Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 8/1 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ho Thaba Motho ea Fumaneng Bohlale”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • “Matlotlo ’Ohle a Bohlale”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
  • Bohlale ba Molimo bo ke Keng ba Lekanngoa
    Atamela ho Jehova
  • Bohlale ba ’Nete bo Ntse bo Hoeletsa Haholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 8/1 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Re tseba joang hore tlhaloso e ho Liproverbia 8:22-31 e buang ka bohlale e lebisitsoe ho Jesu Kreste pele e e-ba motho oa nama?

Tlhaloso e bululetsoeng e buang ka bohlale e fumanoang bukeng ea Liproverbia e baleha tjena: “Jehova o ile a ntlhahisa ke le tšimoloho ea tsela ea hae, ke le oa pele-pele linthong tsa khale tseo a li finyeletseng. . . . Pele lithaba li thehoa, pele ho maralla, ke ile ka hlahisoa joalokaha eka ke ka bohloko ba pelehi . . . Ha a lokisetsa maholimo ke ne ke le teng; . . . joale ke ile ka ba mabapa le eena ke le mosebetsi ea hloahloa, ’me ka ba eo a neng a mo rata ka ho khethehileng letsatsi le letsatsi, ke ntse ke nyakaletse ka pel’a hae ka nako eohle, . . . lintho tseo ke neng ke li rata li ne li le ho bara ba batho.”

Lengolo lena ha le bue feela ka bohlale ba Molimo kapa bohlale bo inahaneloang. Hobane’ng? Hobane bohlale bo hlalosoang mona bo ile ba ‘hlahisoa,’ kapa ba bōptjoa, e le tšimoloho ea tsela ea Jehova. Jehova Molimo haesale a le teng ’me haesale a le bohlale. (Pesaleme ea 90:1, 2) Bohlale ba hae ha bo na qalo; ha boa ka ba bōptjoa kapa hona ho hlahisoa. Ha boa ka ba “hlahisoa joalokaha eka ke ka bohloko ba pelehi.” Ho feta moo, ho bontšoa hore bohlale bona boa bua ebile bo etsa ketso e itseng, kahoo bo emela motho.—Liproverbia 8:1.

Buka ea Liproverbia e re khale-khale bohlale bo ile ba ba mabapa le Jehova, ’Mōpi, bo le joaloka “mosebetsi ea hloahloa.” Ka sebele mantsoe ana a lebisitsoe ho Jesu. Nako e telele pele Jesu a tla lefatšeng, o ile a sebetsa haufi-ufi le Jehova hoo Lentsoe la Molimo le reng: “O ka pele ho lintho tse ling tsohle ’me ka eena lintho tse ling tsohle li ile tsa etsoa hore li be teng.”—Bakolose 1:17; Tšenolo 3:14.

Ho loketse hore ho buuoe ka Mora oa Molimo e le bohlale, kaha ke Eena ea ileng a senola merero le melao-taelo ea Jehova e bohlale. Pele Jesu e e-ba motho oa nama, e ne e le Lentsoe la Molimo, kapa ’Muelli. (Johanne 1:1) O hlalosoa e le “matla a Molimo le bohlale ba Molimo.” (1 Bakorinthe 1:24, 30) Sena se hlalosa Mora oa Molimo hantle hakaakang, eo ho rata ha hae batho ho ileng ha mo susumelletsa hore a nehelane ka bophelo ba hae e le thekollo molemong oa bona!—Johanne 3:16.

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

‘Ke ile ka hlahisoa pele lithaba li thehoa’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela