Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lulang Haufi le Jehova
    Molula-Qhooa—1991 | December 15
    • 1. Thato ea Jehova ke efe mabapi le thapelo, ’me moapostola Pauluse o ile a fana ka khothatso efe mabapi le thapelo?

      JEHOVA ke “Molimo o fanang ka tšepo” ho batho ba hae ba tšepahalang kaofela. Joaloka “ea utloang merapelo,” oa ba mamela ha ba kōpa hore a ba thuse ho finyella tšepo e thabisang eo a e behileng ka pel’a bona. (Ba-Roma 15:13, NW; Pesaleme ea 65:2) ’Me ka Lentsoe la hae, Bibele, o khothatsa bahlanka ba hae kaofela hore ba tle ho eena ka nako efe kapa efe ha ba lakatsa ho etsa joalo. Ka linako tsohle o teng, o lakatsa ho amohela matšoenyeho a bona a ka hare-hare. Ha e le hantle, o ba khothalletsa ho ‘tiisetsa thapelong’ le ho ‘se phetse ho rapela.’a (Ba-Roma 12:12, NW; 1 Ba-Thessalonika 5:17) Ke thato ea Jehova hore ka linako tsohle Bakreste bohle ba mo rapele, ba mo tšollele lipelo tsa bona ’me ba etse joalo ba sebelisa lebitso la Mora oa hae ea ratoang, Jesu Kreste.—Johanne 14:6, 13, 14.

  • Lulang Haufi le Jehova
    Molula-Qhooa—1991 | December 15
    • 3 Morutuoa Jakobo o ngotse: “Atamelang Molimo, ’me o tla le atamela.” (Jakobo 4:8) E, Molimo ha oa phahama haholo ebile ha o hōle haholo hore o ka utloa lipolelo tsa rōna tseo re li lebisang ho oona, ho sa tsotellehe boemo ba rōna ba ho se phethahale. (Liketso 17:27) Ho phaella moo, ha oa iphapanya ebile hase hore ha o tsotelle. Mopesaleme o re: “Mahlo a Jehova a ntse a talimile ba lokileng, litsebe tsa hae li bulehetse mehoo ea bona.”—Pesaleme ea 34:15; 1 Petrose 3:12.

      4. Tlhokomelo eo Jehova a e lebisang lithapelong e ka tšoantšoa joang?

      4 Jehova o re phehella ho rapela. Re ka tšoantša sena le ’moka oo ho ’ona batho ba bangata ba bokaneng hammoho ba ntse ba bua. U teng ho ’ona, u mametse ha ba bang ba bua. Uena u moshebelli feela. Empa joale motho e mong o retelehela ho uena, o u bitsa ka lebitso, ’me o lebisa mantsoe a hae ho uena. Sena se hapa tlhokomelo ea hao ka tsela e khethehileng. Ka ho tšoanang, ka linako tsohle Molimo o lebisitse tlhokomelo ho batho ba oona, ho sa tsotellehe hore na ba hokae. (2 Likronike 16:9; Liproverbia 15:3) Kahoo o utloa mantsoe a rōna, o re shebile e le hore o ka re thusa ebile oa re thahasella. Leha ho le joalo, ha re bitsa lebitso la Molimo thapelong, re hapa tlhokomelo ea oona, ’me o lebisa tlhokomelo ho rōna ka tsela e khethehileng. Ka matla a hae, Jehova a ka hlokomela a ba a utloisisa thapelo eo motho a e entseng ka pelong le kelellong ea hae a ntse a thōtse. Molimo o re kholisa hore o tla atamela ho bohle ba rapelang lebitso la oona ka tieo le ba batlang ho lula haufi le oona.—Pesaleme ea 145:18.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela