Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 5/15 leq. 32
  • U Haha Holim’a Motheo Ofe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Haha Holim’a Motheo Ofe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 5/15 leq. 32

U Haha Holim’a Motheo Ofe?

E LE hore mohaho o tle o tšoarelle ka nako e telele, ntho e khōlō ke hore motheo oa oona e be o tiileng. Ka linako tse ling Bibele e sebelisa molao-motheo ona ka tsela ea tšoantšetso.

Ka mohlala, moprofeta Esaia o bolela hore Jehova Molimo ke eena “ea ralang motheo oa lefatše.” (Esaia 51:13) Motheo ona o tšoantšetsa melao e sa fetoheng ea Molimo e laolang motsamao oa lefatše le e etsang hore le lule sebakeng sa lona. (Pesaleme ea 104:5) Lentsoe la Molimo, Bibele, le boetse le bua ka “metheo” eo moloko oa batho o hahiloeng holim’a eona. Metheo ena ke toka, molao le taolo. Ha e “qhaqhoa” kapa e fokolisoa ka leeme, bobolu le pefo, sechaba ha se tsitse.—Pesaleme ea 11:2-6; Liproverbia 29:4.

Molao-motheo ona o sebetsa le ho batho ka bomong. Jesu Kreste o ile a lihela likhala Thutong ea hae e tummeng ea Thabeng ka ho re: “E mong le e mong ea utloang lipolelo tsena tsa ka ’me a li phetha o tla tšoantšoa le monna ea masene, ea ileng a haha ntlo ea hae holim’a lefika. Pula ea tšoloha le meroallo ea tla ’me meea ea foka eaba e otla ntlo eo, empa ha ea ka ea heleha, kaha e ne e thehiloe holim’a lefika. Ho feta moo, e mong le e mong ea utloang lipolelo tsena tsa ka ’me a sa li phethe o tla tšoantšoa le monna oa leoatla, ea ileng a haha ntlo ea hae holim’a lehlabathe. Pula ea tšoloha le meroallo ea tla ’me meea ea foka eaba e otla ntlo eo ’me ea heleha, ’me ho oa ha eona ea e-ba ho hoholo.”—Matheu 7:24-27.

U haha bophelo ba hao holim’a motheo ofe? Na u bo haha lehlabatheng le sa tsitsang la lifilosofi tsa batho ba sa hlompheng Molimo, tse tla heletsa mohaho? Kapa na u haha holim’a lefika le tiileng la ho mamela lipolelo tsa Jesu Kreste, tse tla u thusa hore u sireletsehe lifefong tsa tšoantšetso tsa bophelo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela