Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 9/1 leq. 32
  • Lebone la ho U Tataisa Tseleng ea Bophelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebone la ho U Tataisa Tseleng ea Bophelo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 9/1 leq. 32

Lebone la ho U Tataisa Tseleng ea Bophelo

“OHO! Jehova, kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Jeremia 10:23) Ka mantsoe ana moprofeta Jeremia o ile a bontša hore motho a ke ke a atleha ho itsamaisa tseleng ea bophelo ntle le thuso. Thuso e joalo e ka fumaneha hokae? Mopesaleme oa arabela thapelong ea hae ho Jehova Molimo: “Lentsoe la hao ke lebone la maoto a ka, ke leseli tseleng ea ka.”—Pesaleme ea 119:105.

Ba qalang ho ithuta Lentsoe la Molimo, Bibele e Halalelang, ’me ba sebelisa seo le se bolelang ba tla tšoana le motho ea qalang leeto la hae ka meso. Qalong, a ke ke a bona ka ho hlaka ka lebaka la lefifi. Empa ha letsatsi le qala ho chaba, o bona ka ho eketsehileng. Qetellong, letsatsi le ba hloohong tsa mengala. O bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka ho hlaka. Papiso e joalo e re hopotsa maele a Bibele: “Tsela ea ba lokileng e joalo ka leseli le khanyang, le ntseng le eketsa ho khanya ho fihlela motšehare o moholo o phethehileng.”—Liproverbia 4:18.

Ho thoe’ng ka ba hanang tataiso ea Molimo? Bibele e re: “Tsela ea ba khopo e ka fifi le letšo, ha ba tsebe se ba khothometsang.” (Liproverbia 4:19, BPN) E, ba khopo ba tšoana le monna ea khoptjoang lefifing. Esita le moo ho bonahalang eka baa atleha, empa feela e le ka nakoana, kaha “ha ho bohlale, ha ho kelello, ha ho le morero o ka loantšang Jehova.”—Liproverbia 21:30.

Ka hona, latela tataiso ea Lentsoe la Molimo, Bibele. Ha u etsa joalo, u tla fumana mantsoe a Liproverbia 3:5, 6 e le ’nete ha a re: “U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle, u se ke ua itšepa hlalefo ea hao. U mo kenye mererong ea hao eohle, ’me o tla u tsamaisa litseleng tsohle tsa hao.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela