Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Jehova ka Boeena o Fana ka Bohlale”
    Molula-Qhooa—1999 | November 15
    • Ka mantsoe a lerato a ntate, Morena Solomone ea bohlale oa Iseraele ea boholo-holo o re: “Mora oa ka, haeba u tla amohela lipolelo tsa ka ’me u ipolokele litaelo tsa ka, e le hore u ele hloko bohlale ka tsebe ea hao, hore u sekamisetse pelo ea hao temohong; ho feta moo, haeba u hoeletsa kutloisiso ’me u bitsa temoho, haeba u ntse u li batla joalokaha u batla silevera, ’me u ntse u li tsoma joalokaha u tsoma matlotlo a patiloeng, tabeng eo u tla utloisisa ho tšaba Jehova, ’me u tla fumana tsebo ea Molimo.”—Liproverbia 2:1-5, NW.

  • “Jehova ka Boeena o Fana ka Bohlale”
    Molula-Qhooa—1999 | November 15
    • Bohlale ke bokhoni ba ho sebelisa hantle tsebo eo Molimo a faneng ka eona. ’Me Bibele e fumantša bohlale ka mokhoa o babatsehang hakaakang! E, e na le mantsoe a bohlale, a kang a tlalehiloeng libukeng tsa Liproverbia le Moeklesia, ’me ho hlokahala hore re ele hloko mantsoe ana. Ho hong hoo re ho fumanang maqepheng a Bibele ke mehlala e mengata e bontšang melemo ea ho sebelisa melao-motheo ea bomolimo le maraba a ho e hlokomoloha. (Baroma 15:4; 1 Bakorinthe 10:11) Ka mohlala, nahana ka tlaleho ea meharo ea Gehazi, mohlanka oa moprofeta Elisha. (2 Marena 5:20-27) Na ha e re rute bohlale ba ho qoba meharo? Ho thoe’ng ka phello e mpe ea maeto a neng a bonahala a se kotsi a neng a nkoa ke Dina, morali oa Jakobo, “ho ea bona banana ba naha” ea Kanana? (Genese 34:1-31, NW) Na ha re bone habonolo booatla ba litloaelano tse mpe?—Liproverbia 13:20; 1 Bakorinthe 15:33.

      Ho ela hloko bohlale ho akarelletsa ho ba le temoho le kutloisiso. Ho latela Webster’s Revised Unabridged Dictionary, temoho ke “matla ao ka ’ona kelello e khethollang ntho e ’ngoe ho e ’ngoe.” Temoho ea bomolimo ke matla a ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng ebe ho khethoa tsela e nepahetseng. Ntle le hore re ‘sekamisetse lipelo tsa rōna’ temohong kapa re chesehele ho e fumana, ke joang re ka lulang ‘tseleng e isang bophelong’? (Matheu 7:14; bapisa le Deuteronoma 30:19, 20.) Ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho le sebelisa ho fana ka temoho.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela