Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Re ka Etsa’ng Hore Molimo a re Nke re Hloekile?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • Khaolo ea 40. Motho o hlapa matsoho ka metsi le sesepa.

      KHAOLO EA 40

      Re ka Etsa’ng Hore Molimo a re Nke re Hloekile?

      Nahana ka ’mè ea lokisetsang mora oa hae eo a mo ratang ho ea sekolong. O etsa bonnete ba hore o hlapile le hore liaparo tsa hae li makhethe ebile li hloekile. Ha a lula a hloekile o khona ho phela hantle ’meleng hape hoa bonahala hore batsoali ba hae baa mo hlokomela. Ka tsela e tšoanang, Ntate oa rona ea lerato Jehova, o batla hore re be makhethe hape re itšoare hantle. Ho molemong oa rona hore re lule re hloekile, hape ho tlisetsa Jehova thoriso.

      1. Re ka etsa’ng hore re be batho ba makhethe?

      Jehova o re ho rona: “Le halalele.” (1 Petrose 1:​16) E le hore re halalele re lokela ho ba makhethe hape re itšoare hantle. Re tla be re le makhethe haeba re hlapa kamehla, re hlatsoa liaparo tsa rona, re hloekisa matlo a rona hammoho le likoloi tsa rona. Re ka boela ra hloekisa Liholo Tsa ’Muso. Ha re lula re hloekile re isa thoriso ho Jehova.​—2 Bakorinthe 6:​3, 4.

      2. Re lokela ho qoba mekhoa efe e le hore re lule re hloekile?

      Bibele e re khothaletsa hore ‘re itlhatsoe litšila tsohle tsa nama le tsa moea.’ (2 Bakorinthe 7:1) Kahoo, re lokela ho qoba ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka bang kotsi ’meleng kapa likelellong tsa rona. Re lokela ho nahana lintho tse khahlisang Jehova. Kahoo, re lokela ho etsa sohle se matleng a rona ho qoba ho nahana lintho tse fosahetseng. (Pesaleme ea 104:​34) Hape re lokela ho qoba ho bua lintho tse hlohlontšang litsebe.​—Bala Bakolose 3:8.

      Ke’ng hape e ka etsang hore re be batho ba sa hloekang? Ho na le lintho tse ka silafatsang ’mele ea rona. Kahoo, re qoba ho sebelisa koae le lithethefatsi ho itlhabolla. Ha re qoba lintho tsena re tla phela hantle hape re tla be re bontša hore re ananela mpho ea bophelo. Re lokela ho sebetsa ka thata hore re lule re hloekile boitšoarong ka hore re qobe mekhoa e litšila e kang ho ipholla litho tsa botona kapa tsa botšehali le ho shebella pornography. (Pesaleme ea 119:​37; Baefese 5:5) Ho ka ba thata ho tlohela mekhoa ena, empa Jehova a ka re thusa.​—Bala Esaia 41:13.

      ITHUTE LINTLHA TSE LING

      Bona hore na ho lula re le makhethe ho ka tlisetsa Jehova thoriso joang, le hore na re ka hlola mekhoa e litšila joang.

      3. Ha re le makhethe re rorisa Jehova

      Ha re bala ka melao eo Jehova a neng a e file sechaba sa Iseraele, rea bona hore na o nka bohloeki e le ntho ea bohlokoa hakae. Bala Exoda 19:​10 le 30:​17-​19 ebe le buisana ka lipotso tsena:

      • Litemana tsee li bontša hore Jehova o ikutloa joang ka bohloeki?

      • Re ka itloaetsa ho etsa’ng e le hore re lule re le makhethe?

      Re hloka nako le boikitlaetso hore re be batho ba makhethe. Re ka khona ho etsa joalo ho sa tsotellehe hore na re lula hokae le hore na re na le chelete e kae. Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.

      VIDEO: Jehova o Rata Batho ba Hloekileng (4:10)

      • Ha re etsa hore lintho tsa rona li lule li le makhethe, re etsa hore mosebetsi oa ho ruta batho Bibele o be le seriti joang?

      4. Khaotsa mekhoa e litšila

      Motho o lahlela koae ka moqomong.

      Jehova a ka re thusa ho hlola mekhoa eohle e litšila

      Haeba oa tsuba kapa u sebelisa lithethefatsi ho itlhabolla, e ka ’na eaba oa tseba hore na ho thata hakae ho tlohela lintho tsena. U ka thusoa ke’ng? Nahana hore na ntho ena eo u tloaetseng ho e etsa e u ama joang. Bala Matheu 22:​37-​39. Ka mor’a moo le buisane ka hore na ho tsuba koae le ho sebelisa lithethefatsi hampe ho ka ama . . .

      • kamano ea motho le Jehova joang.

      • kamano ea motho le lelapa la hae le batho ba bang joang.

      Rera hore na u tla etsa joang e le hore u hlole tloaelo e litšila.a Bapala VIDEO.

      VIDEO: Ithute ho Ithiba (2:47)

      Bala Bafilipi 4:​13 ebe le buisana ka potso ena:

      • Re ka hlola mekhoa e mebe joang haeba re rapela, re ithuta Bibele ebile re ea libokeng kamehla?

      5. Loantša menahano le liketso tse litšila

      Bala Bakolose 3:5 ebe le buisana ka lipotso tsena:

      • Re tseba joang hore pornography, ho romellana melaetsa e tsosang takatso le ho ipholla litho tsa botona kapa tsa botšehali ho fosahetse ho Jehova?

      • Na ke ntho e utloahalang hore ebe Jehova o batla hore re itšoare hantle? Ke hobane’ng ha u cho joalo?

      Bona hore na ke’ng e ka u thusang ho loantša menahano e litšila. Bapala VIDEO.

      VIDEO: Lula U Hloekile Boitšoarong (1:51)

      Jesu o ile a etsa papiso e bontšang hore re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng kapa eng e hlokahalang hore re lule re hloekile. Bala Matheu 5:​29, 30 ebe le buisana ka potso ena:

      • Jesu o ne a sa bolele hore re lokela ho itematsa, empa o ne a bolela hore re lokela ho nka bohato. Motho a ka nka mohato ofe ho qoba ho nahana ka lintho tse litšila?b

      Haeba u loanela ho khaotsa ho nahana lintho tse litšila, Jehova o ananela boiteko ba hao. Bala Pesaleme ea 103:​13, 14 ebe le buisana ka potso ena:

      • Haeba u thatafalloa ho tlohela mokhoa o itseng o litšila, lengolo lee le u thusa joang hore u se ke oa tela?

      U se ke oa tela

      U ka ’na oa re: ‘Ke hlolehile, ke hore fela ke tele.’ Nahana ka taba ena: Ha semathi se ka khoptjoa eaba sea oa, ha ho bolele hore se hlotsoe peisong kapa hore se lokela ho qala qalong. Ka tsela e tšoanang, haeba u ka etsa ntho eo u ntseng u loanela ho e tlohela ha ho bolele hore u hlotsoe. Hape ha ho bolele hore boiteko boo u seng u bo entse bo ile le metsi. E khoptjoa e le maoto mane, u se ke oa tela. U ka khona ho tlohela mekhoa e mebe ha Jehova a u thusa.

      Semathi se neng se oele sea phahama.

      BATHO BA BANG BA RE: “Ke lekhoba la ntho ena. Nke ke ka khona ho e tlohela.”

      • U ka balla motho ea chong joalo lengolo lefe le tla mo thusa hore a bone hore ha Jehova a mo thusa a ka khona ho khaotsa mekhoa e mebe?

      KAKARETSO

      Re thabisa Jehova haeba re lula re hloekile ’meleng, maikutlong le boitšoarong.

      Re Ithutile’ng?

      • Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re lule re hloekile?

      • Re ka etsa’ng hore re be batho ba makhethe?

      • Re ka etsa’ng hore re lule re hloekile maikutlong le boitšoarong?

      Seo U ka se Etsang

      BATLA

      Ke lintho life tseo u ka li etsang hore u lule u le makhethe le haeba u se na chelete?

      Bophelo bo Botle le Bohloeki​—Ho Hlapa Matsoho (3:​01)

      Bona hore na u ka etsa’ng e le hore u khaotse ho tsuba.

      “Kamoo U ka Khaotsang ho Tsuba” (Tsoha!, May 2010)

      Bona litla-morao tsa ho shebella pornography.

      “Litšoantšo Tsa Bootsoa​—Na li Kotsi Kapa Che?” (Molula-Qhooa, August 1, 2013)

      Bona hore na monna e mong o ile a thusoa ke’ng hore a hlole bothata ba ho shebella pornography.

      “Ke Ile ka Hlōleha ka Makhetlo Empa Qetellong ka Atleha!” (Molula-Qhooa No. 4 2016)

      a Tlas’a karolo ea Batla khaolong ena, bala sehlooho se reng “Kamoo U ka Khaotsang ho Tsuba,” se bontšang mehato eo re lokelang ho e latela ho hlola mekhoa eo ho leng thata ho e tlohela.

      b E le hore u bone hore na u ka hlola tloaelo ea ho ipholla litho tsa botona kapa tsa botšehali joang, bala sehlooho se reng: “Nka Etsa’ng ho Hlōla Tloaelo ea ho Ipholla Litho Tsa Botona Kapa Botšehali?” bukeng ea Lipotso Bacha Baa Botsa​—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1, khaolong ea 25.

  • Na U se U Itokiselitse ho Kolobetsoa?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • 3. Ke hobane’ng ha u sa lokela ho tšaba ho kolobetsoa?

      Batho ba bang ba tšaba hore ba ke ke ba khona ho etsa lintho tseo ba li tšepisitseng Jehova. Ke ’nete hore ka linako tse ling u tla etsa liphoso joalokaha banna le basali ba tšepahalang bao ho builoeng ka bona ka Bibeleng le bona ba ile ba li etsa. Empa Jehova ha aa lebella hore barapeli ba hae ba se ke ba etsa liphoso. (Bala Pesaleme ea 103:​13, 14.) Oa thaba ha u etsa sohle seo u ka se khonang. O tla u thusa. Ha e le hantle Jehova oa re kholisa hore ha ho na letho le tla re “arohanya le lerato la [hae].”​—Bala Baroma 8:​38, 39.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela