Likotsi tsa Leruo le tsa Bofuma
NA BIBELE e nyatsa leruo ’me e khothaletsa bofuma? Batho ba bangata ba nahana joalo. Empa maele a mabeli a amanang a thusa ho hlakisa sena.
Liproverbia 10:15 ea bolela: “Menono ea morui ke qhobosheane ea hae, empa bomalimabe ba mafutsana ke ho fumaneha ha ’ona.” Joale temana ea 16 ea eketsa: “Ea lokileng o sebeletsa ho phela, empa ea sa lokang o ruela sebe.” Hlokomela kamoo litemana tse peli tsena li tlatsanang kateng.
Temana ea 15 e tiisa hore leruo le na le melemo ea lona, le bofuma bo na le mathata a bona. Leruo le ka ’na la sireletsa motho lipelaelong tse ling tsa bophelo. Leha ho le joalo, motho ea fumanehileng a ka ’na a ba le mathata a eketsehileng kahobane a sa khone ho thulana le liketsahalo tse sa lebelloang ka lichelete. Mona Bibele e bua ’nete.—Moeklesia 7:12.
Leha ho le joalo, temana ea 15 e ka boetse ea utloisisoa e le temoso ka kotsi e amanang le leruo kapa bofuma. Hangata morui o bea tšepo ea hae kaofela cheleteng ea hae; o e talima e le tšireletso eohle eo a e hlokang. (Liproverbia 18:11) Empa, maruo a ke ke a mo thusa ho fumana botumo bo botle pel’a Molimo kapa a mo fa tiiso ea thabo e tšoarellang. Ha e le hantle, maruo a ka etsa hore hoo ho be thata le ho feta. Setšoantšo sa Jesu sa monna ea ileng a haha meliko e meholoanyane empa a sa ruela ho Molimo se senola sena. (Luka 12:16-21; 18:24, 25) Ka lehlakoreng le leng, batho ba bangata ba futsanehileng ka phoso ba ba le maikutlo a hore bofuma ba bona bo etsa hore bokamoso ba bona e be bo se nang tšepo.
Hlokomela kamoo temana ea 16 e akaretsang taba kateng. Ho sa tsotellehe hore na motho ea lokileng o na le chelete e ngata kapa e nyenyane, mosebetsi oa hae o ka mo tlisetsa nyakallo. Ha a lumelle hore phaello ea chelete e tsoang mosebetsing oa hae e kena-kenane le boemo ba hae bo botle pel’a Molimo. Ho e-na le hoo, boiteko ba motho ea lokileng bophelong, ho ekelletsa thabong ea hona joale, bo mo tlisetsa tiiso ea bophelo bo sa feleng kamoso. (Jobo 42:10-13) Leha ho le joalo, ea khopo ha a fumane molemo esita leha a ka fumana chelete e ngata. Ho e-na le ho ananela bohlokoa ba chelete ba ho sireletsa le ho phela tumellanong le thato ea Molimo, o sebelisa maruo a hae ho ntšetsa pele bophelo ba sebe.