Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 6/8 leq. 13
  • E-ea ho Bohloa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E-ea ho Bohloa
  • Tsoha!—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likokoanyana Tsa Lero le Monate Limomonyane Tsa Lehoatateng
    Tsoha!—2011
  • Lebotho le Machang!
    Tsoha!—2003
  • Likokoanyana li Tsamaea Joang ka Tsela e Hlophisehileng?
    Na e Entsoe?
  • Likokoanyana Tseo e Leng Litsebi Tsa ho Lahla Litšila
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 6/8 leq. 13

E-ea ho Bohloa

“E-EA ho bohloa, u qamake mekhoa ea bona, u tle u hlalefe,” ho ngotse Morena Salomone. Ke eng seo sekhoba—kapa motho leha e le ofe—a ka ithutang sona ho bohloa? Salomone o tsoela pele: “Ha bo na molisa, leha e le mohlahlobi, kapa morena; leha ho le joalo, bo itokisetsa bohobe ba bona lehlabula, bo ipokellela lijo ha ho kotuloa.”—Liproverbia 6:6-8.

Ka ho hlakileng morena ea bohlale o ne a bua ka bohloa ba mosebeletsi. Iseraeleng, joaloka libakeng tse ngata, e ne e le ntho e tloaelehileng ho bona bohloa ba mosebeletsi bo nyolosa bo theosa bo nkile peō eo e batlang e lekana le bona. (Bona ka holimo ka letsohong le letšehali.) Bo isa lijo tse bokelletsoeng polokelong e ka tlas’a mobu.

Ka hobane “moliko” ona o ka tlas’a mobu, o ba mongobo ha pula ena, peō e tla mela kapa e be le hlobo ha e sa etsuoe letho. Kahoo bohloa bo na le mosebetsi o eketsehileng. Hang ha letsatsi le chaba, bohloa ba basebeletsi bo ntšetsa peō eo ka ntle hore e ome. (Bona ka holimo.) Pele letsatsi le likela, bohloa bo lokela ho khutlisetsa peō ka hare. Bohloa bo bong bo bohlale ho khaola lintlha tsa peō tse melang hang ha peō e bokelloa kapa hang ha e qala ho mela.

Mosebetsi oa bohloa ha o felle feela ka ho lokisetsa lijo. Bo boetse bo na le mosebetsi oa ho hlokomela malinyane. Mahe a lokela ho behoa ka mokhoa o teteaneng. Liboko tse tsoang maheng a qhotsitsoeng li lokela ho feptjoa. Mekone e lokela ho hlokomeloa. Bohloa bo bong bo nehelana ka tšebeletso ea moea o pholileng. Ha ho chesa haholo motšehare, bo nkela mekone hare-hare serobeng sa bona. Ha ho batla ho pholile, bo khutlisa mekone. Ke mosebetsi o mongata, na ha ho joalo?

Ha bohloa bo ntse bo eketseha, ho tlameha ho hahuoa likamore tse ncha. Bohloa ba basebeletsi bo sebelisa melomo ea bona ho cheka mobu le ho o thota. Hangata bo etsa joalo ka mor’a hore pula e ne ha mobu o le bonolo. Hape bo etsa “litene” ka mobu bakeng sa mosebetsi oa bona oa kaho—ho haha mabota le siling ea litselana tsa bona tse ka tlase.

Bohloa bo etsa sena sohle ka ntle ho “molisa, mohlahlobi kapa morena.” Ho thoe’ng ka mofumahali? Ha a fane ka litaelo. O behela mahe feela ’me ke mofumahali ka kutloisiso ea hore ke eena ’mè oa sehlopha sena sa bohloa. (Bona ka holimo.) Esita leha bo hloka mohlahlobi ea bo hlahlobang, kapa moetapele ea bo tsamaisang, bo sebetsa bo sa khathale mosebetsing oa bona. Bohloa bo bong bo ile ba bonoa bo sebetsa ho tloha ka hora ea botšelela hoseng ho fihlela ka hora ea leshome bosiu!

Na ho na le thuto eo u ka ithutang ho eona ka ho talima bohloa? Na u sebetsa ka thata le ho leka ho ntlafatsa mosebetsi oa hao ebang u behiloe leihlo kapa che? (Liproverbia 22:29) Ha nako e ntse e tsamaea u tla putsoa esita le haeba mong’a hao a sa hlokomele. U ka thabela letsoalo le hloekileng le khotsofalo ea botho. Ho joalokaha Salomone a hlokometse: “Boroko ba motho ea sebe-tsang bo monate, leha a e-ja haholo leha a e-ja hanyenyane.”—Moeklesia 5:12.

Seo ha se sona feela seo re ka ithutang sona ho bohloa. Bohloa bo sebetsa ka thata ka bohlale ba tlhaho. Ha e le hantle, bohloa bo bong bo ile ba bonoa bo tsamaea mehlaleng ea bo bong. Bo qetella bo entse selika-likoe, bo pota-pota ho fihlela bo shoa.

Na ka linako tse ling u iphumana u suha lerapo la puleng, u lula u tšoarehile ka mehla ebile u khathetse empa ho se moo u eang? Haeba ho joalo, ena ke nako ea ho hlahloba morero oa mosebetsi oa hao ’me u lekanyetse bohlokoa ba sebele ba lipakane tsa hao. Hopola keletso e bohlale ea Morena Salomone: “Tšaba Molimo, u boloke litaelo tsa oona, hobane, ke eona tšoanelo ea motho.”—Moeklesia 12:13.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela