-
Jehova, Moetsi oa Lintho tse HlollangMolula-Qhooa—1992 | December 15
-
-
8. Re ka ba le botsoalle bofe bo haufi le Jehova, hona o bonahalitse molemo oa hae joang?
8 Davida o boetse a etsa kōpo e etsoang ka maikutlo a tebileng: “Uena, Uena Jehova, u molemo ’me u lula u itokiselitse ho tšoarela; ’me ho uena mosa o lerato ho bohle ba bitsang ho uena o mongata. Utloa, Uena Jehova, thapelo ea ka; ’me u ele hloko lentsoe la likōpo tsa ka. Letsatsing la ho tsieleha ha ka ke tla bitsa ho uena, hobane u tla nkaraba.” (Pesaleme ea 86:5-7, NW) “Uena Jehova”—nako le nako re thabisoa ke botsoalle bo haufi bo bontšoang ke polelo ena! Ke botsoalle bo haufi boo ka linako tsohle bo ka hlaoleloang ka thapelo. Ka lekhetlo le leng Davida o ile a rapela: “Libe tsa bocha ba ka le bofetoheli ba ka Uena u se ke ua li hopola. Ho ea ka mosa oa hao o lerato u nkhopole, ka baka la molemo oa hao, Uena Jehova.” (Pesaleme ea 25:7, NW) Jehova ke boleng ba molemo—ka ho fana ka thekollo ea Jesu, ka ho bontša mohau ho baetsalibe ba bontšitseng pako, le ka ho bontša mosa o lerato ho Lipaki tsa hae tse tšepahalang le tse nang le kananelo.—Pesaleme ea 100:3-5; Malakia 3:10.
-
-
Jehova, Moetsi oa Lintho tse HlollangMolula-Qhooa—1992 | December 15
-
-
11. Ke joang khato e nkoang ke baholo e ka thusang ho tlosa maikutlo a ho ba molato?
11 Ho ka ’na ha ba le liketsahalo tseo ho tsona re khopisoang ke ba bang. Ho utloisoa bohloko maikutlong kapa ’meleng ha re sa le bana ho siile ba bang ba na le maikutlo a ho ba molato kapa a ho ikutloa ba se na thuso ka ho feletseng. Motho ea joalo a ka ipiletsa ho Jehova, a kholisehile hore o tla arabela. (Pesaleme ea 55:16, 17) Moholo ea mosa a ka bontša thahasello ho motho ea joalo ka ho mo thusa hore a amohele ’nete ea hore e ne e se phoso ea hae. Ka mor’a moo, ha moholo a letsetsa motho eo thelefono ka linako tse ling ho ka mo thusa hore qetellong a khone ho ‘jara moroalo ona.’—Ba-Galata 6:2, 5, NW.
12. Ho tsieleha ho eketsehile joang, empa ke joang re ka sebetsanang ka katleho le hona?
12 Ho boetse ho na le maemo a mang a bakang tsieleho ao ho hlokahalang hore batho ba Jehova ba sebetsane le oona kajeno. Ho tloha ka Ntoa ea I ea Lefatše ka 1914, litlokotsi tse khōlō li ile tsa qala ho hlokofatsa lefatše lena. Joalokaha Jesu a boletse esale pele, e ne e le “qalo ea bohloko ba tsieleho.” Tsieleho e ’nile ea eketseha ha re ntse re kenella hare ho “bofelo ba tsamaiso ea lintho.” (Mattheu 24:3, 8, NW) “Nako e khutšoaane” ea Diabolose e ea tlhōrōng ea bofelo ba eona. (Tšenolo 12:12, NW) “Joale ka tau e purumang” e batlang phofu, Sera sena se seholo se sebelisa maqiti ’ohle ho re arola mohlapeng oa Molimo le ho re felisa. (1 Petrose 5:8) Empa se ke ke sa atleha! Hobane, joaloka Davida, re tiisitse tšepo ea rōna ka ho feletseng ho Molimo oa rōna a le mong, Jehova.
13. Batsoali le bana ba bona ba ka iphumanela molemo oa Jehova joang?
13 Ntle le pelaelo, Davida o ile a kenya pelong ea mora oa hae Salomone tlhoko ea hore a itšetlehe ka molemo oa Jehova. Ka hona, Salomone o ne a ka laea mora oa hae: “U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle, u se ke ua itšepa hlalefo ea hao. U mo kenye mererong ea hao eohle, ’me o tla u tsamaisa litseleng tsohle tsa hao. U se ke ua ipona bohlale. Tšaba Jehova, u sesefe bobe.” (Liproverbia 3:5-7) Ka ho tšoanang kajeno batsoali ba lokela ho ruta bana ba bona ba banyenyane kamoo ba ka rapelang ka tsela e bontšang hore ba tšepa Jehova le kamoo ba ka sebetsanang ka teng le litlhaselo tsa lefatše le khopo—tse kang khatello ea lithaka sekolong le liteko tsa ho etsa boitšoaro bo bobe. Ho sebelisa melao-motheo ea Bibele le bana ba hao letsatsi le letsatsi ho ka hatisa lipelong tsa bona tse nyenyane lerato la sebele ho Jehova le ho itšetleha ho eena ka thapelo.—Deuteronoma 6:4-9; 11:18, 19.
-