Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 9/1 maq. 19-21
  • Na U ka Hlaolela Temoho e Eketsehileng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U ka Hlaolela Temoho e Eketsehileng?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hloka Temoho ha Iseraele
  • Ho ba le Temoho ea Moea
  • Temoho le Temohisiso
  • Sekamisetsa Pelo ea Hao Temohong
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lumella Temoho e U Sireletse
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • “Jehova ka Boeena o Fana ka Bohlale”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Etsisang Sebete le Temoho ea Jesu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 9/1 maq. 19-21

Na U ka Hlaolela Temoho e Eketsehileng?

TEMOHO ke “matla kapa ho khona ha kelello ho khetholla ntho e ’ngoe ho e ’ngoe.” Hape e ka ba “ho ba seli kahlolong” kapa “matla a ho elelloa phapang ea lintho kapa mehopolo.” Ho rialo Webster’s Universal Dictionary. Ho hlakile hore temoho ke tšoaneleho e lokelang ho lakatsoa. Bohlokoa ba eona bo bonoa mantsoeng a Salomone: ‘Ha bohlale bo kena pelong ea hao, tsebo e khahlisa moea oa hao; . . . kutloisiso [“temoho,” NW] e u boloka; ho u phemisa tsela ea bobe.’—Liproverbia 2:10-12.

E, temoho e tla re thusa ho hana “tsela ea bobe,” e atileng kajeno. ’Me e tlisa melemo e meng e mengata. Ka mohlala, batsoali ba atisa ho utloa bana ba bona ba re, ‘Ha u hlile ha u utloisise!’ Ka ho fata ho seng hokae, batsoali ba nang le temoho ba tseba ho ntša maikutlo le litaba tse tšoenyang bana ba bona. (Liproverbia 20:5) Monna ea nang le temoho o tla mamela mosali oa hae ’me a be le temohisiso ea mohopolo oa hae le maikutlo ho e-na le ho potlakela ho etsa liqeto. Mosali o tla etsa se tšoanang ho monna oa hae. Kahoo, “ka bohlale ntlo e tla hahuoa‚ ’me ka temoho e tla ipaka e thehiloe ka ho tiea.”—Liproverbia 24:3, NW.

Temoho e thusa motho ho sebetsana le maemo ka katleho. Liproverbia 17:27 (NW) e re: “Mang kapa mang ea itšoarang lipuong o na le tsebo, ’me motho ea nang le temoho o khutsitse moeeng.” Motho ea nang le temoho ha a bohale, ha a phosumele boemo bo bong le bo bong a sa nahane. O nahanisisa ka hloko liphello tse ka hlahang pele a itlama. (Luka 14:28, 29) Hape o thabela likamano tsa khotso e khōlō le ba bang hobane “molomo o bohlale” o etsa hore a khethe mantsoe a hae ka hloko. (Liproverbia 10:19; 12:8) Empa, habohlokoa haholo, motho ea nang le temoho ka boikokobetso o elelloa mefokolo ea hae ’me o itšetleha ka Molimo ho e-na le batho bakeng sa tataiso. Sena se thabisa Jehova ’me ke lebaka le leng la ho hlaolela temoho.—Liproverbia 2:1-9; Jakobo 4:6.

Ho Hloka Temoho ha Iseraele

Kotsi ea ho hlōleha ho sebelisa temoho e bonoa ketsahalong e ’ngoe historing ea Iseraele ea boholo-holo. Ha a hopola nako eo, mopesaleme ea bululetsoeng o ile a re: “Ha e le baholo-holo ba rōna Egepeta, ha baa ka ba bontša temohisiso leha e le efe mesebetsing ea hao e babatsehang. Ha baa ka ba hopola bongata ba mosa oa hao o lerato o moholo, empa ba ile ba itšoara joaloka bafetoheli leoatleng, ka thōko ho Leoatle le Lefubelu.”—Pesaleme ea 106:7, NW.

Ha Moshe a ne a etella Iseraele pele ho e ntša Egepeta, Jehova o ne a se a ntse a bonahalitse matla a hae le boikemisetso ba hae ba ho lokolla batho ba hae ka likotlo tse leshome tse utloisang bohloko holim’a ’muso oo oa lefatše o moholo. Ka mor’a hore Faro a lokolle Baiseraele, Moshe o ile a ba etella pele ho ea lebōpong la Leoatle le Lefubelu. Leha ho le joalo, makhotla a Egepeta a ile a ba lelekisa. Ho ile ha bonahala eka Baiseraele ba tšoasitsoe ke leraba le hore tokoloho eo ba neng ba sa tsoa e fumana e ne e le ea nakoana. Ka hona tlaleho ea Bibele e re: “Bana ba Iseraele . . . ba tšoha hampe; . . . ba hooeletsa ho Jehova.” ’Me ba retelehela ho Moshe, ba re: “U no u re etsa’ng, ha u re ntša Egepeta? . . . Ho no ho le molemo ho rōna ho ’na re sebeletsa ba-Egepeta, ho fetisa ho tla shoa lefeelleng.”—Exoda 14:10-12.

Ho ka ’na ha bonahala eka tšabo ea bona ea utloahala ho fihlela re hopola hore ba ne ba se ba bone lipontšo tse leshome tse hlaheletseng tsa matla a Jehova. Ba ne ba bone ka mahlo seo Moshe a neng a tla ba hopotsa sona lilemo tse 40 hamorao: “Jehova a re ntša Egepeta ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng, ka letsoso le leholo, ka lipontšo le ka mehlolo.” (Deuteronoma 26:8) Ka hona, joalokaha mopesaleme a ile a ngola, ha Baiseraele ba fetohela tataiso ea Moshe, “ha baa ka ba bontša temohisiso leha e le efe.” Leha ho le joalo, Jehova o ile a phethahatsa tšepiso ea hae ka botšepehi ka ho etsa hore makhotla a Egepeta a hlōloe ka ho tšosang.—Exoda 14:19-31.

Ka ho tšoanang tumelo ea rōna e ka fokola haeba re ne re ka thulana le liteko ka lekhonono kapa ka ho lika-lika. Temoho e tla re thusa hore kamehla re talime lintho ka pono e leka-lekaneng, re ntse re hopola hore Jehova o moholo hakae ho feta mang kapa mang ea ka ’nang a re hanyetsa. Temoho e tla boetse e re thuse ho hopola seo Jehova a seng a ntse a re etselitse sona. E tla re thusa hore le ka mohla re se lebale ’nete ea hore ke Eena ea ‘bolokang bohle ba mo ratang.’—Pesaleme ea 145:18-20.

Ho ba le Temoho ea Moea

Temoho ha e itlele feela ha re ntse re hōla. E tlameha ho hlaoleloa. Morena Salomone ea bohlale, ea ileng a tuma machabeng ka ho ba le temoho, o ile a re: “Ho lehlohonolo motho ea fumaneng bohlale, ea fihletseng kutloisiso [“temoho,” NW]; hobane khoebo ea jona e fetisa silefera, ho ata ha jona ho fetisa ha khauta.” (Liproverbia 3:13, 14) Salomone o fumane temoho ea hae hokae? Ho Jehova. Ha Jehova a ne a botsa Salomone hore na o batla tlhohonolofatso efe, Salomone o ile a araba: “U nee ke hona mohlanka oa hao pelo e kelello ea ho ahlolela sechaba sa hao, ke tle ke tsebe ho khetha [“ho lemoha,” NW] botle le bobe.” (1 Marena 3:9) E, Salomone o ne a itšetlehile ka Jehova joaloka mothusi oa hae. O ile a kōpa temoho, ’me Jehova o ile a mo fa eona ho isa tekanyong e sa tloaelehang. Phello e bile efe? “Bohlale ba Salomone ba feta bohlale ba bana bohle ba Bochabela, le bohlale bohle ba ba-Egepeta.”—1 Marena 4:30.

Phihlelo ea Salomone e re bontša moo re lokelang ho ea teng ha re batla temoho. Joaloka Salomone, re lokela ho itšetleha ka Jehova. Joang? Ho hlakile hore Jehova o fane ka Lentsoe la hae, Bibele, e re fang temohisiso ea mohopolo oa hae. Ha re bala Bibele, re fata mohloling oa bohlokoa oa tsebo e tla fana ka motheo oa temoho ea moea. Boitsebiso boo re bo bokellang ha re bala Bibele bo lokela ho thuisoa. Joale, bo ka sebelisoa bakeng sa ho etsa liqeto tse nepahetseng. Ha nako e ntse e feta, matla a rōna a kutloisiso a hōla ho ea bohōleng boo re bang ba “hōlileng ka ho feletseng matleng a kutloisiso,” ba khonang “ho khetha [kapa, ho lemoha pakeng tsa] ho hotle le ho hobe.”—1 Ba-Korinthe 14:20, NW; Ba-Heberu 5:14; bapisa le 1 Ba-Korinthe 2:10.

Hoa thahasellisa hore ebe le hona joale re ka fumana molemo temohong eo Jehova a e fileng Salomone. Joang? Salomone e ile ea e-ba setsebi sa ho hlalosa bohlale ka sebōpeho sa maele, ao, ha e le hantle, e neng e le linyane feela tsa bohlale bo bululetsoeng ke Molimo. Bongata ba maele ana bo bolokiloe ka bukeng ea Bibele ea Liproverbia. Ho ithuta buka eo ho re thusa ho fumana molemo temohong ea Salomone le hore rōna ka borōna re hlaolele temoho.

E le hore a ka re thusa thutong ea rōna ea Bibele, re ka sebelisa lithuso tsa ho ithuta Bibele, tse kang limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ka lilemo tse fetang 116, Molula-Qhooa o ’nile oa tsebahatsa ’Muso oa Jehova ho batho ba pelo li tšepahalang. Makasine ea Tsoha! le tse ling tse tlileng pele ho eona li ’nile tsa bua ka maemo a lefatše ho tloha ka 1919. Limakasine tsena tse peli li hlahloba linnete tsa Bibele ’me li fana ka tsebo ea moea e ntseng e eketseha, e re thusang ho lemoha liphoso, ebang li rutoa ke Bokreste-’mōtoana kapa li fumanoa mokhoeng oa rōna oa ho nahana.—Liproverbia 4:18.

Thuso e ’ngoe mabapi le ho hlaolela temoho ke litloaelano tse nepahetseng. Maele a mang a Morena Salomone a re: “Ea tsamaeang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ea tloaelaneng le maoatla o tla senyeha.” (Liproverbia 13:20) Hoa soabisa hore ebe Roboame mora oa Morena Salomone ha aa ka a hopola maele ana nakong ea bohlokoa bophelong ba hae. Ka mor’a lefu la ntate oa hae, meloko ea Iseraele e ile ea tla ho eena ho tla kōpa hore a fokotse meroalo ea eona. Pele, Roboame o ile a kōpa keletso ho banna ba hōlileng, ’me bona ba ile ba bonahatsa temoho ha ba mo khothalletsa ho mamela bahlanka ba hae. Joale, o ile a ea ho banna ba bacha. Bana ba ile ba bonahatsa ho hloka phihlelo le temoho, ba khothalletsa Roboame ho araba Baiseraele ka litšoso. Roboame o ile a mamela banna ba bacha. Phello e bile efe? Iseraele e ile ea rabela, ’me Roboame o ile a lahleheloa ke karolo e khōlō ea ’muso oa hae.—1 Marena 12:1-17.

Karolo ea bohlokoa ea ho hlaolela temoho ke ho kōpa thuso ea moea o halalelang. Ha a bua ka litšebelisano tsa Jehova le Baiseraele ka mor’a hore ba lokolloe botlamuoeng Egepeta, mongoli oa Bibele Nehemia o itse: “U ’nile ua ba fa moea oa hao o molemo ho ba hlalefisa.” (Nehemia 9:20) Moea oa Jehova o ka boela oa thusa ka ho re hlalefisa. Ha u ntse u rapela hore moea oa Jehova o u fe temoho, rapela ka kholiseho hobane Jehova “o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa nyelise.”—Jakobo 1:5, NW; Mattheu 7:7-11; 21:22.

Temoho le Temohisiso

Moapostola Pauluse o ile a bontša temoho ha a bolela ’nete ho batho ba lichaba. Ka mohlala, ka lekhetlo le leng, ha a le Athene, o ile a ‘ea le motse, a talima’ lintho tseo ba li hlomphang ka tsela ea borapeli. Pauluse o ne a pota-potiloe ke litšoantšo tse rapeloang, ’me moea oa hae o ile oa khopeha ka hare ho eena. Joale o ne a lokela ho etsa qeto. Na o lokela ho nka tsela e sireletsehileng ’me a thōle? Kapa na o lokela ho bua ka ho toba ka borapeli ba litšoantšo bo atileng boo a ileng a bo fumana bo khopisa haholo, esita leha ho etsa joalo ho ne ho ka ba kotsi?

Pauluse o ile a sebelisa temoho. O ile a hlokomela aletare e ngotsoeng: “Ho Molimo o sa tsejoeng.” Ka bohlale, Pauluse o ile a lumela ho inehela ha bona litšoantšong eaba o sebelisa aletare eo e le tsela ea ho kenyelletsa taba ea “Molimo o entseng lefatše le tsohle tse ho lona.” E, Jehova e ne e le Molimo eo ba sa mo tsebeng! Ka mokhoa o joalo Pauluse o ile a hlokomela kameho ea bona tabeng ena ’me a khona ho fana ka bopaki bo hlollang. Ka phello efe? Batho ba bangata ba ile ba amohela ’nete, ho akarelletsa le “Denise oa Areopago, le mosali e mong ea bitsoang Damarise, ba e-na le ba bang.” (Liketso 17:16-34) Pauluse e ne e le mohlala o motle hakaakang oa temoho!

Ntle ho pelaelo, temoho ha e tle habonolo kapa ka tlhaho. Empa ka mamello, thapelo, boiteko bo tiileng, ho tloaelana le ba bohlale, ho ithuta Bibele le ho thuisa ka eona, le ho itšetleha ka moea o halalelang oa Jehova, le uena u ka e hlaolela.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela