Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Thabela Thuto ea Botho ea Lentsoe la Molimo
    Molula-Qhooa—2002 | December 1
    • 9 Ha a tsoela pele o re: ‘Haeba u ntse u batla [kutloisiso] joaloka silevera, ’me u ntse u e batlisisa joaloka matlotlo a patiloeng, . . . ’ (Liproverbia 2:4) Sena se etsa hore re nahane ka lintho tse etsoang ke banna ba merafo bao ka makholo a lilemo ba ’nileng ba batla seo ho thoeng ke majoe a bohlokoa, e leng silevera le khauta. Batho ba ’nile ba bolaeana ba batla khauta. Ba bang ba qetile bophelo bohle ba bona ba ntse ba leka ho e batla. Leha ho le joalo, khauta ke ea bohlokoa ka eng? Haeba u ne u lahlehile lehoatateng ’me u shoele ke lenyora, u ne u tla khetha’ng: setene sa khauta kapa lebekere la metsi? Ho sa tsotellehe sena, batho ba ’nile ba batla khauta ka cheseho e kaakang le hoja boleng ba eona bo lekanngoa ke batho bo bile bo feto-fetoha!a Rōna re lokela ho batla bohlale, temoho le kutloisiso ea Molimo le thato ea hae ka cheseho e khōloanyane. Ebe melemo ea ho batla lintho tsee ke efe?—Pesaleme ea 19:7-10; Liproverbia 3:13-18.

  • Thabela Thuto ea Botho ea Lentsoe la Molimo
    Molula-Qhooa—2002 | December 1
    • a Ho tloha ka 1979 boleng ba khauta bo ’nile ba feto-fetoha lipakeng tsa theko e phahameng ea $850,00 ligrama tse 31 ka 1980 le theko e tlaase ea $252,80 ligrama tse 31 ka 1999.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela