Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb15 maq. 2-3
  • Temana ea Selemo ea 2015

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Temana ea Selemo ea 2015
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Leboha Jehova ’me U Hlohonolofatsoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • ‘Iponahatseng le le ba Lebohang’
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • “Lebohang Jehova”
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2016
  • Tšepa Jehova, “Molimo oa Matšeliso ’Ohle”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2015
yb15 maq. 2-3
Setšoantšo se maqepheng a 2, 3

Temana ea Selemo ea 2015

Lebohang Jehova, Kaha o Molemo.”—Pesaleme ea 106:1

Ka mora hore Baiseraele ba lopolloe ho Faro le mabotho a hae, ba ne ba e-na le mabaka a mangata a ho leboha Jehova. Le rōna re ka leboha Jehova. Ke ’nete hore ka linako tse ling ha re thulana le mathata rea nyahama. Leha ho le joalo, re ka tiea mangole ha re nahana ka tsela eo Jehova a re hlohonolofalitseng ka eona.

E ’ngoe ea litlhohonolofatso tseo re li nkang e le tsa bohlokoahali, ke tšepo ea rōna e tiileng ea hore Jehova o tla re lokolla nthong e ’ngoe le e ’ngoe e re utloisang bohloko le e re sithabetsang. Ho sa tsotellehe se etsahalang, rea tseba hore Jehova a ke ke a re lahla. Molisa enoa oa rōna ea lerato o re thusa ka litsela tsohle e le hore re mo sebeletse ka botšepehi. Kamehla o lula e le “setšabelo le matla a rōna, thuso e fumanoang hang-hang nakong ea mahlomola.” (Pes. 46:1) Ho lula re nahana ka litlhohonolofatso tsa Jehova ho tla re thusa ho sebetsana le mathata a boima haholo. Selemong sena se tla thoasa, e se eka bohle re ka nahana ka litlhohonolofatso tsa rōna e le hore re ka susumelletseha ho ‘leboha Jehova, kaha o molemo; etsoe mosa oa hae o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.’—Pes. 106:1.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela