joang ho lopolla bana ba Adama ba neng ba tla bontša kutlo e lerato ho Jehova? Haeba motho ea phethahetseng a ne a lokela ho shoa e le sehlabelo, toka e ne e tla lumella hore bophelo boo bo phethahetseng bo lokisetse ho koahela libe tsa bao ba neng ba tla amohela tokisetso ena ka tumelo. Kaha sebe sa motho a le mong (sa Adama) se ne se ikarabella bakeng sa hore lelapa lohle la motho ebe la baetsalibe, mali a tšolotsoeng a motho e mong ea phethahetseng (haele hantle, Adama oa bobeli), a bohlokoa ka ho tšoanang, a ne a ka leka-lekanya likala tsa toka. Kaha Adama e ne e le moetsalibe oa ka boomo, o ne a ke ke a rua molemo; empa kaha ka tsela ena moputso oo batho bohle ba neng ba lokela ho o lefa bakeng sa sebe o ne o tla lefshoa ke motho e mong osele, bana ba Adama ba ne ba ka lopolloa. Empa ho ne ho se motho ea joalo ea phethahetseng. Ha ho mohla batho ba neng ba ka khahlametsa litlhoko tseo tsa toka e phethahetseng. Kahoo, e le pontšo ea lerato le babatsehang le ka tšenyehelo e khōlō ea botho, Jehova ka boeena a etsa tokisetso. (1 Ba-Kor. 15:45; 1 Tim. 2:5, 6; Joh. 3:16; Ba-Roma 5:8) Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo o ne a utloisisa ho phetha karolo ea hae. Ka boikokobetso a siea khanya ea hae ea leholimo ’me a fetoha motho ea phethahetseng, Jesu a shoa molemong oa batho.—Ba-Fil. 2:7, 8.
Papiso: Hlooho ea lelapa e ka ’na ea e-ba sekebekoa ’me ea ahloleloa lefu. Bana ba hae ba sala litlallong, ba le melatong e fetisisang. Mohlomong ntate moholo oa bona ea mosa o kena lipakeng molemong oa bona, o etsa tokisetso ka mora e mong oa hae ea ntseng a le lapeng hore a lefe melato ea bona le ho ba bulela monyetla oa bophelo bo bocha. Le teng, hore ba rue molemo, bana ba tlameha ho amohela tokisetso, ’me hoa utloahala hore ntate moholo a ka ’na a hloka lintho tse itseng ho tiisa hore bana ba ke ke ba etsisa tsela ea ntat’a bona.
Molemo oa sehlabelo sa Jesu o ile oa sebelisoa ho bafe pele, hona ka sepheo sefe?
Ba-Roma 1:16: “Evangeli [e buang ka Jesu Kreste le karolo ea hae morerong oa Jehova] . . . ke matla a Molimo a ho pholosa mang le mang ea lumelang, mo-Jode pele, le eena mo-Gerike.” (Memo ea ho rua molemo tokisetsong ea poloko ka Kreste e ile ea fetisetsoa pele ho Bajode, hoa latela bao e seng Bajode.)
Ba-Ef. 1:11-14: “Ke ka ho Kreste re [Bajode, ho akarelletsa moapostola Pauluse] entsoeng lefa la oona [Majalefa lefe? La ’Muso oa leholimo] . . . re tle re be thoriso ea khanya ea hae, rōna ba tšepileng Kreste pele. Ke eena eo le lōna [Bakreste ba nkiloeng har’a lichaba tsa Balichaba, joalokaha ho ne ho le joalo ka ba bangata Efese] le leng ho eena, lōna ba utloileng lentsoe la ’nete e leng Evangeli ea pholoho ea lōna; eo hape, ha le se le lumetse ho eena, le tšoailoeng ke Moea o Halalelang, o baletsoeng batho; e leng oona tebeletso ea lefa la rōna, ho tle ho lopolloe bao Molimo o ithuetseng bona, e be thoriso ea khanya ea oona.” (Lefa leo, joalokaha le bontšitsoe ho 1 Petrose 1:4, le bolokiloe maholimong. Tšenolo 14:1-4 e bontša hore ba kopanelang ho lona ba 144 000. Bana ba tla sebeletsa le Kreste e le marena le baprista holim’a batho ka lilemo tse 1 000, tseo ka tsona morero oa Molimo bakeng sa lefatše hore e be paradeise e ahiloeng ke bana ba phethahetseng ba batho ba babeli ba pele o tlang ho finyelloa.)
Ke bo-mang hape mehleng ea rōna ba utloang melemo ea sehlabelo sa Kreste?
1 Joh. 2:2: “Ke eena [Jesu Kreste] e leng pheko ea libe tsa rōna [tsa moapostola Johanne le Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng ka moea]; e seng ea tsa rōna feela, empa e le le ea tsa lefatše lohle [batho ba bang, bao tebello ea bophelo bo sa feleng lefatšeng ba e nolofalelitsoeng ka tsela eo].”
Joh. 10:16: “Ke sa na le linku tse ling, tsee e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka khona ke li tlise, ’me li tla utloa lentsoe la ka, ’me mohlape o tla ba mong, molisa le eena a be mong.” (‘Linku tsena tse ling’ li oela tlas’a tlhokomelo e lerato ea Jesu Kreste ha masala a “mohlatsoana” a majalefa a ’Muso a sa ntse a le lefatšeng; kahoo “linku tse ling” li ka kopanela le majalefa a ’Muso e le karolo ea ‘mohlape o le mong.’ Ba thabela bohle melemo e mengata e tšoanang e tlang ka sehlabelo sa Jesu, empa e se ka mokhoa o tšoanang, hobane qetello ea bona e sa tšoane.)
Tšen. 7:9, 14: “Kamora’ tseo, ka talima, ’me ka bona bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle . . . Ke ba tsoang mahlomoleng a maholo; ba hlatsoitse liaparo tse telele tsa bona, ba li soeufalitse maling a Konyana.” (Kahoo, litho tsa bongata bona bo boholo lia phela ha mahlomola a maholo a qaleha, ’me li eme li hloekile ka pel’a Molimo hobane li sebelisa tumelo topollong. Ho loka hoo li ho balloang ka lebaka la sena ho lekane hore li bolokoe li phela lefatšeng mahlomoleng a maholo.)
Ke mahlohonolo afe a kamoso a tla thabeloa ka lebaka la topollo?
Tšen. 5:9, 10: “Ba bina sefela se secha, ba re: U [Konyana, Jesu Kreste] loketse ho nka buka, le ho manolla litiiso tsa eona; hobane u no u hlajoe, ’me ua lopollela Molimo, ka mali a hao, batho ba mefuta eohle, le ba lipuo tsohle, le ba merabe eohle, le ba lichaba tsohle; ’me u ba beile marena le baprista ho Molimo oa rōna, ’me ba tla busa holim’a lefatše.” (Topollo e ne e le ntlha ea bohlokoa ho buleng tsela e isang bophelong ba leholimo bakeng sa ba tla busa le Kreste. Haufi babusi bohle ’musong o mocha oa lefatše ba tla ba literoneng tsa bona tsa leholimo.)
Tšen. 7:9, 10: “Ka bona bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle, ba eme pel’a terone le pel’a Konyana [Jesu Kreste, ea shoeleng joalokaha eka ke konyana ea sehlabelo], ba apere liaparo tse telele tse tšoeu, ba tšoere lipalema matsohong a bona, ba ntse ba hoa ka mantsoe a phahamileng, ba re: Poloko ke ea Molimo oa rōna, o lutseng teroneng, le ea Konyana.” (Tumelo sehlabelong sa Jesu Kreste ke ntlha ea bohlokoa ho pholoheng hoa bongata bona bo boholo mahlomoleng a maholo.)
Tšen. 22:1, 2: “Lengeloi la mpontša hape nōka e ntle ea metsi a bophelo, a hloekileng joale ka kristale, e tsoang teroneng ea Molimo le Konyana. Mahareng a lepatlelo la motse le mabopong a nōka, ka mose o mong le o mong, ho na le sefate sa bophelo se beang litholoana haleshome le metso e ’meli, ’me se bea litholoana ka likhoeli tsohle; mahlaku a sefate seo ke a ho folisa ba-lichaba.” (Kahoo, ho sebelisoa hoa molemo oa sehlabelo sa Konyana ea Molimo, Jesu Kreste, ke karolo ea bohlokoa ea tokisetso e entsoeng ke Molimo ho folisa batho liphello tsohle tsa sebe le ho ba nolofaletsa ho thabela bophelo bo sa feleng.)
Ba-Roma 8:21: “Tse bōpiloeng [batho] li tla holloa bohlankeng ba tšenyeho, li tle li be tokollong ea khanya ea bana ba Molimo.”
Ho hlokoa eng ho rōna hore re rue molemo o molelele sehlabelong se phethahetseng sa Jesu?
Joh. 3:36: “Ea lumelang ho Mora, o na le bophelo bo sa feleng; ’me ea sa lumeleng ho Mora, a ke ke a bona bophelo, empa bohale ba Molimo bo sala holim’a hae.”
Ba-Heb. 5:9: “Ha a [Jesu Kreste] phethehile, o entsoe moetsi oa poloko e sa feleng ho bohle ba mo utloang.”
Tokisetso ea topollo e senola eng ka hore na Molimo o ikutloa joang ka batho?
1 Joh. 4:9, 10: “Lerato la Molimo ho rōna le bonahetse ka hona: Molimo o romile lefatšeng Mora oa oona ea tsoetsoeng a le mong, re tle re phele ka eena. Lerato le bonahala hona moo hoba hase rōna ba ratileng Molimo, empa e le oona o re ratileng, ’me o romile Mora oa oona hore e be pheko ea libe tsa rōna.”
Ba-Roma 5:7, 8: “Ke ka thata e mong a ka shoelang ea lokileng; hobane mohlomong e mong a ka tšoha a tiisa pelo ho shoela motho ea molemo. Empa moo Molimo o totisitseng lerato la oona ho rōna teng, ke ka hore, re sa le baetsalibe, Kreste o bile a shoa sebakeng sa rōna.”
Tokisetso ee e lokela ho ba le phello efe hore na re sebelisa bophelo ba rōna joang?
1 Pet. 2:24: “Eena ea jereng libe tsa rōna ’meleng oa hae sefapanong, hore re shoe ka nģa ea libe, re tle re phelele ho loka.” (Ha ho talingoa sohle seo Jehova le Mora oa hae ba se entseng ho re hlatsoa sebeng, ka matla re lokela ho loanela ho hlōla litšekamelo tsa boetsalibe. Ho hang re se ke ra nahana ka ho etsa eng kapa eng ka boomo eo re tsebang hore ke sebe!)
Tite 2:13, 14: “Jesu Kreste . . . ea iteletseng rōna, a tle a re lopolle bokhopong bohle, ’me a re hlatsoe, a tle a iketsetse ka rōna sechaba see e leng sa hae ka sebele, se chesehelang mesebetsi e metle.” (Ho ananela tokisetso ena e babatsehang ho lokela ho re susumelletsa ho ba le karolo e mafolo-folo mesebetsing eo Kreste a e abetseng balateli ba hae ba ’nete.)
2 Ba-Kor. 5:14, 15: “Lerato la Kreste le re tlamile; re tsoe re lumetse hoba, e mong ha a shoetse bohle, bohle le bona ba shoele; ’me o shoele bakeng sa bohle hore ba phelang ba se hlole ba iphelela, ba mpe ba phelele ea shoeleng, a ba a tsoha bakeng sa bona.”