-
Rata ba Ratoang ke Molimo“Le Ipoloke Leratong la Molimo”
-
-
2 Bibele e hlalosa ’nete e ke keng ea latoloa ha e re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.” (Liproverbia 13:20) Maele ana ha a bue ka batho ba mpang ba tsebana feela tjee. Poleloana e reng ‘tsamaea le’ e hlalosa batho bao e leng mathe le leleme.a Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe a Bibele e hlalosa temana ena tjena: “Ho tsamaea le motho ho akarelletsa ho mo rata le ho mo khomarela.” Na hase ’nete hore re rata ho etsisa batho bao re ba ratang? Ka sebele, kaha maikutlo a rōna a khomarela batho bao re ba ratang, ba ka re susumetsa ka matla—ka tsela e molemo kapa e mpe.
-
-
Rata ba Ratoang ke Molimo“Le Ipoloke Leratong la Molimo”
-
-
a Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le ho ‘ba le litšebelisano’ le boetse le fetoleloa e le ho ‘tloaelana’ le ho “ba le setsoalle.”—Baahloli 14:20; Liproverbia 22:24.
-