Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 10/15 leq. 32
  • “Ba Theohelang Leoatleng ka Likepe”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ba Theohelang Leoatleng ka Likepe”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 10/15 leq. 32

“Ba Theohelang Leoatleng ka Likepe”

MABAPA le kou ea likepe ea Gloucester, Massachusetts, U.S.A., ho na le seemahale sa boronse se tšoantšelitseng mosesisi oa likepe ea ikemiselitseng ho tsamaisa sekepe sa hae hore se haole sefefo. Seemahale sena ke sehopotso sa batšoasi ba litlhapi ba Gloucester bao ho boleloang hore ba shoetse leoatleng. Lejoeng leo seemahale sena se emeng ho lona le letlapeng le haufi le sona, ho ngotsoe mantsoe a Pesaleme ea 107:23, 24 a reng: “Ba theohelang leoatleng ka likepe, ba hoebang metsing a mangata; Bana ke bona ba bonang mesebetsi ea Morena le limakatso tsa hae bolibeng.”—King James Version.

Ho sebetsa libakeng tseo ho tšoasoang litlhapi tse ngata ho tsona bolibeng ba Leoatle la Atlantic ke mosebetsi o kotsi haholo. Hona joale Gloucester e na le baahi ba ka bang 30 000, empa litlaleho li bontša hore ha lilemo li ntse li feta, banna ba eona ba ka bang 5 368 ba shoetse leoatleng ha ba ne ba tšoasa litlhapi. Molaetsa o lejoeng lena la sehopotso o re: “Ba bang ba ile ba nkoa ka sekhahla ke meea e puputlang le maqhubu a maholo a meea e kotsi e tsoang ka leboea-bochabela. Ba bang ba ile ba shoa ba le bang liketsoaneng tse timeletseng likepe tse neng li ba tlisitse libakeng tseo ho tšoasoang litlhapi ho tsona. Likepe tse ling li ile tsa thulana har’a lifefo eaba ka masoabi lia teba. Liketsoana tse ling li ile tsa thuloa ke likepe tse khōlō.”

Lejoe lena la sehopotso ke bopaki bo utloisang bohloko ba hore ka makholo a lilemo ho ’nile ha etsoa mosebetsi o boima le hore batšoasi ba litlhapi ba ’nile ba hlaheloa ke likotsi. Nahana feela kamoo batho ba tsielehileng ba ’nileng ba llela banna, bo-ntate, bo-abuti le bara ba bona kateng. Empa Jehova Molimo ha a lebale bahlolohali, likhutsana kapa batho ba shoetseng leoatleng. Moapostola Johanne o ile a bua ka ketsahalo ena ea nakong e tlang, a re: “Leoatle la nehelana ka bafu ba ho lona, ’me lefu le Hadese tsa nehelana ka bafu ba ho tsona.” (Tšenolo 20:13) Ha ho pelaelo hore ba ileng ‘ba theohela leoatleng ka likepe,’ ba tla bona limakatso tsa “mesebetsi ea Morena” ha ba tsoha.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela