Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • U ka ba Motsoalle oa Jehova
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • 3. Jehova o batla hore u etse’ng e le hore u ka ba motsoalle oa hae?

      Jehova o rata batho bohle, “empa o na le kamano e haufi-ufi le ba lokileng.” (Liproverbia 3:​32) Kahoo, o batla hore metsoalle ea hae e leke kahohle ho etsa lintho tseo a li nkang e le tse lokileng ’me e qobe ho etsa lintho tseo a li nkang e le tse fosahetseng. Batho ba bang ba nka hore ba ke ke ba khona ho etsa lintho tsohle tseo Molimo a reng li lokile le ho qoba lintho tsohle tseo a reng li fosahetse. Leha ho le joalo, Jehova ke Molimo ea nahanelang. O amohela motho e mong le e mong ea mo ratang e le kannete ’me a leka kahohle ho mo khahlisa.​—Pesaleme ea 147:​11; Liketso 10:​34, 35.

  • Tšepahala ka Linako Tsohle
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • Tšepahala ka Linako Tsohle

      Motho e mong le e mong o batla ho ba le metsoalle e tšepahalang. Jehova le eena o lebeletse hore metsoalle ea hae e tšepahale. Empa ha ho bonolo ho tšepahala kaha batho ba bangata ha ba tšepahale. Ho lula re tšepahala ho ka re tsoela molemo joang?

      1. Lebaka le ka sehloohong la ho lula re tšepahala ke lefe?

      Ha re tšepahalla batho ba bang, re bontša Jehova hore rea mo rata ebile rea mo hlompha. Nahana ka taba ena: Jehova o tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e nahanang le eo re e etsang. (Baheberu 4:​13) Molimo oa bona ha re tšepahala ’me ntho eo ea mo thabisa. Lentsoe la hae le re: “Etsoe motho ea mano ke ntho e manyala ho Jehova, empa O na le kamano e haufi-ufi le ba lokileng.”​—Liproverbia 3:32.

      2. Re ka bontša joang hore re batho ba tšepahalang?

      Jehova o batla hore re ‘bolellane ’nete.’ (Zakaria 8:​16, 17) See se bolela’ng? Ha rea lokela ho bua leshano kapa mafosisa ha re bua le ba lelapa, basebetsi-’moho, Bakreste-’moho le rona kapa liofisiri tsa ’muso. Batho ba tšepahalang ha ba utsoetse ba bang kapa hona ho ba qhekella. (Bala Liproverbia 24:​28 le Baefese 4:​28.) Hape batho ba tšepahalang ba lefa makhetho ’ohle ao ba lokelang ho a lefa. (Baroma 13:​5-7) Ha re tšepahala linthong tsena le tse ling, re tla be re “itšoara ka botšepehi linthong tsohle.”​—Baheberu 13:18.

      3. Ho tšepahala ho ka re tsoela molemo joang?

      Batho ba bang ba tla re tšepa haeba ba tseba hore rea tšepahala. Hape re tla be re etsa hore batho ba bang ba ikutloe ba sireletsehile ba bile ba phutholohile ha ba le ka phuthehong. Re tla boela re be le matsoalo a khutsitseng. Ha re tšepahala, re “khabisa thuto ea Mopholosi oa rona, Molimo,” ebile le batho bao e seng Lipaki ba ka khahloa ke borapeli ba rona.​—Tite 2:10.

      ITHUTE LINTLHA TSE LING

      Bona kamoo ho tšepahala ho ka amang Jehova kateng le kamoo ho u amang kateng u be u ithute hore na u ka bontša botšepehi joang maemong a fapa-fapaneng.

      4. Jehova oa thaba ha re tšepahala

      Bala Pesaleme ea 44:​21 le Malakia 3:​16 ebe le buisana ka lipotso tsena:

      • Ke hobane’ng ha e le booatla ho nahana hore re ka pata ’nete?

      • U nahana hore Jehova o ikutloa joang ha re khetha ho bua ’nete leha ho le thata ho etsa joalo?

      Ntate o khumame o mametse ngoana ha a bua le eena. Terinki e qhalanetse pel’a tafole.

      Batsoali baa thaba ha bana ba bona ba bua ’nete. Jehova oa thaba ha re bua ’nete

      5. Tšepahala ka linako tsohle

      Batho ba bangata ba nahana hore ha ho khonehe ho bua ’nete kamehla. Leha ho le joalo, bona hore na ke hobane’ng ha re lokela ho lula re tšepahala. Bapala VIDEO.

      VIDEO: Ke’ng e ka Etsang Hore Motho a Thabe?​—Letsoalo le Hloekileng (2:32)

      Setšoantšo se hlahang videong ea ‘Ke’ng e ka Etsang Hore Motho a Thabe?​—Letsoalo le Hloekileng.’ Ka mor’a hore Matela a bolelle mong’a hae hore o entse phoso, ba tšoarana ka matsoho.

      Bala Baheberu 13:​18 ebe lea buisana hore na re ka bontša joang hore rea tšepahala . . .

      • ka lapeng.

      • ha re le mosebetsing kapa sekolong.

      • maemong a mang.

      6. Ho tšepahala ho re tsoela molemo

      Ho tšepahala ho ka ’na ha re bakela mathata. Empa ha nako e ntse e e-ea re ka hlokomela hore ho bua ’nete ho molemo kamehla. Bala Pesaleme ea 34:​12-​16 ebe le buisana ka potso ena:

      • Ho tšepahala ho ka u tsoela molemo joang?

      A. ’Mè le ntate baa qoqa ha ba ntse ba noa kofi. B. Motho ea lokisang likoloi o babatsoa ke mong’a hae. C. Ntate o fana ka lengolo la boitsebiso ho lepolesa.
      1. Banna le basali ba tšepahalang ba tiisa malapa a bona

      2. Basebetsi ba tšepahalang ba tšeptjoa ke bahiri ba bona

      3. Batho ba tšepahalang ba ba le botumo bo botle ho liofisiri tsa ’muso

      BATHO BA BANG BA RE: “Mashano a mang ha a na taba hobane a manyenyane.”

      • Ke hobane’ng ha u lumela hore Jehova o hloile leshano ho sa tsotellehe hore na le leholo kapa le lenyenyane?

      KAKARETSO

      Jehova o batla hore metsoalle ea hae e tšepahale e be e bue ’nete kamehla.

      Re Ithutile’ng?

      • Re ka bontša joang hore rea tšepahala?

      • Ke hobane’ng ha e le booatla ho nahana hore re ka pata ’nete?

      • Ke hobane’ng ha u batla ho lula u tšepahala?

      Seo U ka se Etsang

      BATLA

      Ke joang batsoali ba ka rutang bana ba bona hore ba tšepahale?

      Bua ’Nete (1:​44)

      Ke hobane’ng ha ho le molemo ho phethahatsa litšepiso tsa rona?

      Ha U Tšepahala U Tla Hlohonolofatsoa (9:​09)

      Bona hore na ke hobane’ng ha re lokela ho patala makhetho le haeba a sebelisoa hampe.

      “Na U Lokela ho Lefa Makhetho?” (Molula-Qhooa, September 1, 2011)

      Ke’ng e ileng ea susumeletsa motho ea neng a sa tšepahale hore a fetole tsela eo a etsang lintho ka eona?

      “Ke Ithutile Hore Jehova o Mohau Ebile oa Tšoarela” (Molula-Qhooa, May 1, 2015)

  • Khetha Metsoalle Hantle
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • 2. Jehova o tla ikutloa joang ka metsoalle eo u e khethang?

      Jehova o khetha metsoalle hantle. “O na le kamano e haufi-ufi le ba lokileng.” (Liproverbia 3:​32) Jehova o tla ikutloa joang haeba re khetha batho ba sa mo rateng hore e be metsoalle ea rona? O tla utloa bohloko haholo. (Bala Jakobo 4:4.) Empa Jehova o tla thaba a be a re nke re le metsoalle ea hae haeba re qoba ho tloaelana le batho ba fosahetseng, re mo rata ebile re rata batho ba mo ratang.​—Pesaleme ea 15:​1-4.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela