Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g21 no. 1 leq. 14
  • Ho Tseba Molimo ho re Atametsa ho Eena

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tseba Molimo ho re Atametsa ho Eena
  • Tsoha!—2021
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Mopi oa Rona o na le Lebitso
  • Jehova ke Molimo ea Lerato
  • Jehova ke Molimo ea Tšoarelang
  • Jehova o Batla Hore re mo Rapele
  • ‘Tsoelang Pele ho Tšoarelana ka Bolokolohi’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Jehova oa Tšoarela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Ke Eng Seo e Leng ’Nete ka Molimo?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Molimo ke Mang?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
Bala Tse Ling
Tsoha!—2021
g21 no. 1 leq. 14

Ho Tseba Molimo ho re Atametsa ho Eena

’Mopi oa rona ha a matla feela empa o boetse o na le makhabane a ratehang. Hape o batla hore re ithute ka eena le hore re be metsoalle ea hae. (Johanne 17:3; Jakobo 4:8) Ke ka lebaka leo a re boleletseng lintho tse ngata ka eena.

’Mopi oa Rona o na le Lebitso

“E le hore batho ba ka tseba hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.”​—PESALEME EA 83:18.

Bibele e ruta hore Jehova ke eena feela Molimo oa ’nete. Ke eena ’Mopi oa maholimo le lefatše le lintho tsohle tse phelang. Ke eena feela eo re lokelang ho mo rapela.​—Tšenolo 4:11.

Jehova ke Molimo ea Lerato

Lebitso la ’Mopi, Jehova, le ngotsoe ka Sehindi, Sepunjabi, Segujarati, Setelugu, Setamile le Senyesemane.

“Molimo ke lerato.”​—1 JOHANNE 4:8.

Jehova o sebelisa Bibele le lintho tseo a li bopileng ho re ruta hore na ke motho ea joang. Lerato ke eona ntho e ka sehloohong eo a nang le eona. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e susumetsoa ke lerato. Ha re ithuta ka Jehova haholoanyane, re mo rata le ho feta.

Jehova ke Molimo ea Tšoarelang

“U Molimo oa liketso tsa tšoarelo.”​—NEHEMIA 9:17.

Jehova oa tseba hore ha rea phethahala. Kahoo o ikemiselitse ho re tšoarela. Ha re kopa tšoarelo ho eena ebile re khaotsa ho etsa lintho tse mpe, o tla re tšoarela ebile a ke ke a re fa kotlo bakeng sa libe tsa rona tsa nakong e fetileng. ​—Pesaleme ea 103:​12, 13.

Jehova o Batla Hore re mo Rapele

“Jehova o haufi le bohle ba ipiletsang ho eena . . . O tla utloa mohoo oa bona o kopang thuso.”​—PESALEME EA 145:​18, 19.

Jehova ha a hloke hore re latele meetlo e itseng kapa re sebelise litšoantšo ha re mo rapela. O mamela lithapelo tsa rona joalokaha batsoali ba lerato ba mamela bana ba bona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela